Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

“Le tshwanetse hore ebe le mesuwe.” (Heb. 5:12) A ko nahane feela, Jehova e leng Mosuwe eo ho seng motho ya ka bapiswang le yena lehodimong le lefatsheng, o re mema hore re rute batho ba bang ka yena! Mosebetsi wa ho ruta nnete ka Jehova ka lapeng, ka phuthehong le tshimong, ke wa bohlokwa le o boima ka ho fetisisa. Keng e ka re thusang ho o etsa?

Re fumana karabo mantsweng ao moapostola Pauluse a ileng a a bua ha a ngolla Timothea, a re: “O tswelepele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.” Pauluse o ile a boela a tswelapele hore: “Ka ho etsa sena o tla ipholosa mme o pholose le ba o mamelang.” (1 Tim. 4:13, 16) Re lokela ho bolella batho ditaba tsena tse pholosang bophelo. Ka hoo ke ha bohlokwa hore re leke ka hohle ho ntlafatsa tsela ya rona ya ho bala le ho ruta. Bukana ena e etseditswe ho o thusa ho etsa seo. A re shebeng tse ding tsa dintho tse fumanehang ho yona.

Lengolo le hlahang leqepheng le leng le le leng, ke molaomotheo o tsamaisanang le ntlha eo o sebeletsang ho yona kapa mohlala o bontshang hore na ntlha eo e sebedisitswe jwang

Jehova ke “Morupedi . . .E Moholo.” (Esa. 30:20) Ha bukana ena e ntse e o thusa ho matlafatsa bokgoni ba hao ba ho bala le ho ruta, o se ke wa lebala hore Jehova ke yena monga molaetsa oo re fanang ka ona le hore o hulela batho ho yena. (Joh. 6:44) Ka hoo, dula o kopa moya o halalelang le ho sebedisa Lentswe la hae kamehla. Isa thoriso ho Jehova eseng ho wena. Leka ka matla ho etsa hore bamamedi ba hao ba rate Jehova ho tswa pelong.

O fuwe monyetla wa ho ruta batho molaetsa wa bohlokwa ka ho fetisisa. Re kgodisehile hore ha o ntse o tswelapele ho tshepa “matla ao Modimo a fanang ka ona” o tla atleha. —1 Pet. 4:11.

Mesuwemmoho le lona,

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova