Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 3

Ho Botsa Lipotso

Ho Botsa Lipotso

Matheu 16:13-16

NTLHA-KHOLO: Botsa lipotso ka tsela e hlomphang empa e le e etsang hore batho ba batle ho tseba likarabo ba be ba nahane. Botsa lipotso ha u batla ho hatisa lintlha tsa sehlooho.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Thusa batho hore ba batle ho tseba likarabo. Botsa lipotso tse sa hlokeng likarabo empa e le tse etsang hore motho a nahane ka ho teba a be a labalabele ho fumana likarabo.

  • Botsa lipotso tse thusang bamameli ho nahana. Thusa bamameli ba hao ho utloisisa taba eo u buang ka eona ka ho ba botsa lipotso tse tla ba thusa hore ba fumane likarabo tse nepahetseng.

  • Hatisa lintlha tsa sehlooho. Ha u tl’o bua ka ntlha ea sehlooho botsa potso e fatang maikutlo. Ha u qeta ho bua ka ntlha ea sehlooho kapa ha u qetella puo ea hao, botsa lipotso tse tla hlakisa lintlha tsa sehlooho tseo u neng u bua ka tsona.