Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 4

Kenyeletsa Mangolo Hantle

Kenyeletsa Mangolo Hantle

Matheu 22:41-45

NTLHA-KHOLO: Pele u bala lengolo, etsa hore bamameli ba tsebe hore na lengolo leo le tl’o bua ka’ng.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Utloisisa hore na ke hobane’ng ha u bala lengolo leo. Sebelisa lengolo ka leng ka tsela e tla thusa bamameli ba hao ho utloisisa ntlha ea sehlooho e temaneng eo.

  • Bolela hore taba tseo u li buang li tsoa Bibeleng. Ha u bua le batho ba lumelang hore Molimo o teng, hatisa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Sena se tla ba thusa hore ba bone hore ke eona eo re lokelang ho e tšepa.

  • Etsa hore bamameli ba utloe ba batla ho bala lengolo. Botsa potso e tla arajoa ke lengolo, bua ka bothata bo ka rarolloang ke lengolo kapa u bue ka taba e tla hlakisoa ke lengolo.