Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 5

Ho Bala Hantle

Ho Bala Hantle

1 Timothea 4:13

NTLHA-KHOLO: Bala se ngotsoeng hantle ebile e le ka lentsoe le utloahalang.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Lokisetsa hantle. Fumana hore na taba eo u e balang e ngotsoe ka mabaka afe. Itloaetse ho bala mantsoe ka lihlopha eseng ka ho peleta. Hlokomela hore u se ke oa koenya mantsoe, u se ke oa tlola a mang, kapa oa ikenyetsa mantsoe a hao. Hlompha matšoao a puo.

  • Bitsa lentsoe le leng le le leng hantle. Haeba u sa tsebe hore na lentsoe le bitsoa joang, botsa motho ea tsebang ho bala hantle, kapa u mamele hore na le bitsoa joang haeba sengoliloeng seo se rekotiloe.

  • Bua ka ho hlaka. Bitsa mantsoe hantle. U se ke oa inama ha u bala hape u se ke oa tiisa meno. Etsa boiteko ba hore ho utloahale hore na u re’ng ha u bala.