Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 6

Hlakisa Mangolo

Hlakisa Mangolo

Johanne 10:33-36

KAKARETSO: O se ke wa bala lengolo feela ebe o fetela ntlheng e latelang. Etsa bonnete ba hore bamamedi ba hao ba a bona hore na lengolo leo o qetang ho le bala le amana jwang le ntlha eo o buang ka yona.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Kgetha dintlha tsa bohlokwa. Ka mora ho bala lengolo, tshwaya mantswe a buang ka ho toba ka ntlha eo o buang ka yona. O ka etsa sena ka hore o phete mantswe ao kapa o botse potso e tla etsa hore bamamedi ba bone ntlha ya bohlokwa.

  • Hatisa ntlha ya bohlokwa. Haeba o hlaloseditse bamamedi ba hao hore na ke hobaneng ha o tlo bala lengolo leo, hlalosa hore na dintlha tsa lona di amana jwang le taba eo o buang ka yona.

  • Toba taba. O se ke wa bua ka dintho tse sa amaneng le ntlha eo o buang ka yona. Tumellanong le seo bamamedi ba hao ba seng ba ntse ba se tseba ka sehlooho le ntlha eo o buang ka yona, kgetha hore na ke ntlha efe ya bohlokwa eo o batlang hore ba e utlwisise haholwanyana.