Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 11

Cheseha

Cheseha

Baroma 12:11

NTLHA-KHOLO: Hapa thahasello ea bamameli ka ho cheseha ha u bua.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Seo u buang ka sona se lokela ho ama pelo ea hao. Ha u ntse u lokisetsa puo nahana ka bohlokoa ba molaetsa oo u batlang ho o fetisa. Tseba taba eo u tl’o bua ka eona hoo u ka khonang ho e bua u sa e bale.

  • Nahana ka bamameli ba hao. Iphe nako ea ho nahana ka hore na seo u tl’o se bala le seo u tl’o se ruta se tla thusa bamameli ba hao joang. Batla mekhoa eo u ka behang taba ka eona e tla etsa hore seo u se buang se tebele lipelong tsa bamameli ba hao.

  • Phelisa puo ea hao. Cheseha ha u bua. Lintho tseo u li etsang le tsela eo u bonahalang ka eona sefahlehong li lokela ho bontša batho hore na u ikutloa joang ka seo u se buang.