Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 15

Ho Bua ka Kholiseho

Ho Bua ka Kholiseho

1 Bathesalonika 1:5

NTLHA-KHOLO: Bontša hore u kholisehile hore seo u se buang ke ’nete le hore ke sa bohlokoa.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Lokisetsa hantle. Bala taba ho fihlela u utloisisa hore na Mangolo a e tšehetsa joang. Leka ho ba mokhutšoanyane u be u tobe taba ha u buella lintlha tsa sehlooho. Ameha kamoo lintlha tseo li tla tsoela bamameli molemo kateng. Rapella moea o halalelang.

  • Bua ka kholiseho. Ho e-na le ho bala se ngotsoeng fatše, bua taba ka mantsoe a hao. Bua ka tsela e bontšang hore u kholisehile ka seo u buang ka sona.

  • Bua ho tsoa pelong. Etsa hore molumo oa lentsoe la hao e be o lekaneng bamameli ba hao. Haeba ho loketse, sheba bamameli ha u ntse u bua.