Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 18

Puo e Rutang

Puo e Rutang

1 Bakorinthe 9:19-23

KAKARETSO: Etsa hore bamamedi ba hao ba nahane ka taba eo o buang ka yona le hore ba ithute dintlha tsa bohlokwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Nahana ka seo bamamedi ba hao ba seng ba ntse ba se tseba. Ho ena le hore o phete dintho tseo ba seng ba ntse ba di tseba, ba thuse hore ba shebe sehlooho sa hao ka tsela e fapaneng.

  • Etsa dipatlisiso o be o nahanisise ka tsona. Ha ho kgoneha, ba bolelle dintlha tseo ba sa di tsebeng kapa tseo ba so kang ba nahana ka tsona, ho ba thusa ho utlwisisa taba eo o buang ka yona. Nahana ka ho teba hore na taba eo o batlang ho bua ka yona e amana jwang le dintlha tseo o batlang ho e tshehetsa ka tsona.

  • Bontsha bohlokwa ba puo ya hao. Ba hlalosetse hore na Bibele e ka ba thusa jwang bophelong ba bona. Bua ka dintho tse tobileng, mekgwa le diketso tseo bamamedi ba hao ba di tsebang.