Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 19

Finyella Lipelo Tsa Bamameli

Finyella Lipelo Tsa Bamameli

Liproverbia 3:1

NTLHA-KHOLO: Thusa bamameli hore ba bone bohlokoa ba taba eo u buang ka eona ’me ba sebelise seo ba ithutileng sona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Thusa bamameli hore ba itlhahlobe. Botsa lipotso tse sa hlokeng likarabo empa e le tse tla thusa bamameli ho itlhahloba.

  • Ba thuse ho ba le sepheo se nepahetseng. Khothalletsa bamameli ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha ba sebeletsa Jehova. Ba thuse hore ba batle ho sebeletsa Jehova hobane ba mo rata, ba rata batho ba bang, hape ba rata seo Bibele e se rutang. Bolella bamameli mabaka a utloahalang ho e-na le ho ba laela hore na ba etse’ng. Ho fapana le ho etsa hore bamameli ba ikutloe ba le basesaane, ba siee ba khothetse ba bile ba labalabela ho sebelisa seo ba ithutileng sona.

  • Ba hlokomelise hore ke Jehova ea ba rutang. Bontša hore ho ithuta Bibele ho ka ba thusa ho tseba Molimo le hore melao ea hae e bontša hore oa re rata. Etsa hore bamameli ba elelloe hore Jehova oa thaba ha ba etsa lintho tse mo thabisang.