Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 19

Leka ho Ama Dipelo

Leka ho Ama Dipelo

Liproverbia 3:1

KAKARETSO: Thusa bamamedi ba hao hore ba utlwisise bohlokwa ba puo ya hao le hore ba sebedise seo ba ithutileng sona.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Thusa bamamedi ba hao hore ba itlhahlobe. Ba botse dipotso tse tla etsa hore ba bone hore na ba lokela ho ntlafatsa kapa ho lokisa ho kae.

  • Tshepa bamamedi ba hao. Ba kgothalletse hore ba ipotse hore na ke hobaneng ha ba etsa dintho tse ntle. Ba thuse hore ba etse dintho ho tswa pelong ka hore ba rate Jehova, batho ba bang le seo Bibele e se rutang. Ba thuse hore ba bone seo Bibele e se rutang eseng o ba laele. E le hore bamamedi ba hao ba ntlafatse, qetellong ya puo ya hao ba kgothatse ho ena le hore o ba siye ba swabile kapa ba ikutlwa ba le molato.

  • Bua ka Jehova. Hlalosa hore na ke jwang seo Bibele e se rutang, melaomotheo le melao, di bontshang makgabane a Modimo le hore o a re rata. Etsa hore bamamedi ba hao ba batle ho thabisa Jehova le hore ba se ke ba mo utlwisa bohloko.