Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boitsebiso ho ba Tlileng Kopanong

Boitsebiso ho ba Tlileng Kopanong

BAHLOKOMELI Mosebetsi oa bahlokomeli ke ho u thusa. Ka kopo sebelisanang le bona hantle, le ba mamele tabeng ea ho beheletsa litulo, ha ba le tataisa hore na le pake likoloi joang, ha ba laola sephethephethe le tse ling.

KOLOBETSO Litulo tse boloketsoeng ba eang kolobetsong li tla ba ka pel’a sethala ntle le haeba ho ka ba le liphetoho. Ba eang kolobetsong ba lokela ho lula sebakeng seo ba se lokiselitsoeng pele puo ea kolobetso e qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong o lokela ho tla le thaole le liaparo tse hlomphehang tseo a tla kena metsing ka tsona.

MENEHELO Ho lefiloe chelete e ngata haholo ho lokisetsa hore ho be le litulo tse lekaneng, tsamaiso ea molumo, thepa ea ho bapala livideo le litšebeletso tse ling tse ngata tse etsang hore re thabele kopano le hore re atamele haholoanyane ho Jehova. Monehelo oa hao oa boithatelo o thusa ho lefella litšenyehelo tsena esita le ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. E le ho u nolofalletsa lintho, mabokose a monehelo a ngotsoeng ka ho hlaka a fumaneha hohle sebakeng sena sa kopano. Menehelo eohle e ananeloa haholo. Sehlopha se Busang se lakatsa ho u leboha ka hore ebe u tšehetsa mesebetsi e amanang le ’Muso ka seatla se bulehileng.

FIRST AID Ka kopo hopola hore lefapha lena le fana ka thuso MAEMONG A TŠOHANYETSO FEELA.

LOST AND FOUND Lintho tsohle tse thotsoeng li lokela ho isoa Lefapheng la Lost and Found. Haeba u lahlehetsoe ke ntho leha e le efe, e-⁠ ea lefapheng lena ’me u shebe lintho tsa hao. Bana ba lahlehileng ba lokela ho isoa lefapheng lena. Leha ho le joalo, lefapha lena ha lea lokela ho nkoa e le la ho hlokomela bana. Ka kopo hlokomela bana ba hao ’me u lule u e-⁠na le bona.

LITULO Ka kopo nahanela ba bang. Hopola hore batho bao u tsamaeang le bona ka koloi kapa beng ka uena ba haufi kapa bao u ntseng u ithuta Bibele le bona, ke bona feela bao u ka ba behelang litulo. Re kopa hore u se ke ua beha letho litulong tse haufi le uena.

BAITHAOPI Haeba u lakatsa ho ithaopela ho thusa ka mosebetsi oa kopano, re kopa hore u itlalehe Lefapheng la Tšebeletso ea Boithaopo.

LIBOKA TSE KHETHEHILENG

SEKOLO SA BAEVANGELI BA ’MUSO Bo-pula-maliboho ba lilemo tse pakeng tsa 23 le 65 ba ka ratang ho eketsa tšebeletso ea bona, ba memeloa ho ba teng sebokeng se tla tšoaroa ka Sontaha thapama sa ba ratang ho etsa likopo tsa ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. Ho tla etsoa tsebiso ea hore na seboka sena se tla tšoareloa hokae le hore na se tla tšoaroa ka nako efe.

E hlophisitsoe ke Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova