Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 3

Na U ka Tšepa Bibele?

Na U ka Tšepa Bibele?

Bibele e fana ka litšepiso le likeletso tse ngata. Mohlomong u batla ho utloa hore na e ruta’ng, empa ka tsela e tšoanang u utloa ho le thata hore u e tšepe. Na u ka tšepa litšepiso le likeletso tse tsoang bukeng ea khale hakaale? Na u ka tšepa seo Bibele e se buang mabapi le hore na ke joang re ka thabelang bophelo hona joale le nakong e tlang? Batho ba limilione kajeno ba tšepa Bibele. Ha re bone hore na le uena u ka khona ho e tšepa.

1. Na lintho tse hlahang ka Bibeleng ke ’nete?

Bibele e re e na le “mantsoe a nepahetseng a ’nete.” (Moeklesia 12:​10) E bua ka liketsahalo tsa ’nete tse etsahalletseng batho ba sebele. (Bala Luka 1:3; 3:​1, 2.) Bo-rahistori le baepolli ba bangata, ba netefalitse hore matsatsi a bohlokoa, batho, libaka le liketsahalo tse hlahang ka Bibeleng li nepahetse.

2. Ke hobane’ng ha re ka re Bibele ha ea felloa ke nako?

Ka makhetlo a mangata Bibele e ile ea bolela lintho tse neng li e-s’o tsebahale nakong eo e neng e ngoloa. Ka mohlala, e bua ka litaba tse itseng tse amanang le saense. Lintho tseo e buang ka tsona e ne e le lintho tseo batho ba neng ba sa li kholoe nakong eo e neng e ngoloa. Empa bo-rasaense ba kajeno ba netefatsa hore seo Bibele e neng e se bua e ne e le ’nete. Lintho tse ka Bibeleng “li tšehelitsoe hantle ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—Pesaleme ea 111:8.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa seo Bibele e se buang ka bokamoso?

Bibele e na le boprofeta a bo bolelang “lintho tse e-s’o etsoe.” (Esaia 46:​10) E ile ea profeta ka lintho tse ngata nako e telele pele li ka etsahala ’me li ile tsa fela tsa etsahala ka tsela eo e neng e boletse hore li tla etsahala ka eona. E boetse e hlalositse maemo a lefatše a matsatsing ana ka litsela tse ngata. Khaolong ena, re tl’o hlahloba boprofeta bo bong ba Bibele. Tsela eo boprofeta bona bo nepahetseng ka eona ea hlolla.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Hlahloba hore na ke joang saense ea kajeno e lumellanang le Bibele ’me u batlisise ka boprofeta bo bong bo hlollang ba Bibele.

4. Saense e lumellana le Bibele

Mehleng ea khale, batho ba bangata ba ne ba lumela hore lefatše le lutse holim’a ntho e ’ngoe. Bapala VIDEO.

Hlokomela se ileng sa ngoloa bukeng ea Jobo lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bala Jobo 26:​7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha ho ne ho makatsa hore ebe ho thoe lefatše le leketlile holim’a lefeela?

Hoo e ka bang lilemo tse 200 tse fetileng batho ba ile ba qala ho utloisisa potoloho ea metsi. Empa hlokomela seo Bibele e ileng ea se tlaleha lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bala Jobo 36:​27, 28 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke’ng e u khahlang ka tlhaloso ee e bonolo ea potoloho ea metsi?

  • Na mangolo ana ao u qetang ho a bala a matlafatsa tšepo eo u nang le eona ka Bibele?

5. Bibele e ile ea bolela esale pele ka liketsahalo tsa Bohlokoa

Bala Esaia 44:​27–​45:​2 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke lintlha life tseo Bibele e ileng ea profeta ka tsona lilemo tse 200 pele Babylona e ka felisoa?

Histori ea netefatsa hore Morena oa Persia e leng Cyruse, le masole a hae ba ile ba hapa motse oa Babylona ka 539 pele ho mehla ea Kreste. Ba ile ba bulela metsi a noka e neng e sirelelitse motse hore a ee sebakeng se seng. Ba ile ba kena ka hare ho motse ba sebelisa liheke tse neng li siiloe li sa koaloa ’me ba ile ba hapa motse ntle le hore ba loane. Kajeno, lilemo tse ka bang 2 500 hamorao, Babylona e ntse e le sebaka se se nang baahi. Hlokomela seo Bibele e ileng ea se bolela esale pele.

Bala Esaia 13:​19, 20 ebe le buisana ka potso ena:

  • Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang?

Marako a motse oa Babylona naheng ea Iraq kajeno

6. Bibele e ile ea profeta esale pele ka lintho tseo re bonang li etsahala kajeno

Bibele ea re bolella hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Hlokomela hore na Bibele e ile ea re’ng mabapi le nako ena eo re phelang ho eona.

Bala Matheu 24:​6, 7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Bibele e ile ea hlalosa matsatsi a ho qetela joang?

Bala 2 Timothea 3:​1-5 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Bibele e ile ea hlalosa boitšoaro ba batho ba matsatsing a ho qetela joang?

  • Ke boitšoaro bofe boo u boneng batho ba na le bona?

BATHO BA BANG BA RE: “Bibele ke buka ea lipale le litšomo.”

  • Ho ea ka uena, ke’ng e u fang bopaki ba hore Bibele ke buka eo re ka e tšepang?

KAKARETSO

Histori, saense le boprofeta lia bontša hore re ka tšepa Bibele.

Re Ithutile’ng?

  • Na Bibele ke buka e buang ’nete?

  • Ke likarolong life moo saense e lumellanang le Bibele?

  • Na u nahana hore Bibele e bolela esale pele ka bokamoso? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Na ho na le moo Bibele e fositseng ha e bua ka saense?

Na Saense e Lumellana le Bibele?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute kamoo boprofeta ba Bibele bo mabapi le ’muso oa Bagerike bo ileng ba phethahala kateng.

Ho Matlafatsoa ke “Lentsoe la Boprofeta” (5:​22)

Hlokomela hore na boprofeta ba Bibele bo ile ba thusa ntate e mong joang hore a fetole maikutlo a hae ka Bibele.

“Ke ne ke sa Lumele Hore Molimo o Teng” (Molula-Qhooa, No. 5 2017)

a Boprofeta ke molaetsa o tsoang ho Molimo, molaetsa ona o bua ka liketsahalo tse tl’o etsahala nakong e tlang.