Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 4

Molimo ke Mang?

Molimo ke Mang?

Haesale ho tloha khale batho ba rapela melimo e mengata. Empa ka Bibeleng ho buuoa ka Molimo a le mong e “moholo ho feta melimo e meng kaofela.” (2 Likronike 2:5) Ebe ke mang? Hona ke’ng e etsang hore a be moholo ho feta melimo e meng kaofela eo batho ba e rapelang? Khaolong ena u tl’o ithuta hore Molimo eo o batla hore u mo tsebe.

1. Lebitso la Molimo ke mang, hona ke’ng e ka u kholisang hore o batla u le tsebe?

Ka Bibeleng Molimo o itsebahatsa ho rona. O re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Bala Esaia 42:​5, 8.) Lebitso “Jehova” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “O Etsa Hore ho be.” Jehova o batla hore re tsebe lebitso la hae. (Exoda 3:​15) Ebe re ka kholisoa ke’ng? Re ka kholisoa ke taba ea hore ka Bibeleng le hlaha ka makhetlo a fetang 7 000. a Jehova ke lebitso la “Molimo oa ’nete maholimong a holimo le lefatšeng tlaase.”​—Deuteronoma 4:39.

2. Bibele e re ruta’ng ka Jehova?

Ke hobane’ng ha Bibele e ruta hore har’a melimo eohle eo batho ba e rapelang, Jehova ke eena Molimo oa ’nete? Ho na le mabaka a ’maloa a seo. Jehova ke eena ea Matla ’Ohle, kahoo ke eena feela “ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Bala Pesaleme ea 83:​18.) Bibele e re ke “ea Matla ’Ohle” hobane o na le matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. O “bopile lintho tsohle” tse leholimong le tse mona lefatšeng. (Tšenolo 4:​8, 11) Hape, Jehova ke eena feela eo esale a le teng ’me ha ho mohla a tla shoa.​—Pesaleme ea 90:2.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute haholoanyane hore na phapang ke efe pakeng tsa mabitso ao Molimo a tsebahalang ka ’ona le lebitso leo e leng la hae. U ka boela oa batla hore na Molimo o entse eng e le hore u mo tsebe le hore na ke hobane’ng ha a u tsebisitse lebitso la hae.

3. Molimo o tsebahala ka mabitso a mangata empa lebitso la hae le leng feela

Bona phapang e teng pakeng tsa mabitso ao motho a tsebahalang ka ’ona le lebitso leo e leng la hae. Bapala VIDEO ebe le araba lipotso tse latelang.

  • Na ho na le phapang pakeng tsa lebitso le litlotla tse kang “Morena”?

Bibele e ruta hore batho ba rapela melimo e mengata le marena. Bala Pesaleme ea 136:​1-3 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho buuoa ka mang ha ho thoe “Molimo oa melimo” le “Morena oa marena”?

4. Jehova o batla hore u tsebe lebitso la hae, u be u le sebelise

U ka tseba joang hore Jehova o batla hore u tsebe lebitso la hae? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • U nahana hore ke hobane’ng ha Jehova a batla hore batho ba tsebe lebitso la hae?

Jehova o batla hore batho ba sebelise lebitso la hae. Bala Baroma 10:​13 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na ho bohlokoa hore u sebelise lebitso la Molimo, e leng Jehova?

  • U ikutloa joang ha motho e mong a hopola lebitso la hao, a bile a le sebelisa?

  • U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha u sebelisa lebitso la hae?

5. Jehova o batla hore u be motsoalle oa hae

’Mè e mong oa naheng ea Cambodia, eo lebitso la hae e leng Soten, o ile a re ho ithuta lebitso la Molimo e ile ea e-ba ntho “e mo thabisang ka ho fetisisa lefatšeng.” Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena.

  • Videong ee, ho ithuta lebitso la Molimo ho ile ha ama ’mè Soten joang?

Pele u ka ba motsoalle oa motho ea itseng, hangata ntho ea pele eo u ithutang eona ka eena ke lebitso la hae. Bala Jakobo 4:8a ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Jehova o u mema hore u etse’ng?

  • Ho tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa ho ka ’na ha u thusa joang hore u be motsoalle oa hae?

BATHO BA BANG BA RE: “Molimo o mong feela, kahoo ha ho tsotellehe hore na u mo bitsa mang.”

  • Na oa lumela hore Jehova ke lebitso la Molimo?

  • U ka hlalosa joang taba ea hore Molimo o batla hore re sebelise lebitso la hae?

KAKARETSO

Jehova ke lebitso la Molimo a le mong feela oa ’nete. O batla hore re tsebe lebitso la hae, re be re le sebelise e le hore re be metsoalle ea hae.

Re Ithutile’ng?

  • Ke’ng e etsang hore Jehova a fapane hole le melimo e meng eo batho ba e rapelang?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa lebitso la Molimo?

  • Ke’ng e bontšang hore Jehova o batla hore u be motsoalle oa hae?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Hlahloba mabaka a mahlano a re kholisang hore Molimo o teng.

“Na Molimo o Teng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobane’ng ha ho lumela hore haesale Molimo a le teng e le ntho e utloahalang.

“Molimo o Bopiloe ke Mang?” (Molula-Qhooa, August 1, 2014)

Ithute hore na ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa lebitso la Molimo, esita le haeba re sa tsebe hore na khale koana le ne le bitsoa joang.

“Jehova ke Mang?” (Sehlooho se websaeteng)

Na tsela eo re bitsang Molimo ka eona ke ea bohlokoa? Bala hore na ke hobane’ng ha re re o na le lebitso le le leng feela.

“Molimo o na le Mabitso a Makae?” (Sehlooho se websaeteng)

a Hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le hore na lebitso la Molimo le bolela’ng le hore na ke hobane’ng ha liphetolelong tse ling tsa Bibele le ntšitsoe, u ka bala bukana ea Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo.