Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 5

Bibele e na le Molaetsa oo Modimo a re Ngolletseng Wona

Bibele e na le Molaetsa oo Modimo a re Ngolletseng Wona

Jehova o file batho mpho e babatsehang, eleng buka e kopantseng dibuka tse 66 ha mmoho, e bitswang Bibele. Empa o ka nna wa ipotsa: ‘Ho tlile jwang hore Bibele e be teng? Ha e le hantle Bibele e ngotswe ke mang?’ E le hore re tle re arabe dipotso tsena, a re ke re bue ka hore na molaetsa wa Modimo o ka Bibeleng o fihlile ho batho jwang.

1. Haeba Bibele e ngotswe ke batho, jwale ke hobaneng ha re re e tswa ho Modimo?

Bibele e ngotswe ke bangodi ba ka bang 40. Buka ya pele e ngotswe dilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, ha ya ho qetela yona e ngotswe dilemo tse ka bang 1 900 tse fetileng. Le hoja bangodi ba yona e ne e le batho ba sa tshwaneng empa dintho tseo ba di ngotseng di a dumellana. Ho tlile jwang? Ke hobane ha e le hantle Bibele ke molaetsa wa Modimo. (Bala 1 Bathesalonika 2:13.) Bangodi bao ba ne ba sa ngole maikutlo a bona. Empa “ba ile ba bua ho tswa ho Modimo ha ba ntse ba kgannwa ke moya o halalelang.” a (2 Petrose 1:21) Modimo o ile a sebedisa moya wa hae o halalelang ho budulela kapa ho susumetsa bangodi bao hore ba ngole molaetsa wa hae.​—2 Timothea 3:16.

2. Na Bibele e ngolletswe batho bohle?

Molaetsa o ka Bibeleng o ngolletswe “setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Bala Tšenolo 14:6.) Modimo o ile a etsa bonnete ba hore Bibele e fumaneha ka dipuo tse ngata ho feta buka le ha e le efe e nngwe lefatsheng. Hoo e ka bang motho e mong le e mong a ka fumana molaetsa ona wa Modimo. Sena ke nnete ho sa tsotellehe hore na motho o phela kae kapa o bua puo efe.

3. Jehova o ile a sireletsa Bibele jwang?

Bibele e ne e ngollwa hodima dintho tse neng di senyeha kapele, jwalo ka matlalo a diphoofolo le dipampiri tse entsweng ka jwang ba lodi. Empa banna ba neng ba rata Bibele ba ile ba e kopitsa ka hloko ka letsoho, e le hore ho be le dikopi tse ngata. Le hoja babusi ba bang le baetapele ba bodumedi ba ile ba leka ho fedisa Bibele, ho na le batho ba neng ba ikemiseditse ho beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba e sireletse. Jehova ha a ka a dumella mang kapa mang hore a mo thibele ho buisana le rona. Bibele e re: “Lentswe la Modimo wa rona, le tla tshwarella ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​—Esaia 40:8.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na Modimo o ile a susumetsa batho jwang hore ba ngole Bibele, a e sireletse jwang le hore na o ile a etsang hore batho bohle ba e fumane.

4. Bibele e re bolella Mongodi wa yona

Bapala VIDEO ebe o bala 2 Timothea 3:16. Ka mora moo le buisane ka dipotso tse latelang.

  • Haeba Bibele e ngotswe ke batho, jwale ke hobaneng ha e bitswa Lentswe la Modimo?

  • Na o nahana hore ke ntho e utlwahalang ho dumela hore Modimo a ka kgona ho fetisetsa maikutlo a hae ho batho?

Motho a ka nna a bolella mongodi wa hae hore na a ngole molaetsa ofe lengolong. Ka tsela e tshwanang, batho ba ile ba ngola Bibele empa molaetsa oo ba neng ba o ngola o ne o tswa ho Modimo

5. Bibele e ile ya sireletswa

Haeba Bibele e tswa ho Modimo, re ka lebella hore o tla e sireletsa. Ho theosa le dilemo, haesale banna ba matla ba leka ho fedisa Bibele. Baetapele ba bodumedi ba ile ba leka ho e pata. Ho sa tsotellehe seo, batho ba bangata ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba sireletse Bibele. Ithute ka e mong wa banna bao. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tsena.

  • Ha e le mona o se o tseba hore na ho entswe boiteko bo bokae ho sireletsa Bibele, na see ha se etse hore o batle ho e bala? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Bala Pesaleme ya 119:97 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke eng e entseng hore batho ba bangata ba behe bophelo ba bona kotsing e le hore ba fetolele Bibele le ho e fa batho?

6. Buka ya batho bohle

Bibele ke yona buka e fetoletsweng ka dipuo tse ngata le eo batho ba bangata ba nang le yona ho feta buka le ha e le efe lefatsheng. Bala Liketso 10:34, 35 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke hobaneng ha Modimo a batla hore Bibele e fetolelwe ka dipuo tse ngata hakaale le hore batho ba bangata ba be le yona?

  • Ke ntho efe eo o e ratang ka Bibele?

Hoo e ka bang

batho bohle

lefatsheng

ba kgona ho fumana Bibele ka puo eo ba e utlwisisang

E fumaneha ka

dipuo tse fetang

3 000

e felletse kapa e le dikarolo tse itseng

Ho hatisitswe dikopi tse ka bang

5 000 000 000

e leng palo e fetang hole ya buka le ha e le efe e nngwe

BATHO BA BANG BA RE: “Bibele ke buka feela ya kgale e ngotsweng ke batho.”

  • Wena o nahana jwang?

  • Na ho na le bopaki ba hore Bibele ke Lentswe la Modimo?

KAKARETSO

Bibele ke Lentswe la Modimo mme o entse bonnete ba hore batho ba a e fumana.

Re Ithutileng?

  • Re bolelang ha re re Modimo o ile a budulela batho hore ba ngole Bibele?

  • Ke eng e o kgahlang ka tsela eo ka yona Bibele e ileng ya sireletswa le ho fetolelwa, le ka hore ebe ke batho ba bangata ba nang le yona?

  • O ikutlwa jwang ha e le moo o tseba hore na Modimo o entse boiteko bo bokaakang e le hore re fumane molaetsa wa hae?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bala ka pale ya Bibele, ho tloha meqolong ya kgale ho fihlela ho diphetolelo tsa morao tjena.

“Ka Moo Bibele e Sireleditsweng ka Teng Hore re e Fumane” (Tsoha!, November 2007)

Ithute ka moo Bibele e ileng ya sireletswa ka teng dinthong tse tharo tse neng di ka e fedisa.

“Ho Tlile Jwang Hore Ebe Bibele e Ntse e le Teng?” (Molula-Qhooa, No. 4 2016)

Bona ka moo batho ba bang ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing ka teng e le hore ba fetolele Bibele.

Ba ne ba Nka Lentswe la Modimo e le la Bohlokwa (14:26)

Bibele e ile ya kopitswa le ho fetolelwa ka makgetlo a mangata. O ka kgodiseha jwang hore molaetsa wa yona ha wa fetolwa?

“Na Batho ba ile ba Fetolela Bibele ka Tsela eo e Neng e sa Ngolwa ka Yona Pele?” (Sehlooho se websaeteng)

a Kgaolong ya 7 re tlo ithuta hore moya o halalelang ke matla ao Modimo a a sebedisang.