Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 8

U ka ba Motsoalle oa Jehova

U ka ba Motsoalle oa Jehova

Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore u mo tsebe haholoanyane? Jehova o tšepa hore ha u ntse u ithuta makhabane a hae, merero ea hae le melao ea hae, u tla thabela ho ba motsoalle oa hae. Na ho ka khoneha hore motho e be motsoalle oa Molimo? (Bala Pesaleme ea 25:​14.) U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Jehova? Bibele e araba lipotso tsena, ebile e bontša hore na ke hobane’ng ha ho ba motsoalle oa Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.

1. Jehova o batla hore u etse’ng?

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Mantsoe aa a bolela’ng? Jehova o batla hore u be motsoalle oa hae. Batho ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho ipona e se e le metsoalle ea Molimo kaha ha ba mo bone. Empa ka Bibeleng Jehova o hlalositse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re lokelang ho e tseba ka eena e le hore re be metsoalle ea hae. Ha re bala Bibele re matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova le hoja re e-s’o mo bone.

2. Ke hobane’ng ha Jehova e le motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eena?

Ha ho na motho ea u ratang ho feta Jehova. O batla hore u thabe le hore u phutholohe ho bua le eena neng le neng ha u hloka thuso. U ka ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Jehova o lula a ikemiselitse ho tšehetsa metsoalle ea hae, ho e tšelisa le ho e mamela.​—Bala Pesaleme ea 94:​18, 19.

3. Jehova o batla hore u etse’ng e le hore u ka ba motsoalle oa hae?

Jehova o rata batho bohle, “empa o na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:​32) Kahoo, o batla hore metsoalle ea hae e leke kahohle ho etsa lintho tseo a li nkang e le tse lokileng ’me e qobe ho etsa lintho tseo a li nkang e le tse fosahetseng. Batho ba bang ba nka hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tsohle tseo Molimo a reng li lokile le ho qoba lintho tsohle tseo a reng li fosahetse. Leha ho le joalo, Jehova ke Molimo ea nahanelang. O amohela motho e mong le e mong ea mo ratang e le kannete ’me a leka kahohle ho mo khahlisa.​—Pesaleme ea 147:​11; Liketso 10:​34, 35.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute lintlha tse ling mabapi le hore na u ka etsa’ng e le hore u be motsoalle oa Molimo le hore na ke hobane’ng ha Molimo e le motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eena.

4. Abrahama e ne e le motsoalle oa Jehova

Tlaleho ea Bibele e buang ka Abrahama (eo hape a bitsoang Abrame) e re thusa ho utloisisa hore na ho ba motsoalle oa Molimo ho bolela’ng. Bala ka Abrahama ho Genese 12:​1-4 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Jehova o ile a re Abrahama a etse’ng?

  • Jehova o ile a mo tšepisa’ng?

  • Abrahama o ile a etsa’ng?

5. Lintho tseo Jehova a li lebeletseng ho metsoalle ea hae

Hangata ho na le lintho tseo re li lebellang ho metsoalle ea rona.

  • Tse ling tsa lintho tseo u li lebellang ho metsoalle ea hao ke life?

Bala 1 Johanne 5:3 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o lebeletse’ng ho metsoalle ea hae?

Re ka ’na ra tlameha ho fetola tsela eo re itšoarang ka eona, e le hore re tle re mamele Jehova. Bala Esaia 48:​17, 18 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore metsoalle ea hae e etse liphetoho?

Motsoalle oa sebele o re hopotsa lintho tse ka re sireletsang le tse ka re tsoelang molemo. Jehova o etsa se tšoanang ho metsoalle ea hae

6. Litsela tseo Jehova a thusang metsoalle ea hae ka tsona

Jehova o thusa metsoalle ea hae ho mamella mathata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Jehova o ile a thusa ’mè ea videong ee joang hore a sebetsane le bothata ba hae ba ho ikutloa a se na thuso?

Bala Esaia 41:​10, 13 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Jehova o tšepisa hore o tla etsetsa metsoalle eohle ea hae eng?

  • Na u ne u ka rata hore Jehova e be motsoalle oa hao? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Metsoalle ea sebele ea u thusa ha u hloka thuso. Jehova o tla u thusa le uena

7. Re lokela ho bua le Jehova re be re mo mamele e le hore re be metsoalle ea hae

Puisano e matlafatsa setsoalle. Bala Pesaleme ea 86:​6, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Re ka buisana le Jehova joang?

  • Jehova o bua le rona ka tsela efe?

Re bua le Jehova ha re rapela, eena o bua le rona ka Bibele

BATHO BA BANG BA RE: “Re ke ke ra khona ho ba metsoalle ea Molimo.”

  • U ka sebelisa Lengolo lefe ho bontša hore re ka ba metsoalle ea Jehova?

KAKARETSO

Jehova o batla ho ba motsoalle oa hao ’me a ka u thusa hore u mo tsebe.

Re Ithutile’ng?

  • Jehova o thusa metsoalle ea hae ka litsela life?

  • Ke hobane’ng ha Jehova a bolella metsoalle ea hae hore e etse liphetoho?

  • Na u nahana hore ho thata ho ba motsoalle oa Jehova? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Seo u ka se Etsang

BATLA

Ho ba motsoalle oa Molimo ho ka fetola bophelo ba hao joang?

“Jehova​—Molimo eo e Leng Habohlokoa ho mo Tseba” (Molula-Qhooa, February 15, 2003)

Utloa hore na ke hobane’ng ha ’mè e mong a nka hore ho ba motsoalle oa Jehova ho pholositse bophelo ba hae.

“Ke ne ke sa Batle ho Shoa!” (Molula-Qhooa, No. 1 2017)

Mamela hore na bacha ba bang ba ikutloa joang ka Jehova.

Ho ba Motsoalle oa Molimo ho Bolela’ng? (1:​49)