Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 8

O ka ba Motswalle wa Jehova

O ka ba Motswalle wa Jehova

Ke hobaneng ha Jehova a batla hore o mo tsebe haholwanyane? Jehova o tshepa hore ha o ntse o ithuta makgabane a hae, merero ya hae le melao ya hae o tla thabela ho ba motswalle wa hae. Na ho ka kgoneha hore motho e be motswalle wa Modimo? (Bala Pesaleme ya 25:14.) O ka etsang hore o be motswalle wa Jehova? Bibele e araba dipotso tsena, ebile e bontsha hore na ke hobaneng ha ho ba motswalle wa Jehova e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.

1. Jehova o batla hore o etseng?

“Atamelang ho Modimo mme o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Mantswe aa a bolelang? Jehova o batla hore o be motswalle wa hae. Batho ba bang ba ka nna ba thatafallwa ho ipona e se e le metswalle ya Modimo ka ha ha ba mo bone. Empa ka Bibeleng, Jehova o hlalositse ntho e nngwe le e nngwe eo re lokelang ho e tseba ka yena e le hore re be metswalle ya hae. Ha re bala Bibele re matlafatsa setswalle sa rona le Jehova le hoja re eso mo bone.

2. Ke hobaneng ha Jehova e le Motswalle wa bohlokwa ka ho fetisisa eo o ka bang le yena?

Ha ho na motho ya o ratang ho feta Jehova. O batla hore o thabe le hore o phutholohe ho bua le yena neng le neng ha o hloka thuso. O ka ‘lahlela matshwenyeho ohle a hao ho yena, hobane o a o tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Jehova o dula a ikemiseditse ho tshehetsa metswalle ya hae, ho e tshedisa le ho e mamela.​—⁠Bala Pesaleme ya 94:18, 19.

3. Jehova o batla hore o etseng e le hore o ka ba motswalle wa hae?

Jehova o rata batho bohle, “empa o na le kamano e haufiufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:32) Ka hoo, o batla hore metswalle ya hae e leke ka hohle ho etsa dintho tseo a di nkang e le tse lokileng mme e qobe ho etsa dintho tseo a di nkang e le tse fosahetseng. Batho ba bang ba nka hore ba ke ke ba kgona ho etsa dintho tsohle tseo Modimo a reng di lokile le ho qoba dintho tsohle tseo a reng di fosahetse. Le ha ho le jwalo, Jehova ke Modimo ya nahanelang. O amohela motho e mong le e mong ya mo ratang e le kannete mme a leka ka hohle ho mo kgahlisa.​—Pesaleme ya 147:11; Liketso 10:34, 35.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute dintlha tse ding mabapi le hore na o ka etsang e le hore o be motswalle wa Modimo le hore na ke hobaneng ha Modimo e le Motswalle wa bohlokwa ka ho fetisisa eo o ka bang le yena.

4. Abrahama e ne e le motswalle wa Jehova

Tlaleho ya Bibele e buang ka Abrahama (eo hape a bitswang Abrame) e re thusa ho utlwisisa hore na ho ba motswalle wa Modimo ho bolelang. Bala ka Abrahama ho Genese 12:1-4 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Jehova o ile a re Abrahama a etseng?

  • Jehova o ile a mo tshepisang?

  • Abrahama o ile a etsang?

5. Dintho tseo Jehova a di lebelletseng ho metswalle ya hae

Hangata ho na le dintho tseo re di lebellang ho metswalle ya rona.

  • Tse ding tsa dintho tseo o di lebellang ho metswalle ya hao ke dife?

Bala 1 Johanne 5:3 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o lebelletseng ho metswalle ya hae?

Re ka nna ra tlameha ho fetola tsela eo re itshwarang ka yona e le hore re tle re mamele Jehova. Bala Esaia 48:17, 18 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha Jehova a batla hore metswalle ya hae e etse diphetoho?

Motswalle wa sebele o re hopotsa dintho tse ka re sireletsang le tse ka re tswelang molemo. Jehova o etsa se tshwanang ho metswalle ya hae

6. Ditsela tseo Jehova a thusang metswalle ya hae ka tsona

Jehova o thusa metswalle ya hae ho mamella mathata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Jehova o ile a thusa mme ya videong ee jwang hore a sebetsane le bothata ba hae ba ho ikutlwa a se na thuso?

Bala Esaia 41:10, 13 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Jehova o tshepisa hore o tla etsetsa metswalle yohle ya hae eng?

  • Na o ne o ka rata hore Jehova e be Motswalle wa hao? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Metswalle ya sebele e a o thusa ha o hloka thuso. Jehova o tla o thusa le wena

7. Re lokela ho bua le Jehova re be re mo mamele e le hore re be metswalle ya hae

Puisano e matlafatsa setswalle. Bala Pesaleme ya 86:6, 11 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Re ka buisana le Jehova jwang?

  • Jehova o bua le rona ka tsela efe?

Re bua le Jehova ha re rapela, yena o bua le rona ka Bibele

BATHO BA BANG BA RE: “Re ke ke ra kgona ho ba metswalle ya Modimo.”

  • O ka sebedisa Lengolo lefe ho bontsha hore re ka ba metswalle ya Jehova?

KAKARETSO

Jehova o batla ho ba Motswalle wa hao mme a ka o thusa hore o mo tsebe.

Re Ithutileng?

  • Jehova o thusa metswalle ya hae ka ditsela dife?

  • Ke hobaneng ha Jehova a bolella metswalle ya hae hore e etse diphetoho?

  • Na o nahana hore ho thata ho ba motswalle wa Jehova? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ho ba motswalle wa Modimo ho ka fetola bophelo ba hao jwang?

“Jehova​—Modimo eo e Leng ha Bohlokwa ho mo Tseba” (Molula-Qhooa, February 15, 2003)

Utlwa hore na ke hobaneng ha mme e mong a nka hore ho ba motswalle wa Jehova ho pholositse bophelo ba hae.

“Ke ne ke sa Batle ho Shwa!” (Tora ya ho Lebela, No. 1 2017)

Mamela hore na batjha ba bang ba ikutlwa jwang ka Jehova.

Ho ba Motswalle wa Modimo ho Bolelang? (1:46)