Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 9

Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo

Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo

Na u utloa eka u hloka ho tataisoa bophelong? Na u na le lipotso tsa bohlokoa tseo u batlang ho tseba likarabo tsa tsona? Na u hloka ho tšelisoa? Na u batla ho ikutloa u le haufi le Jehova? Thapelo e ka u thusa ho finyella lintho tsena kaofela. Leha ho le joalo, tsela e nepahetseng ea ho rapela ke efe? Na Molimo o mamela lithapelo tsohle? Ke eng seo u lokelang ho se etsa e le hore a mamele lithapelo tsa hao? A re bone.

1. Re lokela ho rapela mang hona ke’ng seo re lokelang ho se rapella?

Jesu o ile a re ruta hore re lokela ho isa lithapelo tsa rona ho Ntate oa rona oa leholimo feela. Jesu le eena o ile a rapela Jehova feela. O ile a re: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rona ea maholimong . . . ’ ” (Matheu 6:9) Ha re rapela Jehova, re matlafatsa setsoalle seo re nang le sona le eena.

Re ka bua le eena ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. E le hore Molimo a arabele lithapelo tsa rona, li lokela ho lumellana le thato ea hae. “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ea ka thato ea [Molimo], oa re utloa.” (1 Johanne 5:​14) Jesu o ile a re fa mohlala oa lintho tseo re lokelang ho li rapella. (Bala Matheu 6:​9-​13.) Ntle le ho rapella lintho tseo re amehileng ka tsona, re lokela hore re se ke ra lebala ho leboha Jehova bakeng sa lintho tsohle tseo a re etselitseng tsona, re be re hopole ho rapella hore a thuse batho ba bang.

2. Re lokela ho rapela joang?

Bibele e re khothalletsa ho “tšollela lipelo tsa [rona] ka pel’a [Molimo].” (Pesaleme ea 62:8) Lithapelo tsa rona li lokela ho tsoa botebong ba lipelo tsa rona. Re ka rapella ka pelong kapa ra rapela re phahamisitse lentsoe. Ha ho tsotellehe hore na re rapela re lutse kapa re eme kapa re khumame, hafeela boemo boo e le bo bontšang hore re hlompha Jehova. Re ka rapela ka nako eohle hohle moo re leng teng.

3. Ke joang Jehova a arabelang lithapelo tsa rona?

O arabela lithapelo tsa rona ka litsela tse fapaneng. Jehova o re file Lentsoe la hae, e leng Bibele, ’me le re thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tsa rona. Ho bala Lentsoe la Molimo ho ka “hlalefisa ea se nang phihlelo.” (Pesaleme ea 19:7; bala Jakobo 1:5.) Molimo a ka etsa hore re be le khotso ea kelello nakong eo re hlaheloang ke mathata, ’me a ka sebelisa bahlanka ba hae ba mo rapelang hore ba re thuse nakong eo re nang le mathata.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke joang u ka rapelang Jehova ka tsela e amohelehang le hore na thapelo e ka u thusa joang.

4. Ho na le lintho tseo Jehova a batlang hore re li etse ha re rapela

Ke lintho life tse etsang hore lithapelo tsa rona li amohelehe kapa li se ke tsa amoheleha ho Molimo? Bapala VIDEO.

Jehova o batla hore re mo rapele. Bala Pesaleme ea 65:2 ’me le buisane ka lipotso tsena:

  • Na u nahana hore “Ea utloang thapelo” o batla hore u mo rapele? Ke hobane’ng ha u nahana joalo?

Re lokela ho phela tumellanong le melao ea Molimo haeba re batla hore a utloe lithapelo tsa rona. Bala Mikea 3:4 le 1 Petrose 3:​12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke eng eo re ka e etsang e le hore re kholisehe hore Jehova o tla araba lithapelo tsa rona?

Nakong ea ntoa, mahlakore ka bobeli a ka rapella ho hlola. Na ke ho utloahalang ho lebella hore Molimo a arabe lithapelo tsee?

5. Lithapelo tsa rona li lokela ho tsoa pelong

Batho ba bang ba rutiloe lithapelo tseo ba lulang ba li pheta ha ba rapela. Empa na ee ke tsela eo Jehova a batlang hore re mo rapele ka eona? Bala Matheu 6:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke joang u ka qobang ho “pheta-pheta lintho tse tšoanang” thapelong ea hao?

Letsatsi le leng le le leng, u ka nahana ka ntho eo Jehova a u etselitseng eona, eo u ka mo lebohang ka eona. Ha u ka etsa sena letsatsi le leng le le leng ha beke e fela u tla be u buile le eena ka lintho tse supileng tse fapaneng thapelong ea hao u sa pheta-phete lintho.

Ntate ea lerato o batla hore ngoana oa hae a mo bolelle hore na o ikutloa joang. Ka ho tšoanang, Jehova le eena o batla hore re mo rapele ho tsoa pelong

6. Thapelo ke mpho e tsoang ho Molimo

Ke joang thapelo e ka re matlafatsang, haholo-holo ha re hlaheloa ke maemo a boima bophelong ba rona? Bapala VIDEO.

Bibele e re tšepisa hore thapelo e ka re thusa hore re be le khotso ea kelello. Bala Bafilipi 4:​6, 7 ’me le buisane ka lipotso tsena:

  • Le hoja thapelo e sa etse hore mathata a rona a fele, ke joang e ka re thusang?

  • Ke lintho life tseo u ka ratang ho li rapella?

Na u ne u tseba?

Lentsoe “amen” le bolela “ha ho be joalo” kapa “ka sebele.” Ho tloha mehleng ea Bibele, lentsoe “amen” haesale le sebelisoa ho qetella thapelo.​—1 Likronike 16:36.

7. Behella nako ka thoko e le hore u ka rapela

Ka linako tse ling re ka phathahana hoo re ka lebalang ho etsa thapelo. Jesu o ne a nka thapelo e le ea bohlokoa hakae? Bala Matheu 14:​23 le Mareka 1:​35 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Jesu o ile a etsa joang e le hore a fumane nako ea ho rapela?

  • Ke nako efe eo u ka e sebelisang bakeng sa ho rapela?

BATHO BA BANG BA RE: “Thapelo ha se ea bohlokoa hakaalo. E mpa feela e u hlabolla.”

  • Uena u re’ng?

KAKARETSO

Lithapelo tse etsoang ho tsoa pelong li re thusa ho atamela ho Molimo, li re fa khotso ea kelello ebile li re fa matla ao re a hlokang e le hore re khahlise Jehova.

Re Ithutile’ng?

  • Ke mang eo re lokelang ho mo rapela?

  • Re lokela ho rapela joang?

  • Melemo e meng ea thapelo ke efe?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Fumana likarabo lipotsong tseo hangata batho ba li botsang mabapi le thapelo.

“Lintlha Tse Supileng Tseo U Lokelang ho li Tseba ka Thapelo” (Molula-Qhooa, October 1, 2010)

Ithute hore na ke hobane’ng ha u lokela ho rapela le hore na ke joang u ka ntlafatsang lithapelo tsa hao.

“Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na Bibele e re’ng mabapi le hore na ke mang eo re lokelang ho mo rapela.

“Na ke Lokela ho Rapela Bahalaleli?” (Sehlooho se websaeteng)

Videong ena ea ’mino, bona hore na ke taba ea bohlokoa hore na re rapella hokae hona neng.

Rapela ka Linako Tsohle (1:​22)