Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 9

Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo

Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo

Na o utlwa eka o hloka ho tataiswa bophelong? Na o na le dipotso tsa bohlokwa tseo o batlang ho tseba dikarabo tsa tsona? Na o hloka ho tshediswa? Na o batla ho ikutlwa o le haufi le Jehova? Thapelo e ka o thusa ho finyella dintho tsena kaofela. Le ha ho le jwalo, tsela e nepahetseng ya ho rapela ke efe? Na Modimo o mamela dithapelo tsohle? Ke eng seo o lokelang ho se etsa e le hore a mamele dithapelo tsa hao? A re bone.

1. Re lokela ho rapela mang, hona keng seo re lokelang ho se rapella?

Jesu o ile a re ruta hore re lokela ho isa dithapelo tsa rona ho Ntate wa rona wa lehodimo feela. Jesu le yena o ile a rapela Jehova feela. O ile a re: “Jwale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntata rona ya mahodimong . . .’” (Matheu 6:9) Ha re rapela Jehova, re matlafatsa setswalle seo re nang le sona le yena.

Re ka bua le yena ka ntho e nngwe le e nngwe. E le hore Modimo a arabele dithapelo tsa rona, di lokela ho dumellana le thato ya hae. “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ya ka thato ya [Modimo], o a re utlwa.” (1 Johanne 5:14) Jesu o ile a re fa mohlala wa dintho tseo re lokelang ho di rapella. (Bala Matheu 6:9-13.) Ntle le ho rapella dintho tseo re amehileng ka tsona, re lokela hore re se ke ra lebala ho leboha Jehova bakeng sa dintho tsohle tseo a re etseditseng tsona, re be re hopole ho rapella hore a thuse batho ba bang.

2. Re lokela ho rapela jwang?

Bibele e re kgothalletsa ho “tshollela dipelo tsa [rona] ka pela [Modimo].” (Pesaleme ya 62:8) Dithapelo tsa rona di lokela ho tswa botebong ba dipelo tsa rona. Re ka rapella ka pelong kapa ra rapela re phahamisitse lentswe. Ha ho tsotellehe hore na re rapela re dutse kapa re eme kapa re kgumame, ha feela boemo boo e le bo bontshang hore re hlompha Jehova. Re ka rapela ka nako yohle hohle moo re leng teng.

3. Ke jwang Jehova a arabelang dithapelo tsa rona?

O arabela dithapelo tsa rona ka ditsela tse fapaneng. Jehova o re file Lentswe la hae, e leng Bibele mme le re thusa ho fumana dikarabo tsa dipotso tsa rona. Ho bala Lentswe la Modimo ho ka “hlalefisa ya se nang phihlelo.” (Pesaleme ya 19:7; bala Jakobo 1:5.) Modimo a ka etsa hore re be le kgotso ya kelello nakong eo re hlahelwang ke mathata mme a ka sebedisa bahlanka ba hae ba mo rapelang hore ba re thuse nakong eo re nang le mathata.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na ke jwang o ka rapelang Jehova ka tsela e amohelehang le hore na thapelo e ka o thusa jwang.

4. Ho na le dintho tseo Jehova a batlang hore re di etse ha re rapela

Ke dintho dife tse etsang hore dithapelo tsa rona di amohelehe kapa di se ke tsa amoheleha ho Modimo? Bapala VIDEO.

Jehova o batla hore re mo rapele. Bala Pesaleme ya 65:2 mme le buisane ka dipotso tsena:

  • Na o nahana hore “Ya utlwang thapelo” o batla hore o mo rapele? Ke hobaneng ha o nahana jwalo?

Re lokela ho phela tumellanong le melao ya Modimo haeba re batla hore a utlwe dithapelo tsa rona. Bala Mikea 3:4 le 1 Petrose 3:12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke eng eo re ka e etsang e le hore re kgodisehe hore Jehova o tla araba dithapelo tsa rona?

Nakong ya ntwa, mahlakore ka bobedi a ka rapella ho hlola. Na ke ho utlwahalang ho lebella hore Modimo a arabe dithapelo tsee?

5. Dithapelo tsa rona di lokela ho tswa pelong

Batho ba bang ba rutilwe dithapelo tseo ba dulang ba di pheta ha ba rapela. Empa na ee ke tsela eo Jehova a batlang hore re mo rapele ka yona? Bala Matheu 6:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke jwang o ka qobang ho “phetapheta dintho tse tshwanang” thapelong ya hao?

Letsatsi le leng le le leng, o ka nahana ka ntho eo Jehova a o etseditseng yona, eo o ka mo lebohang ka yona. Ha o ka etsa sena letsatsi le leng le le leng, ha beke e fela o tla be o buile le yena ka dintho tse supileng tse fapaneng thapelong ya hao o sa phetaphete dintho.

Ntate ya lerato o batla hore ngwana wa hae a mo bolelle hore na o ikutlwa jwang. Ka ho tshwanang, Jehova le yena o batla hore re mo rapele ho tswa pelong

6. Thapelo ke mpho e tswang ho Modimo

Ke jwang thapelo e ka re matlafatsang, haholoholo ha re hlahelwa ke maemo a boima bophelong ba rona? Bapala VIDEO.

Bibele e re tshepisa hore thapelo e ka re thusa hore re be le kgotso ya kelello. Bala Bafilipi 4:6, 7 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Le hoja thapelo e sa etse hore mathata a rona a fele, ke jwang e ka re thusang?

  • Ke dintho dife tseo o ka ratang ho di rapella?

Na o ne o tseba?

Lentswe “amen” le bolela “ha ho be jwalo” kapa “ka sebele.” Ho tloha mehleng ya Bibele, lentswe “amen” haesale le sebediswa ho qetella thapelo.​—1 Likronike 16:36.

7. Behella nako ka thoko e le hore o ka rapela

Ka dinako tse ding re ka phathahana hoo re ka lebalang ho etsa thapelo. Jesu o ne a nka thapelo e le ya bohlokwa hakae? Bala Matheu 14:23 le Mareka 1:35 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Jesu o ile a etsa jwang e le hore a fumane nako ya ho rapela?

  • Ke nako efe eo o ka e sebedisang bakeng sa ho rapela?

BATHO BA BANG BA RE: “Thapelo ha se ya bohlokwa hakaalo. E mpa feela e o hlabolla.”

  • Wena o reng?

KAKARETSO

Dithapelo tse etswang ho tswa pelong di re thusa ho atamela ho Modimo, di re fa kgotso ya kelello ebile di re fa matla ao re a hlokang e le hore re kgahlise Jehova.

Re Ithutileng?

  • Ke mang eo re lokelang ho mo rapela?

  • Re lokela ho rapela jwang?

  • Melemo e meng ya thapelo ke efe?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Fumana dikarabo dipotsong tseo hangata batho ba di botsang mabapi le thapelo.

“Dintlha Tse Supileng Tseo o Lokelang ho di Tseba ka Thapelo” (Molula-Qhooa, October 1, 2010)

Ithute hore na ke hobaneng ha o lokela ho rapela le hore na ke jwang o ka ntlafatsang dithapelo tsa hao.

“Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na Bibele e reng mabapi le hore na ke mang eo re lokelang ho mo rapela.

“Na ke Lokela ho Rapela Bahalaledi?” (Sehlooho se websaeteng)

Videong ena ya mmino, bona hore na ke taba ya bohlokwa hore na re rapella hokae hona neng.

Rapela ka Dinako Tsohle (1:22)