Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 12

Ke’ng e Tla U Thusa Hore U Tsoele Pele U Ithuta Bibele?

Ke’ng e Tla U Thusa Hore U Tsoele Pele U Ithuta Bibele?

Ho ithuta Bibele ho molemo haholo, empa ha se kamehla ho leng bonolo. Ka linako tse ling, u ka ’na oa ipotsa hore na u tla khona ho tsoela pele u ntse u ithuta Bibele. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa boiteko ba hore u tsoele pele u ithuta Bibele? Ke’ng e tla u thusa hore u mamelle ho sa tsotellehe mathata ao u ka bang le ’ona?

1. Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele e le ntho ea bohlokoa?

“Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:​12) Bibele ke ea bohlokoa hobane e re bolella menahano ea Molimo le tsela eo a ikutloang ka eona ka uena. E tla u thusa hore u be le tsebo, u be bohlale hape u be le tšepo. Habohlokoa le ho feta, Bibele e u thusa hore u be motsoalle oa Jehova. Ha u ithuta Bibele, u e lumella hore e fetole bophelo ba hao.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka ’nete ea Bibele e le ea bohlokoa?

’Nete e ka Bibeleng e tšoana le matlotlo a bohlokoa. Ke kahoo Bibele e re khothaletsang hore re ‘reke ’nete ’me re se ke ra e rekisa.’ (Liproverbia 23:​23) Ha re tseba bohlokoa ba ’nete ea Bibele, re leka ka thata ho lula re ithuta eona le haeba ho ka ba le lintho tse re sitisang.​—Bala Liproverbia 2:​4, 5.

3. Jehova a ka u thusa joang hore u lule u ntse u ithuta?

Kaha Jehova ke ’Mopi ea Matla ’Ohle le Motsoalle, o batla ho u thusa hore u ithute ka eena. A ka etsa hore u rate seo u ithutang sona le hore u se sebelise. (Bala Bafilipi 2:​13.) Kahoo, o tla u thusa haeba ka linako tse ling u hloka matla a hore u tsoele pele u ithuta kapa u sebelisa seo u ithutang sona. Haeba u hloka matla a eketsehileng e le hore u sebetsane le mathata kapa litšitiso, o tla khona ho u thusa. Kamehla u rapele Jehova u mo kope hore a u thuse hore u tsoele pele u ithuta Bibele.​—1 Bathesalonika 5:17.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka tsoela pele u ithuta Bibele joang ho sa tsotellehe hore na u phathahane hakae kapa batho ba bang baa u hanyetsa. Joale nahana ka hore na Jehova o tla u thusa joang hore u mamelle.

4. Etsa hore thuto ea Bibele e be ea bohlokoa ho uena

Ka linako tse ling ho ba le lintho tse ngata tseo re li etsang hoo re bonang eka ha re na nako e lekaneng ea ho ithuta Bibele. Ke’ng e ka u thusang? Bala Bafilipi 1:​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • U nahana hore tse ling tsa “lintho tsa bohlokoa haholo” bophelong ke life?

  • U ka etsa’ng e le hore thuto ea Bibele e be ea bohlokoa ho uena?

  1. Haeba u tlatsa emere ka lehlabathe ebe u leka ho tšela majoe, a ke ke a fella ka moo

  2. Haeba u tšela majoe pele, u tla fumana sebaka sa ho tšela lehlabathe. Ka tsela e tšoanang, haeba u etsa “lintho tsa bohlokoa haholo” pele bophelong ba hao, u tla khona ho li finyella le ho ba le nako ea ho etsa lintho tse ling

Ho ithuta Bibele ho khotsofatsa tlhoko ea rona ea moea, e leng ho batla ho tseba le ho sebeletsa Molimo. Bala Matheu 5:3 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re fumana molemo ofe ha re etsa hore thuto ea rona ea Bibele e be ntho ea bohlokoa bophelong ba rona?

5. Mamella ha u hanyetsoa

Ka linako tse ling, batho ba bang ba ka ’na ba u nyahamisa hore u se ke oa ithuta Bibele. A re boneng mohlala oa ntate Francesco. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, metsoalle ea ntate Francesco le ba lelapa la hae ba ile ba etsa’ng ha ba utloa hore o se a ithuta Bibele?

  • Ho mamella ho ile ha mo tsoela molemo joang?

Bala 2 Timothea 2:​24, 25 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Lelapa la hao le metsoalle ea hao e ikutloa joang ha u ithuta Bibele?

  • Ho latela litemana tsee, u lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a sa thabele taba ea hore u ithuta Bibele? Hobane’ng?

6. Tšepa hore Jehova o tla u thusa

Ha re ntse re ithuta ka Jehova, re batla ho etsa lintho tse tla mo thabisa. Leha ho le joalo, ho ka ba thata hore re etse liphetoho bophelong ba rona e le hore re phele ka tsela eo Jehova a batlang hore re phele ka eona. Haeba u na le hore u ikutloe ka tsela eo, u se ke oa nyahama. Jehova o tla u thusa. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke liphetoho life tseo ntate Jim a ileng a li etsa e le hore a thabise Jehova?

  • Ke eng e u khahlileng mohlaleng oa hae?

Bala Baheberu 11:6 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Jehova o tla etsa’ng bakeng sa batho ba “mo batlang ka tieo,” e leng ba lekang ka thata hore ba mo tsebe le ho mo thabisa?

  • See se u bolella’ng ka tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ha a bona boiteko ba hao ba ho ithuta Bibele?

MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha u ithuta Bibele?”

  • U tla mo araba joang?

KAKARETSO

Le hoja e se kamehla ho leng bonolo, ho ithuta Bibele ho ka u thusa hore u thabele bophelo ka ho sa feleng. Tsoela pele ho tšepa Jehova ’me o tla u hlohonolofatsa.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha ’nete ea Bibele e le bohlokoa ho uena?

  • U ka “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo” joang?

  • Ke hobane’ng ha u lokela ho kopa Jehova hore a u thuse hore u tsoele pele u ithuta Bibele?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Hlokomela lintho tse ’nè tse thusitseng batho ba bangata ho sebelisa nako ea bona hamolemo.

“Kamoo U ka Sebelisang Nako ea Hao ka Bohlale” (Tsoha!, February 2014)

Hlokomela kamoo Jehova a thusitseng ’mè e mong eo monna oa hae a neng a sa utloisise boiteko ba hae ba ho batla ho thabisa Jehova.

Jehova o re Thusa ho Mamella Mathata a Rona (5:​05)

Bona kamoo ntate e mong a ileng a fetoha kateng ka lebaka la ho mamella ha mosali oa hae.

Ke ne ke Batlana le Liphoso Lithutong Tsa Lipaki (6:​30)

Ka linako tse ling Lipaki Tsa Jehova li etselletsoa ka hore li qhala malapa. Empa na seo ke ’nete?

“Na Lipaki Tsa Jehova li Qhala Malapa Kapa Lia a Momahanya?” (Sehlooho se websaeteng)