Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 16

Jesu o ne a Etsa’ng ha a le Lefatšeng?

Jesu o ne a Etsa’ng ha a le Lefatšeng?

Batho ba bangata ha ba nahana ka Jesu, ba nahana ka lesea le sa tsebeng ho iketsetsa letho, moprofeta ea bohlale kapa monna ea shoang. Leha ho le joalo, ho na le ho hongata hoo re ka ithutang hona ka ho hlahloba bophelo ba hae ha a ntse a le lefatšeng. Khaolong ena re tl’o ithuta tse ling tsa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Jesu a ileng a li etsa, le hore na ho ithuta lintho tsena ho ka u thusa joang.

1. Mosebetsi oa Jesu o ka sehloohong e ne e le ofe?

Mosebetsi oa Jesu o ka sehloohong e ne e le ho “bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.” (Bala Luka 4:​43.) O ne a bolella batho molaetsa o monate oa hore Molimo o tla hloma ’muso o tla rarolla mathata ’ohle a batho. a Jesu o ile a qeta lilemo tse tharo le halofo a bolella batho molaetsa ona o khothatsang.​—Matheu 9:35.

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a etsa mehlolo?

Bibele e bua ka mesebetsi e mengata “e matla le limakatso le lipontšo tseo Molimo a li entseng ka [Jesu].” (Liketso 2:​22) Molimo o ile a fa Jesu matla a ho laola maemo a leholimo, ho fepa batho ba likete-kete, ho folisa batho ba kulang esita le ho tsosa bafu. (Matheu 8:​23-27; 14:​15-21; Mareka 6:​56; Luka 7:​11-17) Mehlolo eo Jesu a neng a e etsa e ne e bontša ka ho hlakileng hore o ne a ronngoe ke Molimo. E ne e boetse e bontša hore Jehova o na le matla a ho rarolla mathata ’ohle a rona.

3. Re ka ithuta’ng tseleng eo Jesu a neng a phela ka eona?

Jesu o ne a mamela Jehova maemong ’ohle. (Bala Johanne 8:​29.) O ile a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Ntate oa hae a neng a re a e etse bophelo bohle ba hae, esita leha ho ne ho e-na le batho ba bangata ba neng ba batla ho mo thibela. O ile a fana ka bopaki ba hore hoa khoneha ho sebeletsa Molimo leha re tobane le mathata a boima. Ka ho etsa joalo, Jesu o ile a re “siela mohlala hore [re] latele mehato ea hae haufi-ufi.”​—1 Petrose 2:21.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na Jesu o ile a bolella batho litaba tse molemo le ho etsa mehlolo joang.

4. Jesu o ile a bolella batho litaba tse molemo

Jesu o ile a tsamaea lik’hilomithara tse makholo litseleng tse lepoqo, a bolella batho ba bangata kahohle kamoo a ka khonang litaba tse molemo. Bala Luka 8:1 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na Jesu o ne a bolella batho ba tlileng ho eena feela litaba tse molemo?

  • Jesu o ne a etsa boiteko bofe hore a fumane batho?

Molimo o ile a bolela esale pele hore Mesia o ne a tla bolella batho litaba tse molemo. Bala Esaia 61:​1, 2 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo joang?

  • Na u nahana hore le kajeno batho ba ntse ba hloka ho utloa litaba tse molemo?

5. Jesu o ile a ruta batho lithuto tsa bohlokoa

Kantle le ho ruta batho litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, Jesu o ne a boetse a ruta batho lintho tse ka ba thusang letsatsi le letsatsi. Nahana ka mehlala e seng mekae e tsoang thutong ea hae e tsebahalang ka hore ke Thuto ea Thabeng. Bala Matheu 6:​14, 34 le 7:​12 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke likeletso life tseo Jesu a faneng ka tsona litemaneng tsee?

  • Na u nahana hore likeletso tsee li ntse li ka re thusa le kajeno?

6. Jesu o ile a etsa mehlolo

Jehova o ile a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo e mengata. Ho bona mohlala o le mong, bala Mareka 5:​25-​34 kapa u bapale VIDEO. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, mosali ea neng a kula o ne a kholisehile ka eng?

  • Ke eng eo u e ratang ka mohlolo oo?

Bala Johanne 5:​36 ebe le buisana ka potso ena:

  • Mehlolo ea Jesu e ne e paka eng ka eena?

Na u ne u tseba?

Boholo ba litaba tseo re li tsebang ka Jesu li tsoa libukeng tse ’nè tsa Bibele tse bitsoang Likosepele, e leng Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Mongoli e mong le e mong oa Kosepele o kenyelelitse lintlha tse fapaneng ka Jesu. Ha re bala libuka tsena tse ’nè kaofela re bona ka ho hlakileng kamoo Jesu a neng a etsa lintho kateng bophelong ba hae.

  • MATHEU

    o ngotse Kosepele ea hae pele. E re bolella ka lithuto tse ngata tsa Jesu, haholo-holo tseo a li rutileng ka ’Muso oa Molimo.

  • MAREKA

    o ngotse Kosepele e khutšoanyane ka ho fetisisa. E re bolella ka liketsahalo tse ngata tse thabisang.

  • LUKA

    o re bolella kamoo thapelo e neng e le bohlokoa ho Jesu le kamoo a neng a tšoara basali ka mosa kateng.

  • JOHANNE

    o re bolella ho hongata ka hore na Jesu e ne e le motho ea joang ka ho pheta lintho tseo Jesu a neng a li bua le metsoalle ea hae le batho ba bang.

BATHO BA BANG BA RE: “Jesu e ne e le motho feela ea lokileng, empa e ne e se Mesia.”

  • Uena u nahana’ng?

KAKARETSO

Jesu o ne a ruta ka ’Muso oa Molimo, a etsa mehlolo ebile a mamela Jehova maemong ’ohle.

Re Ithutile’ng?

  • Mosebetsi oa Jesu o ka sehloohong ha a le lefatšeng e ne e le ofe?

  • Mehlolo eo Jesu a e entseng e bontša eng?

  • Jesu o ile a ruta lithuto life tse ka re thusang?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke hobane’ng ha re ka lumela hore mehlolo ea Jesu e etsahetse.

“U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?” (Molula-Qhooa, July 15, 2004)

Bala hore na ntate e mong o ile a fetola bophelo ba hae joang ka mor’a ho ithuta hore Jesu o ne a tsotella batho ba bang haholo.

“Ke ne ke Iphelela” (Molula-Qhooa, October 1, 2014)

Bona lintho tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li etsa tšebeletsong ea hae ka tatellano ea tsona.

“Liketsahalo Tse ka Sehloohong Tsa Bophelo ba Jesu ha a le Lefatšeng” (Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo, Karolo ea 4)

a Likhaolo tsa 31-33 li tla bua haholoanyane ka ’Muso oa Molimo.