Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA  16

Jesu o ne a Etsang ha a le Lefatsheng?

Jesu o ne a Etsang ha a le Lefatsheng?

Batho ba bangata ha ba nahana ka Jesu, ba nahana ka lesea le sa tsebeng ho iketsetsa letho, moprofeta ya bohlale kapa monna ya shwang. Le ha ho le jwalo, ho na le ho hongata hoo re ka ithutang hona ka ho hlahloba bophelo ba hae ha a ntse a le lefatsheng. Kgaolong ena re tlo ithuta tse ding tsa dintho tsa bohlokwa ka ho fetisisa tseo Jesu a ileng a di etsa, le hore na ho ithuta dintho tsena ho ka o thusa jwang.

1. Mosebetsi wa Jesu o ka sehloohong e ne e le ofe?

Mosebetsi wa Jesu o ka sehloohong e ne e le ho “bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo.” (Bala Luka 4:43.) O ne a bolella batho molaetsa o monate wa hore Modimo o tla hloma Mmuso o tla rarolla mathata ohle a batho. a Jesu o ile a qeta dilemo tse tharo le halofo a bolella batho molaetsa ona o kgothatsang.​—Matheu 9:35.

2. Ke hobaneng ha Jesu a ne a etsa mehlolo?

Bibele e bua ka mesebetsi e mengata “e matla le dimakatso le dipontsho tseo Modimo a di entseng ka [Jesu].” (Liketso 2:22) Modimo o ile a fa Jesu matla a ho laola maemo a lehodimo, ho fepa batho ba diketekete, ho fodisa batho ba kulang esita le ho tsosa bafu. (Matheu 8:23-27; 14:15-21; Mareka 6:56; Luka 7:11-17) Mehlolo eo Jesu a neng a e etsa e ne e bontsha ka ho hlakileng hore o ne a ronngwe ke Modimo. E ne e boetse e bontsha hore Jehova o na le matla a ho rarolla mathata ohle a rona.

3. Re ka ithutang tseleng eo Jesu a neng a phela ka yona?

Jesu o ne a mamela Jehova maemong ohle. (Bala Johanne 8:29.) O ile a etsa ntho e nngwe le e nngwe eo Ntate wa hae a neng a re a e etse bophelo bohle ba hae, esita le ha ho ne ho na le batho ba bangata ba neng ba batla ho mo thibela. O ile a fana ka bopaki ba hore ho a kgoneha ho sebeletsa Modimo le ha re tobane le mathata a boima. Ka ho etsa jwalo, Jesu o ile a re “siela mohlala hore [re] latele mehato ya hae haufiufi.”​—1 Petrose 2:21.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na Jesu o ile a bolella batho ditaba tse molemo le ho etsa mehlolo jwang.

4. Jesu o ile a bolella batho ditaba tse molemo

Jesu o ile a tsamaya dikhilomithara tse makgolo ditseleng tse lepoqo, a bolella batho ba bangata ka hohle ka moo a ka kgonang ditaba tse molemo. Bala Luka 8:1 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na Jesu o ne a bolella batho ba tlileng ho yena feela ditaba tse molemo?

  • Jesu o ne a etsa boiteko bofe hore a fumane batho?

Modimo o ile a bolela esale pele hore Mesia o ne a tla bolella batho ditaba tse molemo. Bala Esaia 61:1, 2 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo jwang?

  • Na o nahana hore le kajeno batho ba ntse ba hloka ho utlwa ditaba tse molemo?

5. Jesu o ile a ruta batho dithuto tsa bohlokwa

Kantle le ho ruta batho ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo, Jesu o ne a boetse a ruta batho dintho tse ka ba thusang letsatsi le letsatsi. Nahana ka mehlala e seng mekae e tswang thutong ya hae e tsebahalang ka hore ke Thuto ya Thabeng. Bala Matheu 6:14, 34 le 7:12 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke dikeletso dife tseo Jesu a faneng ka tsona ditemaneng tsee?

  • Na o nahana hore dikeletso tsee di ntse di ka re thusa le kajeno?

6. Jesu o ile a etsa mehlolo

Jehova o ile a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo e mengata. Ho bona mohlala o le mong, bala Mareka 5:25-34 kapa o bapale VIDEO. Ka mora moo le buisane ka dipotso tse latelang.

  • Videong ee, mosadi ya neng a kula o ne a kgodisehile ka eng?

  • Ke eng eo o e ratang ka mohlolo oo?

Bala Johanne 5:36 ebe le buisana ka potso ena:

  • Mehlolo ya Jesu e ne e paka eng ka yena?

Na o ne o tseba?

Boholo ba ditaba tseo re di tsebang ka Jesu di tswa dibukeng tse nne tsa Bibele tse bitswang Dikosepele, e leng Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Mongodi e mong le e mong wa Kosepele o kenyelleditse dintlha tse fapaneng ka Jesu. Ha re bala dibuka tsena tse nne kaofela re bona ka ho hlakileng ka moo Jesu a neng a etsa dintho ka teng bophelong ba hae.

  • MATHEU

    o ngotse Kosepele ya hae pele. E re bolella ka dithuto tse ngata tsa Jesu, haholoholo tseo a di rutileng ka Mmuso wa Modimo.

  • MAREKA

    o ngotse Kosepele e kgutshwanyane ka ho fetisisa. E re bolella ka diketsahalo tse ngata tse thabisang.

  • LUKA

    o re bolella ka moo thapelo e neng e le bohlokwa ho Jesu le ka moo a neng a tshwara basadi ka mosa ka teng.

  • JOHANNE

    o re bolella ho hongata ka hore na Jesu e ne e le motho ya jwang ka ho pheta dintho tseo Jesu a neng a di bua le metswalle ya hae le batho ba bang.

BATHO BA BANG BA RE: “Jesu e ne e le motho feela ya lokileng, empa e ne e se Mesia.”

  • Wena o nahanang?

KAKARETSO

Jesu o ne a ruta ka Mmuso wa Modimo, a etsa mehlolo ebile a mamela Jehova maemong ohle.

Re Ithutileng?

  • Mosebetsi wa Jesu o ka sehloohong ha a le lefatsheng e ne e le ofe?

  • Mehlolo eo Jesu a e entseng e bontsha eng?

  • Jesu o ile a ruta dithuto dife tse ka re thusang?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke hobaneng ha re ka dumela hore mehlolo ya Jesu e etsahetse.

“O ka Ithuta Eng Mehlolong ya Jesu?” (Molula-Qhooa, July 15, 2004)

Bala hore na ntate e mong o ile a fetola bophelo ba hae jwang ka mora ho ithuta hore Jesu o ne a tsotella batho ba bang haholo.

“Ke ne ke Iphelela” (Molula-Qhooa, October 1, 2014)

Bona dintho tsa bohlokwa tseo Jesu a ileng a di etsa tshebeletsong ya hae ka tatellano ya tsona.

“Diketsahalo Tse ka Sehloohong Tsa Bophelo ba Jesu ha a le Lefatsheng” (Tataiso ya ho Ithuta Lentswe la Modimo, Karolo ya 4)

a Dikgaolo tsa 31-33 di tla bua haholwanyane ka Mmuso wa Modimo.