Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 18

Re ka Tseba Bakreste ba ’Nete Joang?

Re ka Tseba Bakreste ba ’Nete Joang?

Batho ba libilione ba ipolela hore ke Bakreste. Empa lintho tseo ba li lumelang lia fapana, hape ba phela ka melao e fapaneng. Joale re ka tseba Bakreste ba ’nete joang?

1. Ho ba Mokreste ho bolela’ng?

Bakreste ke barutuoa kapa balateli ba Jesu Kreste. (Bala Liketso 11:​26.) Ba bontša joang hore ehlile ke barutuoa ba Jesu? Jesu o ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka.” (Johanne 8:​31) Sena se bolela hore Bakreste ba ’nete ba lokela ho latela lithuto tsa Jesu. Kamehla Jesu o ne a ruta ka lintho tse tsoang ka Mangolong. Kahoo Bakreste ba ’nete le bona ba etsa se tšoanang.​—Bala Luka 24:27.

2. Bakreste ba ’nete ba bontša joang hore baa ratana?

Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le ratane feela joalokaha ke le ratile.” (Johanne 15:​12) Jesu o ile a bontša joang hore o rata barutuoa ba hae? O ne a ipha nako ea bona, a ba khothatsa ebile a ba thusa. O ile a ba a tela bophelo ba hae molemong oa bona. (1 Johanne 3:​16) Ka tsela e tšoanang, Bakreste ha ba bue ka molomo feela hore baa ratana. Lipuo le liketso tsa bona li bontša hantle hore baa ratana.

3. Bakreste ba ’nete ba phathahane ka mosebetsi ofe?

Jesu o file barutuoa ba hae mosebetsi. “A ba romela ho bolela ’Muso oa Molimo.” (Luka 9:2) Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba sa rutele libakeng tsa borapeli feela, ba ne ba ea libakeng tseo ba ka fumanang batho ho tsona le malapeng a bona. (Bala Liketso 5:​42; 17:​17.) Le mehleng ena Bakreste ba ’nete ba ruta batho Bibele hohle moo ba ba fumanang teng. Kaha ba rata batho, ba tela nako le matla a bona ho ba bolella molaetsa oa Bibele o khothatsang le o fanang ka tšepo.​—Mareka 12:31.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Bona hore na ke’ng e khethollang Bakreste ba ’nete ho batho ba sa lateleng lithuto tsa Jesu le ba sa mo etsiseng.

4. Ba batla ho utloisisa seo Bibele e se rutang

Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba nka Bibele e le bohlokoa

Ha se batho bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba nkang Bibele e le bohlokoa. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Likereke tse ling tse ipitsang hore ke tsa Bokreste li hlolehile joang ho ruta lithuto tsa Jesu?

Jesu o rutile ’nete e tsoang ka Lentsoeng la Molimo. Bala Johanne 18:​37 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho latela Jesu, re ka tseba Bakreste ba ka “lehlakoreng la ’nete” joang?

5. Ba ruta molaetsa oa Bibele

Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba ruta batho ba bang

Pele Jesu a khutlela leholimong, o ile a fa balateli ba hae mosebetsi o ntseng o tsoela pele le letsatsing lena. Bala Matheu 28:​19, 20 le Liketso 1:8 ebe le buisana ka potso ena:

  • Mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o ne o tla etsoa ho isa boholeng bofe?

6. Ba phela ntho eo ba e rutang

Ke’ng e ileng ea kholisa ntate Tom hore o fumane bolumeli ba ’nete? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke’ng e ileng ea etsa hore ntate Tom a lahle tšepo bolumeling?

  • Ke hobane’ng ha a kholisehile hore o fumane bolumeli ba ’nete?

Liketso li bua ho feta lipolelo. Bala Matheu 7:​21 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na taba ea bohlokoa ho Jesu ke lintho tseo re reng rea li lumela kapa tseo liketso tsa rona li bontšang hore rea li lumela?

7. Baa ratana

Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba ratana

Na Bakreste ba ee ba behe bophelo ba bona kotsing molemong oa Bakreste-’moho le bona? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke’ng e ileng ea susumetsa ntate Lloyd ho beha bophelo ba hae kotsing molemong oa ntate Johansson?

  • Na u nahana hore o entse lintho joaloka Mokreste oa ’nete?

Bala Johanne 13:​34, 35 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • U nahana hore barutuoa ba Jesu (Bakreste ba ’nete) ba ne ba tla tšoara batho ba merabe e meng kapa batho ba tsoang linaheng tse ling joang?

  • Ba ne ba tla etsa seo joang nakong ea lintoa?

BATHO BA BANG BA RE: “Bakreste ba entse lintho tse mpe haholo. Bolumeli ba bona e ka ba ba ’nete joang?”

  • Ke lengolo lefe leo u ka le ballang motho le bontšang hore na Bakreste ba ’nete ke ba joang?

KAKARETSO

Bakreste ba ’nete ba latela lithuto tsa Bibele, ba ratana ka lerato le se nang boithati ebile ba ruta ’nete e tsoang ka Bibeleng.

Re Ithutile’ng?

  • Bakreste ba ’nete ba theha tumelo ea bona hokae?

  • Ke’ng e khethollang Bakreste ba ’nete?

  • Bakreste ba ’nete ba etsa mosebetsi ofe?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute haholoanyane ka sehlopha sa batho ba mamelang lithuto tsa Jesu Kreste le ho mo etsisa.

Lipaki Tsa Jehova ke Bo-mang? (1:​13)

Bona hore na ke’ng e ileng ea susumetsa ’mè eo e neng e le moitlami hore a fumane “lelapa la batho ba ratang Molimo.”

“Ba Ile ba Sebelisa Bibele ho Araba Potso e ’Ngoe le e ’Ngoe!” (Molula-Qhooa, April 1, 2014)

Bona hore na Bakreste ba ’nete ba bontša joang hore ba rata Bakreste-’moho le bona ba hlokang thuso.

Re Thusa Bana ba bo Rona ba Hlahetsoeng ke Likoluoa​—Karoloana (3:57)

Bona hore na Bakreste ba mehleng ea pele le Bakreste ba ’nete ba mehleng ena ba bontša joang hore ba etsa lintho tseo Jesu a neng a itse li ne li tla khetholla balateli ba hae.

“Ke Matšoao Afe a Khethollang Bakreste ba ’Nete?” (Molula-Qhooa, March 1, 2012)