Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 22

U ka Bolella Batho ba Bang Litaba Tse Tsoang ka Bibeleng Joang?

U ka Bolella Batho ba Bang Litaba Tse Tsoang ka Bibeleng Joang?

Ha u ntse u ithuta ’nete ea Bibele, u ka ’na oa utloa eka u lokela ho bolella motho e mong le e mong ka seo u ithutileng sona. Kannete batho bohle ba hloka ho tseba ’nete ena. Leha ho le joalo, u ka ’na oa utloa u tšaba ho bolella batho ba bang ka seo u ithutileng sona. A re bone hore na u ka hlola bothata boo joang ’me oa qala ho bolella batho ba bang litaba tse tsoang ka Bibeleng u thabile.

1. U ka etsa’ng hore u bolelle batho bao u ba tsebang lintho tseo u ithutileng tsona?

Barutuoa ba Jesu ba ile ba re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Liketso 4:​20) Ba ne ba rata lintho tseo ba ithutileng tsona hoo ba neng ba batla ho li bolella batho ba bangata kahohle kamoo ba ka khonang. Na le uena u ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, batla menyetla ea hore ka tlhompho u bolelle ba lelapa le metsoalle ea hao hore na u ithutile’ng.​—Bala Bakolose 4:6.

Tse ling tsa lintho tse tla u thusa hore u qalelle ho bua le ba bang

  • Ha u bua le ba lelapa, qala moqoqo oa Bibele ka ho re: “Ho na le ntho e thabisang eo ke ithutileng eona bekeng ena.”

  • Bolella motsoalle oa hao ea tšoenyehileng kapa ea kulang ka lengolo le khothatsang la Bibele.

  • Ha batho bao u sebetsang le bona ba u botsa hore na u ntse u ea joang, ba bolelle seo u ithutileng sona ha u ntse u ithuta Bibele kapa ha u le libokeng.

  • Bontša metsoalle ea hao websaete ea jw.org.

  • Mema batho ba bang hore ba be teng nakong eo le ithutang Bibele kapa u ba bontše hore na ba ka etsa kopo ea ho ithuta Bibele joang ho jw.org.

2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u sebetse le phutheho ha u bua le batho ka Bibele?

Barutuoa ba Jesu ba ne ba sa bolelle batho bao ba ba tsebang feela ka Lentsoe la Molimo. Jesu o ile a “ba romela ka bobeli ka pele ho eena ho kena motseng o mong le o mong” hore ba il’o ruta batho. (Luka 10:1) Tsela eo e hlophisehileng ea ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Lentsoe la Molimo, e ile ea fa batho ba bangata monyetla oa hore ba utloe litaba tsena tse monate. Barutuoa ba Jesu ba ne ba thabela ho ruta batho Lentsoe la Molimo ba le ’moho. (Luka 10:​17) Na le uena u batla ho sebetsa le phutheho ha u bua le batho ka Bibele?

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka etsa’ng hore u se ke oa tšoha e le hore u utloe thabo e tlisoang ke ho bua le batho ka Bibele.

3. Jehova o tla ba le uena

Batho ba bang ba ka tšosoa ke hore na batho ba tla re’ng ka bona ha ba bua le bona ka molaetsa oa Bibele.

  • Na oa tšoha ha u lokela ho bolella batho ba bang hore na u ithutile’ng? Ke eng e etsang hore u tšohe kapa u se ke oa tšoha?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Bacha ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba etsa’ng hore ba se ke ba tšaba ho bua ka Bibele?

Bala Esaia 41:​10 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Thapelo e ka u thusa joang haeba u utloa u tšaba ho bua le batho ba bang ka Bibele?

Na u ne u tseba?

Lipaki Tsa Jehova tse ngata li kile tsa utloa eka li ke ke tsa khona ho ba le sebete sa ho bua le batho ka Bibele. Ka mohlala, Sergey o ne a utloa ho le thata hore a bue le batho ba bang ebile a ikutloa a se na thuso, eaba o ithuta Bibele. O re: “Le hoja ke ne ke tšoha, ke ile ka qala ho bua le batho ba bang ka seo ke ithutileng sona. Ho makatsang ke hore ho bua le batho ba bang ka Bibele ho ile ha etsa hore ke be sebete. Ho ile ha boela ha matlafatsa tumelo ea ka.”

4. Bua ka tlhompho

Ha u bua le batho ba bang ka Bibele, nahana ka hore na u tl’o re’ng le hore na u tl’o bua joang ka tsela e bontšang tlhompho. Bala 2 Timothea 2:​24 le 1 Petrose 3:​15 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • U ka sebelisa litemana tsee joang haeba u bua le batho ba bang ka Bibele?

  • Ba lelapa kapa metsoalle ea hao ba ka ’na ba se lumellane le uena. U lokela ho etsa’ng? Ha oa lokela ho etsa’ng?

  • Ke hobane’ng ha ho ka ba molemo hore u ba botse lipotso ka bohlale ho e-na le ho ba qobella hore ba lumellane le uena?

5. Ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele hoa thabisa

Jehova o ile a fa Jesu mosebetsi oa ho ruta batho Lentsoe la hae. Jesu o ne a ikutloa joang ka mosebetsi oo? Bala Johanne 4:​34 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Ho ja lijo tse nang le phepo ho etsa hore u phele hantle ebile ho etsa hore u thabe. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bapisa ho ja le ho etsa thato ea Molimo, e akarelletsang ho bolella ba bang molaetsa oa Molimo?

  • Ke eng e tla u thabisa ka ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele?

Lintho tseo u ka li etsang

  • Ha u le libokeng tsa har’a beke, ithute litsela tsa ho qalisa moqoqo le batho ba bang.

  • Botsa motho ea u rutang Bibele hore na u lokela ho etsa’ng e le hore u fane ka lipuo libokeng tsa har’a beke. Ho fana ka lipuo tseo ho tla u koetlisetsa hore u khone ho bua le batho ka lintho tseo u ithutang tsona.

  • Sebelisa karolo ea “Batho ba Bang ba Re” kapa ea “Motho a ka ’na a Re,” tse hlahang bukeng ena e le hore u ithute hore na u ka araba joang haeba batho ba bua lintho tse tšoanang le tseo.

MOTHO A KA ’NA A RE: “U ntse u ea joang?”

  • U ka sebelisa monyetla oo joang ho bolella motho eo ka seo u ithutileng sona Bibeleng?

KAKARETSO

Ho bua le batho ba bang ka Bibele hoa thabisa ebile ho ka ba bonolo ho feta kamoo u nahanang kateng.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele?

  • U ka etsa seo joang ka tsela e bontšang tlhompho?

  • U ka etsa’ng hore u se ke oa tšoha ha u bua le batho ka Bibele?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bona litsela tse ’nè tseo u ka li sebelisang ha u bua le batho ka Bibele u sebelisa karete ea jw.org.

Mehlala ea Seo U ka se Buang ha U Fana ka Karete ea Boitsebiso ea JW.ORG (1:​43)

Ithute lintho tse ’nè tse ka u thusang ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele.

“Na U Malala-a-Laotsoe Hore U be Motšoasi oa Batho?” (Molula-Qhooa, September 2020)

Shebella hore na mohlala o tsoang ka Bibeleng o ka re thusa joang hore re be sebete ha re bua le batho ka Bibele, le haeba re le bana.

Jehova o Tla U Thusa Hore U be Sebete (11:59)

Bona hore na u ka etsa’ng e le hore u bue ka Bibele le ba lelapa ba e-s’o ka ba ithuta ka Jehova.

“Ho Finyella Lipelo Tsa Beng ka Rōna ba sa Lumelang” (Molula-Qhooa, March 15, 2014)