Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 25

Modimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Jwang?

Modimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Jwang?

Bibele e re batho ba phela bophelo bo ‘bokgutshwanyane le bo tletseng dikgathatso.’ (Jobo 14:1) Na ke tsela eo Modimo a neng a batla hore re phele ka yona? Haeba ha ho jwalo, morero wa hae ke ofe ka rona? Na morero wa hae o tla ke o phethahale? Fumana dikarabo ka Bibeleng.

1. Jehova o batla hore re phele bophelo bo jwang?

Jehova o batla hore re phele ha monate. Ha a qeta ho bopa batho ba pele, e leng Adama le Eva, o ile a ba beha serapeng se setle sa Edene. Ka mora moo, “Modimo a ba hlohonolofatsa mme Modimo a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse.’” (Genese 1:28) Jehova o ne a batla hore ba be le bana, ba etse lefatshe lohle paradeise mme ba hlokomele diphoofolo. O ne a batla hore batho kaofela ba phele ha monate ba sa kule le hore ba phele ka ho sa feleng.

Le hoja re sa phele ka tsela eo Modimo a neng a batla hore re phele ka yona, a o ntse a batla hore nakong e tlang re phele ha monate. (Esaia 46:10, 11) O ntse a batla hore batho ba mo mamelang ba phele ka ho sa feleng maemong a matle.​—Bala Tšenolo 21:3, 4.

2. Ke jwang re ka dulang re thabile hona jwale?

Jehova o re bopile re na le tlhoko ya ho batla ho tataiswa ke yena, ke ka hoo re batlang ho mo tseba le ho mo sebeletsa. (Bala Matheu 5:3-6.) O batla hore re be metswalle ya hae, re “tsamaye ditseleng tsohle tsa hae le ho mo rata” mme re mo sebeletse ka ‘dipelo tsohle tsa rona.’ (Deuteronoma 10:12; Pesaleme ya 25:14) Haeba re etsa jwalo, re tla thaba le hoja re na le mathata. Ha re sebeletsa Jehova, re a thaba hobane re phela ka tsela eo a e batlang.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute ka lerato leo Jehova a ileng a re bontsha lona ha a ne a bopa lefatshe le ka seo Bibele e se rutang ka morero wa hae ka batho.

3. Jehova o batla hore batho ba phele ha monate

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ke hobaneng ha Modimo a ile a bopa lefatshe?

Bala Moeklesia 3:11 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • O ithutang ka Jehova temaneng ee?

4. Morero wa Jehova ha o eso fetohe

Bala Pesaleme ya 37:11, 29 le Esaia 55:11 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Re tseba jwang hore morero wa Jehova ka rona ha o eso fetohe?

5. Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re thabe

Ho tseba hore na re phelelang ho ka etsa hore re thabe. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Taba ya hore mme Terumi o ne a tseba hore na o phelelang e ile ya mo thusa jwang?

Bala Moeklesia 12:13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tse ngata tseo Jehova a re etseditseng tsona?

MOTHO A KA NNA A RE: “Re phelelang?”

  • O ka mo araba jwang?

KAKARETSO

Jehova o batla hore re thabele ho phela ka ho sa feleng maemong a matle mona lefatsheng. Ha re sebeletsa Jehova ka dipelo tsohle tsa rona, re ka dula re thabile le hona jwale.

Re Ithutileng?

  • Jehova o ne a batla hore Adama le Eva ba phele bophelo bo jwang?

  • Re tseba jwang hore morero wa Modimo ka batho ha o eso fetohe?

  • Keng e ka o thusang hore o dule o thabile?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore serapa sa Edene se ne se le teng.

“Serapa sa Edene​—Na ke Nnete Kapa ke Pale e Iqapetsweng?” (Molula-Qhooa, January 1, 2011)

Ithute hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore lefatshe le tla dula le le teng.

“Na Lefatshe le Tla Fediswa?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na Bibele e re re phelelang.

“Morero wa Bophelo ke Ofe?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na ntate e mong o ne a se na eng bophelong le hoja a ne a nahana hore o na le ntho e nngwe le e nngwe.

Hona Jwale ke se ke Tseba Hore na ke Phelelang (3:55)

a Kgaolong e latelang, o tla ithuta hore na bothata bo qadile hokae.