Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 27

Lefu la Jesu le ka re Pholosa Joang?

Lefu la Jesu le ka re Pholosa Joang?

Kaha banyalani ba pele e leng Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo, a re baetsalibe, re hlaheloa ke mathata ebile rea shoa. Leha ho le joalo re na le tšepo. Jehova o fane ka Mora oa hae e leng Jesu Kreste ho re pholosa sebeng le lefung. Bibele e ruta hore Jesu o ile a fana ka thekollo ha a ne a shoa. Thekollo kapa topollo ke chelete kapa ntho e pataloang e le hore ho lokolloe motho e mong. Jesu o ile a re lopolla ka hore a fane ka bophelo ba hae. (Bala Matheu 20:​28.) Ha Jesu a ne a tela monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, o ile a re bulela monyetla oa hore re fumane lintho tsohle tseo Adama le Eva ba neng ba li lahlile. Hape Jesu o ile a bontša hore eena le Jehova ba re rata haholo. Khaolo ena e tla u thusa ho ananela lefu la Jesu.

1. Lefu la Jesu le re thusa joang kajeno?

Kaha re baetsalibe, re etsa lintho tse ngata tse sa thabiseng Jehova. Empa haeba re soabela libe tsa rona, re kopa hore Jehova a re tšoarele ka lebitso la Jesu Kreste ’me re leka kahohle hore re se ke ra pheta liphoso tseo, re tla ba metsoalle ea Molimo. (1 Johanne 2:1) Bibele e re: “Kreste o ile a shoa hang le ka ho ke keng ha phetoa malebana le libe, motho ea lokileng bakeng sa ba sa lokang, e le hore a ka le isa ho Molimo.”​—1 Petrose 3:18.

2. Lefu la Jesu le tla re thusa joang nakong e tlang?

Jehova o ile a romela Jesu e le hore a tl’o fana ka bophelo ba hae bo se nang sebe “e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho [Jesu] a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:​16) Re leboha Jesu ka seo a re etselitseng sona hobane haufinyane Jehova o tla felisa lintho tsohle tse mpe tse bakiloeng ke ho se mamele ha Adama. Sena se bolela hore haeba re bontša tumelo sehlabelong sa Jesu, re tla ba le monyetla oa ho thabela ho phela ka ho sa feleng paradeiseng mona lefatšeng.​—Esaia 65:​21-​23.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute lintlha tse ling ka hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka bophelo ba hae le hore na seo se u tsoela molemo joang.

3. Lefu la Jesu le re pholosa sebeng le lefung

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Adama o ile a lahleheloa ke’ng ka lebaka la ho se mamele Molimo?

Bala Baroma 5:​12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Sebe seo Adama a se entseng se u baketse mathata afe?

Bala Johanne 3:​16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela Mora oa hae lefatšeng?

  1. Adama e ne e le motho ea phethahetseng empa ha aa ka a mamela Molimo, kahoo a etsa hore batho ba hlahe ba e-na le sebe ’me ba shoe

  2. Jesu e ne e le motho ea phethahetseng ’me o ile a mamela Molimo, ka lebaka leo a bulela batho monyetla oa hore ba phethahale le ho phela ka ho sa feleng

4. Lefu la Jesu le ka thusa batho bohle

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ke joang lefu la motho a le mong le ka pholosang batho bohle?

Bala 1 Timothea 2:​5, 6 ebe le buisana ka potso ena:

  • Adama o ne a se na sebe empa kaha o ile a etsa sebe, batho bohle ke baetsalibe ebile baa shoa. Jesu le eena o ne a se na sebe. Ke joang a ileng a khona ho lopolla batho bohle?

5. Thekollo ke mpho eo Jehova a u fileng eona

Metsoalle ea Jehova e nka thekollo e le mpho eo Jehova a e fileng motho e mong le e mong. Ka mohlala, bala Bagalata 2:​20 ebe le buisana ka potso ena:

  • Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o nka thekollo e le mpho eo a e filoeng?

Ka mor’a hore Adama a etse sebe, eena le bana ba hae ba ne ba lokela ho shoa. Empa Jehova o ile a romela Mora oa hae hore a tl’o shoa e le hore u ka ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.

Ha u ntse u bala litemana tse latelang, nahana hore na e tlameha ebe Jehova o ile a ikutloa joang ha a bona Mora oa hae a utloisoa bohloko. Bala Johanne 19:​1-7, 16-​18 ebe le buisana ka potso ena:

  • U ikutloa joang ka seo Jehova le Jesu ba u etselitseng sona?

MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke joang motho a le mong a ka shoelang batho bohle?”

  • U ka mo araba joang?

KAKARETSO

Lefu la Jesu le etsa hore Jehova a re tšoarele libe hape le etsa hore re be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa?

  • Ke joang bophelo ba Jesu bo se nang sebe e ileng ea e-ba thekollo?

  • Lefu la Jesu le ka u thusa joang?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke hobane’ng ha ho thoe bophelo ba Jesu ke thekollo.

“Ke Joang Sehlabelo sa Jesu e Leng ‘Thekollo Bakeng sa ba Bangata’?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re pholosoe sebeng le lefung.

“Jesu o Pholosa Batho Joang?” (Sehlooho se websaeteng)

Na Jehova a ka u tšoarela leha u entse sebe se seholo?

“Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” (Molula-Qhooa, May 1, 2013)

Hlokomela kamoo ho ithuta ka sehlabelo sa Kreste ho ileng ha thusa ntate emong ho fetola botho ba hae.

Ha ke sa le Lekhoba la Ntoa” (Sehlooho se websaeteng)

a Sebe ha se feela ketso ea ho etsa ntho e mpe. Empa hape ke boemo ba boetsalibe boo re bo futsitseng.