Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 27

Lefu la Jesu le ka re Pholosa Jwang?

Lefu la Jesu le ka re Pholosa Jwang?

Ka ha banyalani ba pele e leng Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Modimo, a re baetsadibe, re hlahelwa ke mathata ebile re a shwa. Le ha ho le jwalo re na le tshepo. Jehova o fane ka Mora wa hae e leng Jesu Kreste ho re pholosa sebeng le lefung. Bibele e ruta hore Jesu o ile a fana ka thekollo ha a ne a shwa. Thekollo kapa topollo ke tjhelete kapa ntho e patalwang e le hore ho lokollwe motho e mong. Jesu o ile a re lopolla ka hore a fane ka bophelo ba hae. (Bala Matheu 20:28.) Ha Jesu a ne a tela monyetla wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng, o ile a re bulela monyetla wa hore re fumane dintho tsohle tseo Adama le Eva ba neng ba di lahlile. Hape Jesu o ile a bontsha hore yena le Jehova ba re rata haholo. Kgaolo ena e tla o thusa ho ananela lefu la Jesu.

1. Lefu la Jesu le re thusa jwang kajeno?

Ka ha re baetsadibe, re etsa dintho tse ngata tse sa thabiseng Jehova. Empa haeba re swabela dibe tsa rona, re kopa hore Jehova a re tshwarele ka lebitso la Jesu Kreste mme re leka ka hohle hore re se ke ra pheta diphoso tseo, re tla ba metswalle ya Modimo. (1 Johanne 2:1) Bibele e re: “Kreste o ile a shwa hang le ka ho ke keng ha phetwa malebana le dibe, motho ya lokileng bakeng sa ba sa lokang, e le hore a ka le isa ho Modimo.”​—1 Petrose 3:18.

2. Lefu la Jesu le tla re thusa jwang nakong e tlang?

Jehova o ile a romela Jesu e le hore a tlo fana ka bophelo ba hae bo se nang sebe “e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho [Jesu] a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Re leboha Jesu ka seo a re etseditseng sona hobane haufinyane Jehova o tla fedisa dintho tsohle tse mpe tse bakilweng ke ho se mamele ha Adama. Sena se bolela hore haeba re bontsha tumelo sehlabelong sa Jesu, re tla ba le monyetla wa ho thabela ho phela ka ho sa feleng paradeiseng mona lefatsheng.​—Esaia 65:21-23.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute dintlha tse ding ka hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a fana ka bophelo ba hae le hore na seo se o tswela molemo jwang.

3. Lefu la Jesu le re pholosa sebeng le lefung

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Adama o ile a lahlehelwa keng ka lebaka la ho se mamele Modimo?

Bala Baroma 5:12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Sebe seo Adama a se entseng se o baketse mathata afe?

Bala Johanne 3:16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha Jehova a ile a romela Mora wa hae lefatsheng?

  1. Adama e ne le motho ya phethahetseng empa ha a ka mamela Modimo, ka hoo a etsa hore batho ba hlahe ba na le sebe mme ba shwe

  2. Jesu e ne le motho ya phethahetseng mme o ile a mamela Modimo, ka lebaka leo a bulela batho monyetla wa hore ba phethahale le ho phela ka ho sa feleng

4. Lefu la Jesu le ka thusa batho bohle

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ke jwang lefu la motho a le mong le ka pholosang batho bohle?

Bala 1 Timothea 2:5, 6 ebe le buisana ka potso ena:

  • Adama o ne a se na sebe empa ka ha o ile a etsa sebe, batho bohle ke baetsadibe ebile ba a shwa. Jesu le yena o ne a se na sebe. Ke jwang a ileng a kgona ho lopolla batho bohle?

5. Thekollo ke mpho eo Jehova a o fileng yona

Metswalle ya Jehova e nka thekollo e le mpho eo Jehova a e fileng motho e mong le e mong. Ka mohlala, bala Bagalata 2:20 ebe le buisana ka potso ena:

  • Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o nka thekollo e le mpho eo a e filweng?

Ka mora hore Adama a etse sebe, yena le bana ba hae ba ne ba lokela ho shwa. Empa Jehova o ile a romela Mora wa hae hore a tlo shwa e le hore o ka ba le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.

Ha o ntse o bala ditemana tse latelang, nahana hore na e tlameha ebe Jehova o ile a ikutlwa jwang ha a bona Mora wa hae a utlwiswa bohloko. Bala Johanne 19:1-7, 16-18 ebe le buisana ka po­tso ena:

  • O ikutlwa jwang ka seo Jehova le Jesu ba o etseditseng sona?

MOTHO A KA NNA A RE: “Ke jwang motho a le mong a ka shwelang batho bohle?”

  • O ka mo araba jwang?

KAKARETSO

Lefu la Jesu le etsa hore Jehova a re tshwarele dibe hape le etsa hore re be le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha Jesu a ile a shwa?

  • Ke jwang bophelo ba Jesu bo se nang sebe e ileng ya ba thekollo?

  • Lefu la Jesu le ka o thusa jwang?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke hobaneng ha hothwe bophelo ba Jesu ke thekollo.

“Ke Jwang Sehlabelo sa Jesu e Leng ‘Thekollo Bakeng sa ba Bangata’?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na re lokela ho etsang e le hore re pholoswe sebeng le lefung.

“Jesu o Pholosa Batho Jwang?” (Sehlooho se websaeteng)

Na Jehova a ka o tshwarela le ha o entse sebe se seholo?

“Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa” (Molula-Qhooa, May 1, 2013)

Hlokomela ka moo ho ithuta ka sehlabelo sa Kreste ho ileng ha thusa ntate e mong ho fetola botho ba hae.

“Ha ke sa le Lekgoba la Ntwa” (Sehlooho se websaeteng)

a Sebe ha se feela ketso ya ho etsa ntho e mpe. Empa hape ke boemo ba boetsadibe boo re bo futsitseng.