Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 30

Batho Bao re ba Ratang ba Tla Tsoswa

Batho Bao re ba Ratang ba Tla Tsoswa

Lefu le utlwisa bohloko ebile le baka mathata. Ke ka hoo Bibele e reng lefu ke sera. (1 Bakorinthe 15:26) Kgaolong ya 27 o ile wa ithuta hore Jehova o tla fedisa sera seo. Empa ho tla etsahalang ka batho ba seng ba hlokahetse? Kgaolong ena o tla ithuta ka tshepiso e nngwe ya Jehova e thabisang ya hore o tlo tsosa batho ba dibilione hore ba tlo phela ka ho sa feleng. Na seo se ka etsahala? Na ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong kapa lefatsheng?

1. Ke eng eo Jehova a batlang ho e etsa ka batho bao re ba ratang ba seng ba hlokahetse?

Jehova o batla ho tsosa bafu. Monna e mong ya neng a na le tumelo e leng Jobo, o ne a kgodisehile hore ha a ka shwa Modimo a ke ke a mo lebala. O ile a re ho Modimo: “O tla howa mme ke tla o araba [ke le lebitleng].”​—Bala Jobo 14:13-15.

2. Re tseba jwang hore bafu ba tla tsoswa?

Ha Jesu a le lefatsheng, Modimo o ile a mo fa matla a ho tsosa bafu. Jesu o ile a tsosa ngwanana ya dilemo di 12 a ba a tsosa le mora wa mohlolohadi. (Mareka 5:41, 42; Luka 7:12-15) Ha morao Lazaro motswalle wa Jesu o ile a shwa. Le hoja e ne e se e le matsatsi a mane Lazaro a shwele a bile a patilwe, Jesu o ile a mo tsosa. Ka mora hore Jesu a rapele Modimo o ile a hweletsa a shebile lebitleng a re: “Lazaro, tswa!” Ka mora moo, “monna ya neng a shwele a tswa” a phela. (Johanne 11:43, 44) E tlameha ebe lelapa labo Lazaro le metswalle ya hae ba ne ba thabile haholo.

3. Ho na le tshepo efe ka batho bao o ba ratang ba seng ba hlokahetse?

Bibele e a re tshepisa e re: “Ho tla ba le tsoho.” (Liketso 24:15) Batho bao Jesu a ileng a ba tsosa ha a ne a le lefatsheng, ba ne ba sa ya leho­dimong. (Johanne 3:13) Ba ne ba thabetse ho tla phela hape mona lefatsheng. Ka ho tshwanang, haufinyane Jesu o tla tsosa batho ba dibilione hore ba tlo phela ka ho sa feleng paradeiseng, mona lefatsheng. O ile a re “bohle ba mabitleng a kgopotso” ba tla tsoswa. Modimo o tla tsosa batho ba mohopolong wa hae, esita le bao ho se nang motho ya hopolang hore ba kile ba phela.​—Johanne 5:28, 29.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Fumana bopaki ka Bibeleng bo bontshang hore bafu ba tlo tsoswa. Ithute hore na tsoho ya bafu e ka o tshedisa ya ba ya o fa tshepo jwang.

4. Jesu o ile a bontsha hore a ka kgona ho tsosa bafu

Ithute hore na Jesu o ile a etsetsa motswalle wa hae Lazaro eng. Bala Johanne 11:14, 38-44 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Re tseba jwang hore Lazaro o ne a hlile a shwele? (Sheba temana ya 39.)

  • Haeba Lazaro a ne a ile lehodimong, na o nahana hore Jesu o ne a tla mo kgutlisa hore a tlo phela lefatsheng?

Bapala VIDEO.

5. Batho ba bangata ba tla tsoswa

Bala Pesaleme ya 37:29 ebe le buisana ka potso ena:

  • Batho ba dibilione ba tla tsoswa ba tlo phela hokae?

Jesu o tla tsosa batho ba bangata ho akarelletsa le ba neng ba sa rapele Jehova. Bala Liketso 24:15 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke mang eo o ka thabelang ho mo bona a tsositswe?

Nahana ka sena: Jesu a ka tsosa motho ha bonolo feela jwalo ka ha ntate a ka tsosa ngwana wa hae ya robetseng

6. Tsoho ya bafu e ka o tshedisa le ho o fa tshepo

Tlaleho ya Bibele ya moradi wa Jairuse e tshedisitse batho ba bangata ba hlokahalletsweng le ho ba kgothatsa. Bala pale ena ho Luka 8:40-42, 49-56.

Pele Jesu a tsosa moradi wa Jairuse o ile a re ho ntate wa hae: “O se ke wa tshaba, o mpe o bontshe tumelo.” (Sheba temana ya 50.) Tshepo ya hore bafu ba tla tsoswa e ka o thusa jwang . . .

  • ha o hlokahallwa ke motho eo o mo ratang?

  • ha bophelo ba hao bo le kotsing?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena.

  • Tshepo ya hore bafu ba tla tsoswa e ile ya tshedisa le ho kgothatsa batswadi ba Phelicity jwang?

BATHO BA BANG BA RE: “Ho thata ho dumela hore ka nnete batho ba hlokahetseng ba tla tsoswa.”

  • Wena o nahana jwang?

  • O ka sebedisa lengolo lefe ho bontsha motho hore bafu ba tlo tsoswa?

KAKARETSO

Bibele e re tshepisa hore batho ba dibilione ba hlokahetseng ba tlo tsoswa. Jehova o batla hore ba tlo phela hape mme o file Jesu matla a ho ba tsosa.

Re Ithutileng?

  • Jehova le Jesu ba ikutlwa jwang ka ho tsosa bafu?

  • Na batho ba dibilione ba tlo tsoswa ba tla phela lehodimong kapa lefatsheng? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

  • Ke eng e o kgodisang hore batho bao o ba ratang ba seng ba hlokahetse ba tla tsoswa?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bala ka dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang ha o hlokahalletswe.

“Batho ba Hlokahalletsweng ba ka Thuswa Keng?” (Fadimehang! No. 3 2018)

Na ka nnete Bibele e ka thusa motho ya hlokahalletsweng?

O ka Tshediswa Keng ha Motho eo o mo Ratang a Hlokahala? (5:06)

Bana ba ka thuswa ke eng ha ba hlokahalletswe ke motho eo ba mo ratang?

Thekollo (2:07)

Na ho na le batho ba tla tsosetswa ho ya lehodimong? Ke bomang ba ke keng ba tsoswa?

“Tsoho ya Bafu Keng?” (Sehlooho se websaeteng)