Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 32

’Muso oa Molimo oa Busa

’Muso oa Molimo oa Busa

’Muso oa Molimo o qalile ho busa leholimong ka selemo sa 1914, e leng nako eo mehla ea bofelo e qalileng ka eona. Re tseba seo joang? Re tl’o bua ka boprofeta ba Bibele, lintho tse etsahalang lefatšeng le tsela eo esale batho ba etsa lintho ka eona ho tloha ka 1914.

1. Ke’ng seo Bibele e ileng ea se profeta?

Buka ea Bibele ea Daniele e ile ea bontša hore ’Muso oa Molimo o ne o tla busa qetellong ea “linako tse supileng.” (Daniele 4:16, 17) Lilemo tse makholo hamorao, Jesu o ile a hlalosa linako tseo e le “linako tse behiloeng tsa lichaba,” a ba a ruta hore ha li e-s’o fele. (Luka 21:24) Ha re ntse re ithuta, u tl’o hlokomela hore linako tse supileng li ile tsa fela ka selemo sa 1914.

2. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ho tloha ka 1914 le tsela eo batho ba etsang lintho ka eona

Barutuoa ba Jesu ba ile ba re ho eena: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ha Jesu a ba araba, o ile a ba bolella lintho tse ngata tse neng li tla etsahala ha a qala ho busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Tse ling tsa tsona ke lintoa, khaello ea lijo le litšisinyeho tsa lefatše. (Bala Matheu 24:7.) Hape khale Bibele e boletse hore tsela eo batho ba etsang lintho ka eona “matsatsing a ho qetela” e ne e tla etsa hore bophelo bo be “thata.” (2 Timothea 3:1-5) Lintho tsena li ile tsa bonahala hantle ho tloha ka selemo sa 1914.

3. Ke hobane’ng ha maemo a lefatše a ile a ba mabe le ho feta ha ’Muso oa Molimo o qala ho busa?

Ka mor’a hore Jesu e be Morena oa ’Muso oa Molimo, o ile a loana le Satane le bademona ba hae leholimong. Jesu o ile a hlola Satane. Bibele e re Satane o ile a ‘liheloa tlaase lefatšeng ’me mangeloi a hae a liheloa tlaase le eena.’ (Tšenolo 12:9, 10, 12) Satane o halefile haholo hobane oa tseba hore o tl’o felisoa. Ka lebaka leo, o etsa hore ho be le mathata le lintho tse bohloko lefatšeng. Taba ena e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse mpe hakana. ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata ana kaofela.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na re tseba joang hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914 le hore na seo se bolela’ng ho rona.

4. Linako tse hlahang ka Bibeleng li bontša hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914

Molimo o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare oa Babylona a be le toro e neng e mo bontša hore na ho ne ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Toro eo le tlhaloso eo Daniele a faneng ka eona e bua ka puso ea Nebukadnezare le ’Muso oa Molimo.—Bala Daniele 4:17. a

Bala Daniele 4:20-26 ebe u sebelisa chate e latelang ho araba lipotso tsena:

  • (A) Nebukadnezare o ile a bona’ng torong ea hae? (Sheba temana ea 20 le 21.)

  • (B) Ho ne ho tla etsahala’ng ka sefate seo? (Sheba temana ea 23.)

  • (C) Ho ne ho tla etsahala’ng qetellong ea “linako tse supileng”? (Sheba temana ea 26.)

Toro ea Sefate e Amana Joang le ’Muso oa Molimo?

BOPROFETA (Daniele 4:20-36)

Puso

(A) Sefate se seholo

Puso ea emisa

(B) “Remang sefate” ’me le emele hore ‘linako tse supileng li fete’

Puso e tsoela pele

(C) “ ’Muso oa hao o tla [khutlisetsoa] ho uena”

Ha ho phethahala karolo ea pele ea boprofeta bona . . .

  • (D) Sefate se ne se emela mang? (Sheba temana ea 22.)

  • (E) O ile a emisa ho busa neng? (Bala Daniele 4:29-33.)

  • (F) Ho ile ha etsahala’ng ka Nebukadnezare qetellong ea “linako tse supileng”? (Bala Daniele 4:34-36.)

KAROLO EA PELE EA BOPROFETA EA PHETHAHALA

Puso

(D) Nebukadnezare Morena oa Babylona

Puso ea emisa

(E) Ka mor’a selemo sa 606 pele ho mehla ea Jesu, Nebukadnezare o lahleheloa ke kelello ebile o hloleha ho busa ka lilemo tse supileng

Puso e tsoela pele

(F) Nebukadnezare oa fola ’me o tsoela pele ho busa

Ha karolo ea bobeli ea boprofeta bona e phethahala . . .

  • (G) Sefate se ne se emela mang? (Bala 1 Likronike 29:23.)

  • (H) Ba ile ba emisa ho busa neng? Re tseba joang hore ba ne ba sa buse ha Jesu a le lefatšeng? (Bala Luka 21:24.)

  • (I) ’Muso oo o ile oa qala ho busa neng hape, hona o busa hokae?

KAROLO EA BOBELI EA BOPROFETA EA PHETHAHALA

Puso

(G) Marena a Iseraele a emelang bobusi ba Molimo

Puso ea emisa

(H) Jerusalema ea felisoa ’me marena a Iseraele a emisa ho busa ka lilemo tse 2 520

Puso e tsoela pele

(I) Jesu o qala ho busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo

Linako tse supileng li telele hakae?

Likarolo tse itseng tsa Bibele li re thusa ho utloisisa likarolo tse ling tsa eona. Ka mohlala, lengolo la Tšenolo le re linako tse tharo le halofo li lekana le matsatsi a 1 260. (Tšenolo 12:6, 14) Linako tse supileng ke matsatsi a 1 260 ka makhetlo a mabeli, e leng matsatsi a 2 520. Ka linako tse ling ka Bibeleng, letsatsi le emela selemo. (Ezekiele 4:6) Sena ke sona se etsahetseng ka linako tse supileng tseo ho buuoang ka tsona lengolong la Daniele. Linako tseo tse supileng li emela lilemo tse 2 520.

5. Ho tloha ka 1914 boemo ba lefatše bo ile ba fetoha

Jesu o ile a bua ka lintho tse neng li tla etsahala lefatšeng ka mor’a hore e be Morena. Bala Luka 21:9-11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Linthong tse hlahang moo, ke life tseo u kileng oa li bona kapa oa utloela ka tsona?

Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na batho ba ne ba tla ba joang mehleng ea bofelo. Bala 2 Timothea 3:1-5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na ho na le batho bao u kileng oa bona ba etsa lintho tsee?

6. Taba ea hore ’Muso oa Molimo oa busa e lokela ho re khothatsa

Bala Matheu 24:3, 14 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa o bontšang hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale?

  • U ka thusetsa joang mosebetsing oo?

’Muso oa Molimo oa busa hona joale ’me nako ea hore o buse ka ho feletseng lefatšeng e haufi. Bala Baheberu 10:24, 25 ebe le buisana ka potso ena:

  • E mong le e mong oa rona o lokela ho etsa’ng joalokaha re bona “letsatsi le ntse le atamela”?

Haeba ho ne ho e-na le ntho eo u e tsebang e neng e tla thusa batho ba bang e be e pholose bophelo ba bona, u ne u tla etsa’ng?

MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li re 1914 ke selemo sa bohlokoa?”

  • U ka mo araba joang?

KAKARETSO

Boprofeta ba Bibele, linako tse hlahang ka Bibeleng le maemo a lefatše li bontša hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale. Re bontša hore re lumela sena ka ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele le ka ho ea libokeng tsa Bokreste.

Re Ithutile’ng?

  • Ho ile ha etsahala’ng qetellong ea linako tse supileng tseo lengolo la Daniele le buileng ka tsona?

  • Ke’ng e etsang hore u lumele hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka selemo sa 1914?

  • U ka bontša joang hore oa lumela hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Hlokomela hore na bo-rahistori le batho ba bang ba re’ng ka liphetoho tseo esale li etsahala mona lefatšeng ho tloha ka 1914.

“Nakong eo ka Eona Boitšoaro bo Ileng ba Nyehla ka Sekhahla” (Tsoha!, April 2007)

Bala hore na boprofeta bo ho Matheu 24:14 bo ile ba ama ntate e mong joang.

“Ke ne ke Rata Papali ea Baseball Haholo” (Molula-Qhooa No. 3 2017)

 Re tseba joang hore boprofeta bo hlahang lengolong la Daniele khaolo ea bone bo bua ka ’Muso oa Molimo?

“’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 1)” (Molula-Qhooa, October 1, 2014)

Ke’ng e bontšang hore “linako tse supileng” tseo ho buuoeng ka tsona ho Daniele khaolo ea bone li ile tsa fela ka 1914?

“’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 2)” (Molula-Qhooa, November 1, 2014)

a Bala  lihlooho tse peli tse qetellang karolong ea Batla khaolong ena.