Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 32

Mmuso wa Modimo o a Busa

Mmuso wa Modimo o a Busa

Mmuso wa Modimo o qadile ho busa lehodimong ka selemo sa 1914, e leng nako eo mehla ya bofelo e qadileng ka yona. Re tseba seo jwang? Re tlo bua ka boprofeta ba Bibele, dintho tse etsahalang lefatsheng le tsela eo esale batho ba etsa dintho ka yona ho tloha ka 1914.

1. Keng seo Bibele e ileng ya se profeta?

Buka ya Bibele ya Daniele e ile ya bontsha hore Mmuso wa Modimo o ne o tla busa qetellong ya “dinako tse supileng.” (Daniele 4:16, 17) Dilemo tse makgolo ha morao, Jesu o ile a hlalosa dinako tseo e le “dinako tse behilweng tsa ditjhaba,” a ba a ruta hore ha di so fele. (Luka 21:24) Ha re ntse re ithuta, o tlo hlokomela hore dinako tse supileng di ile tsa fela ka selemo sa 1914.

2. Dintho tse ileng tsa etsahala lefatsheng ho tloha ka 1914 le tsela eo batho ba etsang dintho ka yona.

Barutuwa ba Jesu ba ile ba re ho yena: “Pontsho e tla ba efe ya ho ba teng ha hao le ya qetello ya tsamaiso ya dintho?” (Matheu 24:3) Ha Jesu a ba araba, o ile a ba bolella dintho tse ngata tse neng di tla etsahala ha a qala ho busa lehodimong e le Morena wa Mmuso wa Modimo. Tse ding tsa tsona ke dintwa, kgaello ya dijo le ditshisinyeho tsa lefatshe. (Bala Matheu 24:7.) Hape kgale Bibele e boletse hore tsela eo batho ba etsang dintho ka yona “matsatsing a ho qetela” e ne e tla etsa hore bophelo bo be thata. (2 Timothea 3:1-5) Dintho tsena di ile tsa bonahala hantle ho tloha ka selemo sa 1914.

3. Ke hobaneng ha maemo a lefatshe a ile a ba mabe le ho feta ha Mmuso wa Modimo o qala ho busa?

Ka mora hore Jesu e be Morena wa Mmuso wa Modimo, o ile a lwana le Satane le bademona ba hae lehodimong. Jesu o ile a hlola Satane. Bibele e re Satane o ile a ‘dihelwa tlase lefatsheng mme mangeloi a hae a dihelwa tlase le yena.’ (Tšenolo 12:9, 10, 12) Satane o halefile haholo hobane o a tseba hore o tlo fediswa. Ka lebaka leo, o etsa hore ho be le mathata le dintho tse bohloko lefatsheng. Taba ena e re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ho etsahala dintho tse mpe hakana. Mmuso wa Modimo o tla fedisa mathata ana kaofela.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na re tseba jwang hore Mmuso wa Modimo o qadile ho busa ka 1914 le hore na seo se bolelang ho rona.

4. Dinako tse hlahang ka Bibeleng di bontsha hore Mmuso wa Modimo o qadile ho busa ka 1914

Modimo o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare wa Babylona a be le toro e neng e mo bontsha hore na ho ne ho tla etsahalang nakong e tlang. Toro eo le tlhaloso eo Daniele a faneng ka yona e bua ka puso ya Nebukadnezare le Mmuso wa Modimo.​—Bala Daniele 4:17. a

Bala Daniele 4:20-26 ebe o sebedisa tjhate e latelang ho araba dipotso tsena:

  • (A) Nebukadnezare o ile a bonang torong ya hae? (Sheba temana ya 20 le 21.)

  • (B) Ho ne ho tla etsahalang ka sefate seo? (Sheba temana ya 23.)

  • (C) Ho ne ho tla etsahalang qetellong ya “dinako tse supileng”? (Sheba temana ya 26.)

Toro ya Sefate e Amana Jwang le Mmuso wa Modimo?

BOPROFETA (Daniele 4:20-36)

Puso

(A) Sefate se seholo

Puso e a emisa

(B) “Remang sefate” mme le emele hore ‘dinako tse supileng di fete’

Puso e tswela pele

(C) “Mmuso wa hao o tla [kgutlisetswa] ho wena”

Ha ho phethahala karolo ya pele ya boprofeta bona . . .

  • (D) Sefate se ne se emela mang? (Sheba temana ya 22.)

  • (E) O ile a emisa ho busa neng? (Bala Daniele 4:29-33.)

  • (F) Ho ile ha etsahalang ka Nebukadnezare qetellong ya “dinako tse supileng”? (Bala Daniele 4:34-36.)

KAROLO YA PELE YA BOPROFETA E A PHETHAHALA

Puso

(D) Nebukadnezare Morena wa Babylona

Puso e a emisa

(E) Ka mora selemo sa 606 pele ho mehla ya Jesu, Nebukadnezare o lahlehelwa ke kelello ebile o hloleha ho busa ka dilemo tse supileng

Puso e tswela pele

(F) Nebukadnezare o a fola mme o tswela pele ho busa

Ha karolo ya bobedi ya boprofeta bona e phethahala . . .

  • (G) Sefate se ne se emela mang? (Bala 1 Likronike 29:23.)

  • (H) Ba ile ba emisa ho busa neng? Re tseba jwang hore ba ne ba sa buse ha Jesu a le lefatsheng? (Bala Luka 21:24.)

  • (I) Mmuso oo o ile wa qala ho busa neng hape, hona o busa hokae?

KAROLO YA BOBEDI YA BOPROFETA E A PHETHAHALA

Puso

(G) Marena a Iseraele a emelang bobusi ba Modimo

Puso e a emisa

(H) Jerusalema e a fediswa mme marena a Iseraele a emisa ho busa ka dilemo tse 2 520

Puso e tswela pele

(I) Jesu o qala ho busa lehodimong e le Morena wa Mmuso wa Modimo

Dinako tse supileng di telele hakae?

Dikarolo tse itseng tsa Bibele di re thusa ho utlwisisa dikarolo tse ding tsa yona. Ka mohlala, lengolo la Tshenolo le re dinako tse tharo le halofo di lekana le matsatsi a 1 260. (Tšenolo 12:6, 14) Dinako tse supileng ke matsatsi a 1 260 ka makgetlo a mabedi, e leng matsatsi a 2 520. Ka dinako tse ding ka Bibeleng, letsatsi le emela selemo. (Ezekiele 4:6) Sena ke sona se etsahetseng ka dinako tse supileng tseo ho buuwang ka tsona lengolong la Daniele. Dinako tseo tse supileng di emela dilemo tse 2 520.

5. Ho tloha ka 1914 boemo ba lefatshe bo ile ba fetoha

Jesu o ile a bua ka dintho tse neng di tla etsahala lefatsheng ka mora hore ebe Morena. Bala Luka 21:9-11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Dinthong tse hlahang moo, ke dife tseo o kileng wa di bona kapa wa utlwela ka tsona?

Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na batho ba ne ba tla ba jwang mehleng ya bofelo. Bala 2 Timothea 3:1-5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na ho na le batho bao o kileng wa bona ba etsa dintho tsee?

6. Taba ya hore Mmuso wa Modimo o a busa e lokela ho re kgothatsa

Bala Matheu 24:3, 14 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke mosebetsi ofe wa bohlokwa o bontshang hore Mmuso wa Modimo o a busa hona jwale?

  • O ka thusetsa jwang mosebetsing oo?

Mmuso wa Modimo o a busa hona jwale mme nako ya hore o buse ka ho felletseng lefatsheng e haufi. Bala Baheberu 10:24, 25 ebe le buisana ka potso ena:

  • E mong le e mong wa rona o lokela ho etsang jwalo ka ha re bona “letsatsi le ntse le atamela”?

Haeba ho ne ho na le ntho eo o e tsebang e neng e tla thusa batho ba bang e be e pholose bophelo ba bona, o ne o tla etsang?

MOTHO A KA NNA A RE: “Ke hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di re 1914 ke selemo sa bohlokwa?”

  • O ka mo araba jwang?

KAKARETSO

Boprofeta ba Bibele, dinako tse hlahang ka Bibeleng le maemo a lefatshe di bontsha hore Mmuso wa Modimo o a busa hona jwale. Re bontsha hore re dumela sena ka ho etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele le ka ho ya dibokeng tsa Bokreste.

Re Ithutileng?

  • Ho ile ha etsahalang qetellong ya dinako tse supileng tseo lengolo la Daniele le buileng ka tsona?

  • Keng e etsang hore o dumele hore Mmuso wa Modimo o qadile ho busa ka selemo sa 1914?

  • O ka bontsha jwang hore o a dumela hore Mmuso wa Modimo o a busa hona jwale?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Hlokomela hore na borahistori le batho ba bang ba reng ka diphetoho tseo esale di etsahala mona lefatsheng ho tloha ka 1914.

“Nakong eo ka Yona Boitshwaro bo ileng ba Nyehla ka Sekgahla”(Tsoha!, April 2007)

 Re tseba jwang hore boprofeta bo hlahang lengolong la Daniele kgaolo ya bone bo bua ka Mmuso wa Modimo?

“Mmuso wa Modimo o Qadile Neng ho Busa? (Karolo ya 1)” (Molula-Qhooa, October 1, 2014)

Keng e bontshang hore “dinako tse supileng” tseo ho buuweng ka tsona ho Daniele kgaolo ya bone di ile tsa fela ka 1914?

“Mmuso wa Modimo o Qadile Neng ho Busa? (Karolo ya 2)” (Molula-Qhooa, November 1, 2014)

a Bala  dihlooho tse pedi tse qetellang karolong ya Batla kgaolong ena.