Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 33

’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?

’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?

’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa. Haufinyane o tl’o etsa liphetoho tse kholo mona lefatšeng. Re tl’o ithuta ka liphetoho tse ling tse thabisang tseo u ka li lebellang ’Musong oa Molimo.

1. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng e le hore ho be le khotso le toka lefatšeng?

Morena oa ’Muso oa Molimo e leng Jesu, o tl’o felisa batho ba khopo le mebuso ntoeng ea Armagedone. (Tšenolo 16:​14, 16) Ka nako eo, tšepiso ena e tsoang ka Bibeleng e tla phethahala: “Ho setse nakoana e seng kae ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” (Pesaleme ea 37:​10) Tlas’a ’Muso ona, Jesu o tla etsa bonnete ba hore ho ba le khotso le toka lefatšeng lohle.​—Bala Esaia 11:4.

2. Bophelo bo tla ba joang ha ho se ho etsahala thato ea Molimo lefatšeng?

Ha ’Muso oa Molimo o se o busa, batho “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:​29) Nahana u se u phela lefatšeng leo ho lona ho lulang batho ba lokileng feela, ba ratang Jehova le ba ratang batho ba bang. Ka nako eo, ho tla be ho se na motho ea kulang ebile batho bohle ba tla phela ka ho sa feleng.

3. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe?

Ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe, Jesu o tla busa e le Morena ka lilemo tse 1 000. Ka nako eo, Jesu le ba 144 000 ba tla beng ba busa le eena ba tla thusa batho hore ba phethahale. Qetellong ea lilemo tseo, lefatše e tla be e le paradeise ebile ho lula batho ba thabileng hobane ba mamela melao ea Jehova. Ka mor’a moo, Jesu o tla khutlisetsa ’muso ho Ntate oa hae Jehova. Lebitso la Jehova le tla halaletsoa ka ho feletseng. (Matheu 6:​9, 10) Ho tla be ho hlakile hore Jehova ke ’Musi ea lokileng ea khathallang batho ba hae. Jehova o tla felisa Satane, bademona le batho bohle ba khethang ho fetohela bobusi ba hae. (Tšenolo 20:​7-10) Lintho tse thabisang tseo ’Muso oa Molimo o tl’o li etsa li tla lula li le teng.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa hore Molimo o tla sebelisa ’Muso oa hae ho phethahatsa litšepiso tsohle tse ka Bibeleng.

4. ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea batho

‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa bothata bona.

Bala Daniele 2:​44 le 2 Bathesalonika 1:​6-8 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Jehova le Mora oa hae Jesu ba tla etsa’ng ka mebuso ea batho le batho ba e tšehetsang?

  • Lintho tseo u ithutileng tsona ka Jehova le Jesu li u kholisa joang hore ba tla etsa lintho ka toka?

5. Jesu ke Morena ea molemo

Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla thusa batho ka litsela tse ngata. Bapala VIDEO e le hore u bone kamoo Jesu a bontšitseng kateng hore o batla ho thusa batho le hore Molimo o mo file matla a ho etsa joalo.

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore na ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng. Litlhohonolofatsong tsena tse latelang, ke life tseo u li lebeletseng ka ho fetisisa? Bala mangolo a tsamaisanang le tsona.

HA JESU A NE A LE LEFATŠENG, O ILE A . . . 

NAKONG E TLANG JESU O TLA . . .

  • etsa hore batho bohle ba phele hantle. ​—Esaia 33:24.

6. ’Muso oa Molimo o tl’o etsa hore re thabele bophelo

’Musong oa Molimo, batho ba tl’o thabela bophelo feela joalokaha Jehova a ne a batla. Ba tla phela ka ho sa feleng lefatše e se e le paradeise. Bapala VIDEO e le hore u bone hore na Jehova o sebelisa Mora oa hae Jesu joang ho phethahatsa morero oa hae.

Bala Pesaleme ea 145:​16 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ho tseba hore Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang” ho etsa hore u ikutloe joang?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha re sebetsa hammoho, re ka khona ho felisa mathata a teng lefatšeng.”

  • ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata afe ao mebuso ea batho e sa khoneng ho a felisa?

KAKARETSO

’Muso oa Molimo o tla etsa lintho tseo a li batlang. Lefatše lohle e tla ba paradeise ’me ho tla phela batho ba lokileng feela ba tla beng ba sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.

Re Ithutile’ng?

  • ’Muso oa Molimo o tla halaletsa lebitso la Jehova joang?

  • Ke’ng e etsang hore re lumele hore ’Musong oa Molimo litšepiso tse ka Bibeleng li tla phethahala?

  • Linthong tsohle tse ntle tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsa, ke efe eo u e lebeletseng ka ho fetisisa?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ho tla etsahala’ng nakong ea lilemo tse 1 000 ha Jesu a busa e le Morena le qetellong ea tsona.

“Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?” (Molula-Qhooa, September 1, 2012)

Hlokomela hore na malapa a ka etsa’ng e le hore a ipone a le Paradeiseng.

Ipone U se U le Paradeiseng (1:50)

Sehloohong se reng “Ke ne ke E-na le Lipotso Tse Ngata Tse Ntšoenyang,” hlokomela hore na ke joang ntate e mong ea neng a rata lipolotiki a ileng a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, January 1, 2012)