Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 35

Re ka Thusoa Ke’ng ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng?

Re ka Thusoa Ke’ng ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng?

Kaofela re lokela ho etsa liqeto ’me boholo ba liqeto tseo re li etsang li ka re ama hape tsa ama setsoalle sa rona le Jehova. Ka mohlala, re ka ’na ra tlameha ho etsa qeto ea hore na re tla lula hokae, re tla iphelisa joang le hore na re tla kena lenyalong kapa che. Ha re etsa liqeto tse nepahetseng, re tla thaba bophelong re be re thabise Jehova.

1. Bibele e ka u thusa joang ho etsa liqeto tse nepahetseng?

Pele u etsa qeto, rapela Jehova hore a u thuse ebe u bala Bibele ho bona hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo. (Bala Liproverbia 2:​3-6.) Ka linako tse ling Jehova o fana ka taelo e tobileng. Kahoo, ha u mamela taelo eo, u tla be u etsa qeto e nepahetseng.

U ka etsa’ng moo Bibele e sa fanang ka taelo e tobileng? Jehova o tla u tataisetsa “tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:​17) O tla u tataisa joang? Ho ka ba le melao-motheo e u tataisang. Melao-motheo ke lithuto tse re senolelang hore na Jehova o nahana joang le hore na o ikutloa joang. Hangata rea bona hore na Jehova o ikutloa joang ha re bala tlaleho e itseng ka Bibeleng. Ha re bona hore na Jehova o ikutloa joang, re ka etsa liqeto tse mo thabisang.

2. Re lokela ho nahana ka lintho life pele re etsa liqeto?

Bibele e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:​15) Sena se bolela hore pele re etsa qeto, re lokela hore re inahane hantle. Ha u ntse u nahana ka liqeto tseo u ka li nkang, ipotse: ‘Ke molao-motheo ofe o ka nthusang? Ke qeto efe eo etlare ha ke qeta ho e etsa ebe ha ke tšoenyehe? Qeto ea ka e tla ama batho ba bang joang? Potso ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore na e tla thabisa Jehova?’​—Deuteronoma 32:29.

Jehova o na le tokelo ea ho re joetsa hore na ke’ng e nepahetseng le hore na ke’ng e fosahetseng. Re ka koetlisa matsoalo a rona ka hore re ithute melao le melao-motheo ea Bibele hantle le hore re ikemisetse ho e latela. Letsoalo ke boikutlo bo re bolellang hore na ntho e nepahetse kapa e fosahetse. (Baroma 2:​14, 15) Letsoalo le koetlisitsoeng le tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na melao-motheo ea Bibele le letsoalo li bohlokoa hakae ha re etsa liqeto.

3. Batla tataiso ka Bibeleng

Melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang ha u etsa liqeto? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Jehova o re file mpho efe ea bohlokoa?

  • Ke hobane’ng ha Jehova a re file bokhoni ba ho iketsetsa liqeto?

  • Jehova o re file eng e tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng?

Bala Baefese 5:​15, 16 e le hore u bone mohlala oa o mong oa melao-motheo ea Bibele. Ka mor’a moo, buisanang ka hore na ke joang re ka ‘ithekelang nako’ . . .

  • ea ho bala Bibele kamehla.

  • ea ho ba molekane, motsoali, mora kapa morali ea molemo.

  • ea ho ba teng libokeng.

4. Koetlisa letsoalo la hao e le hore u etse liqeto tse nepahetseng

Ho ka bonahala ho le bonolo ho etsa qeto e nepahetseng moo Bibele e fanang ka taelo e tobileng. Re lokela ho etsa’ng ha ho se na taelo e tobileng? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, morali oa bo rona o entse’ng e le hore a koetlise letsoalo la hae le hore a etse liqeto tse khahlisang Jehova?

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho kopa batho ba bang hore ba re etsetse liqeto? Bala Baheberu 5:​14 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Le hoja ka linako tse ling ho ka bonahala ho le bonolo ho kopa batho ba bang hore ba re etsetse liqeto, ke’ng eo re lokelang ho tseba ho e khetholla ka borona?

  • Ke’ng eo re nang le eona e ka re thusang ho koetlisa matsoalo a rona e le hore re etse liqeto tse nepahetseng?

Letsoalo le tšoana le ’mapa kaha lea re tataisa liqetong tseo re lokelang ho li nka bophelong

5. Hlompha matsoalo a batho ba bang

Kaha batho ha ba tšoane, ba etsa liqeto tse fapaneng. Re ka etsa’ng ho bontša hore re hlompha matsoalo a batho ba bang? Hlokomela maemo ana a mabeli:

Boemo ba pele: Morali oa bo rona e mong ea ratang ho itlotsa ka makeup o fallela phuthehong eo barali ba bo rona ba moo ba tšoenyehang ha ba bona motho a o sebelisa.

Bala Baroma 15:1 le 1 Bakorinthe 10:​23, 24 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ho ea ka litemana tsee, morali oa bo rona a ka ’na a etsa qeto efe? U tla etsa’ng ha u e-na le motho eo letsoalo la hae le mo hanelang ho etsa ntho eo letsoalo la hao le u lumellang ho e etsa?

Boemo ba bobeli: Mora oa bo rona oa tseba hore Bibele ha e thibele ho noa joala, empa o khetha hore a se ke a bo noa ho hang. O mengoa moketjaneng ’me moo o bona bara ba bo rona ba bang ba inoella.

Bala Moeklesia 7:​16 le Baroma 14:​1, 10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ho ea ka litemana tsee, mora oa bo rona a ka ’na a etsa qeto efe? U tla etsa’ng ha u bona motho e mong a etsa ntho eo letsoalo la hao le u hanelang ho e etsa?

 Ke mehato efe e tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng?

1. Kopa Jehova hore a u thuse ho etsa qeto e nepahetseng.​—Jakobo 1:5.

2. Etsa lipatlisiso ka Bibeleng le ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ho fumana melao-motheo e tla u thusa. U ka boela oa buisana le Bakreste ba nang le boiphihlelo.

3. Nahana ka liphello tsa liqeto tsa hao. Li tla u ama li be li ame le batho ba bang joang?

BATHO BA BANG BA RE: “Motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho ikhethela hore na eena o batla ho etsa’ng. Ha ho tsotellehe hore na batho ba bang bona ba nahana’ng.”

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho tsotella hore na Jehova o ikutloa joang le hore na batho ba bang ba ikutloa joang?

KAKARETSO

Re ka khona ho etsa liqeto tse nepahetseng haeba re tseba hore na Jehova o ikutloa joang. Hape re ka nahana ka hore na liqeto tsa rona li tla thusa batho ba bang kapa li tla ba ntša kotsi.

Re Ithutile’ng?

  • U ka etsa liqeto tse thabisang Jehova joang?

  • U ka koetlisa letsoalo la hao joang?

  • U ka bontša joang hore u hlompha matsoalo a batho ba bang?

Seo U ka se Etsang

BATLA

U ka etsa liqeto tse tla u thusa ho matlafatsa setsoalle sa hao le Molimo joang?

“Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo” (Molula-Qhooa, April 15, 2011)

Ithute haholoanyane ka hore na Jehova o re eletsa joang.

Jehova o Tataisa Batho ba Hae (9:​50)

Bona hore na ke’ng e ileng ea thusa mohlankana e mong ha a ne a lokela ho etsa qeto e boima.

Jehova o re Tšepisa Lintho Tse Molemo (5:​46)

Ithute haholoanyane hore na re ka thabisa Jehova joang le maemong ao a sa fanang ka taelo e tobileng.

“Na Kamehla U Hloka Taelo ea Bibele?” (Molula-Qhooa, December 1, 2003)