Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 35

Re ka Thuswa Keng ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng?

Re ka Thuswa Keng ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng?

Kaofela re lokela ho etsa diqeto mme boholo ba diqeto tseo re di etsang di ka re ama hape tsa ama setswalle sa rona le Jehova. Ka mohlala, re ka nna ra tlameha ho etsa qeto ya hore na re tla dula hokae, re tla iphedisa jwang le hore na re tla kena lenyalong kapa tjhe. Ha re etsa diqeto tse nepahetseng, re tla thaba bophelong re be re thabise Jehova.

1. Bibele e ka o thusa jwang ho etsa diqeto tse nepahetseng?

Pele o etsa qeto, rapela Jehova hore a o thuse ebe o bala Bibele ho bona hore na Jehova o ikutlwa jwang ka taba eo. (Bala Liproverbia 2:3-6.) Ka dinako tse ding Jehova o fana ka taelo e tobileng. Ka hoo, ha o mamela taelo eo, o tla be o etsa qeto e nepahetseng.

O ka etsang moo Bibele e sa fanang ka taelo e tobileng? Jehova o tla o tataisetsa “tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.” (Esaia 48:17) O tla o tataisa jwang? Ho ka ba le melaomotheo e o tataisang. Melaomotheo ke dithuto tse re senolelang hore na Jehova o nahana jwang le hore na o ikutlwa jwang. Hangata re a bona hore na Jehova o ikutlwa jwang ha re bala tlaleho e itseng ka Bibeleng. Ha re bona hore na Jehova o ikutlwa jwang, re ka etsa diqeto tse mo thabisang.

2. Re lokela ho nahana ka dintho dife pele re etsa diqeto?

Bibele e re: “Ya masene o nahana ka mehato ya hae.” (Liproverbia 14:15) Sena se bolela hore pele re etsa qeto, re lokela hore re inahane hantle. Ha o ntse o nahana ka diqeto tseo o ka di nkang, ipotse: ‘Ke molaomotheo ofe o ka nthusang? Ke qeto efe eo etlare ha ke qeta ho e etsa ebe ha ke tshwenyehe? Qeto ya ka e tla ama batho ba bang jwang? Potso ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore na e tla thabisa Jehova?’​—Deuteronoma 32:29.

Jehova o na le tokelo ya ho re jwetsa hore na keng e nepahetseng le hore na keng e fosahetseng. Re ka kwetlisa matswalo a rona ka hore re ithute melao le melaomotheo ya Bibele hantle le hore re ikemisetse ho e latela. Letswalo ke boikutlo bo re bolellang hore na ntho e nepahetse kapa e fosahetse. (Baroma 2:14, 15) Letswalo le kwetlisitsweng le tla re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na melaomotheo ya Bibele le letswalo di bohlokwa hakae ha re etsa diqeto.

3. Batla tataiso ka Bibeleng

Melaomotheo ya Bibele e ka o thusa jwang ha o etsa diqeto? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Jehova o re file mpho efe ya bohlokwa?

  • Ke hobaneng ha Jehova a re file bokgoni ba ho iketsetsa diqeto?

  • Jehova o re file eng e tla re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng?

Bala Baefese 5:15, 16 e le hore o bone mohlala wa o mong wa melaomotheo ya Bibele. Ka mora moo, buisanang ka hore na ke jwang re ka ‘ithekelang nako’ . . .

  • ya ho bala Bibele ka mehla.

  • ya ho ba molekane, motswadi, mora kapa moradi ya molemo.

  • ya ho ba teng dibokeng.

4. Kwetlisa letswalo la hao e le hore o etse diqeto tse nepahetseng

Ho ka bonahala ho le bonolo ho etsa qeto e nepahetseng moo Bibele e fanang ka taelo e tobileng. Re lokela ho etsang ha ho se na taelo e tobileng? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, moradiwabo rona o entseng e le hore a kwetlise letswalo la hae le hore a etse diqeto tse kgahlisang Jehova?

Ke hobaneng ha re sa lokela ho kopa batho ba bang hore ba re etsetse diqeto? Bala Baheberu 5:14 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Le hoja ka dinako tse ding ho ka bonahala ho le bonolo ho kopa batho ba bang hore ba re etsetse diqeto, keng eo re lokelang ho tseba ho e kgetholla ka borona?

  • Keng eo re nang le yona e ka re thusang ho kwetlisa matswalo a rona e le hore re etse diqeto tse nepahetseng?

Letswalo le tshwana le mmapa ka ha le a re tataisa diqetong tseo re lokelang ho di nka bophelong

5. Hlompha matswalo a batho ba bang

Ka ha batho ha ba tshwane, ba etsa diqeto tse fapaneng. Re ka etsang ho bontsha hore re hlompha matswalo a batho ba bang? Hlokomela maemo ana a mabedi:

Boemo ba pele: Moradiwabo rona e mong ya ratang ho itlotsa ka makeup o fallela phuthehong eo baradibabo rona ba moo ba tshwenyehang ha ba bona motho a o sebedisa.

Bala Baroma 15:1 le 1 Bakorinthe 10:23, 24 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ho ya ka ditemana tsee, moradiwabo rona a ka nna a etsa qeto efe? O tla etsang ha o na le motho eo letswalo la hae le mo hanelang ho etsa ntho eo letswalo la hao le o dumellang ho e etsa?

Boemo ba bobedi: Morabo rona o a tseba hore Bibele ha e thibele ho nwa jwala, empa o kgetha hore a se ke a bo nwa ho hang. O mengwa moketjaneng mme moo o bona barababo rona ba bang ba inwella.

Bala Moeklesia 7:16 le Baroma 14:1, 10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ho ya ka ditemana tsee, morabo rona a ka nna a etsa qeto? O tla etsang ha o bona motho e mong a etsa ntho eo letswalo la hao le o hanelang ho e etsa?

 Ke mehato efe e tla re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng?

1. Kopa Jehova hore a o thuse ho etsa qeto e nepahetseng.​—Jakobo 1:5.

2. Etsa dipatlisiso ka Bibeleng le ka dingodilweng tse thehilweng Bibeleng ho fumana melaomotheo e tla o thusa. O ka boela wa buisana le Bakreste ba nang le boiphihlelo.

3. Nahana ka diphello tsa diqeto tsa hao. Di tla o ama di be di ame le batho ba bang jwang?

BATHO BA BANG BA RE: “Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ikgethela hore na yena o batla ho etsang. Ha ho tsotellehe hore na batho ba bang bona ba nahanang.”

  • Ke hobaneng ha re lokela ho tsotella hore na Jehova o ikutlwa jwang le hore na batho ba bang ba ikutlwa jwang?

KAKARETSO

Re ka kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng haeba re tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang. Hape re ka nahana ka hore na diqeto tsa rona di tla thusa batho ba bang kapa di tla ba ntsha kotsi.

Re Ithutileng?

  • O ka etsa diqeto tse thabisang Jehova jwang?

  • O ka kwetlisa letswalo la hao jwang?

  • O ka bontsha jwang hore o hlompha matswalo a batho ba bang?

Seo o ka se Etsang

BATLA

O ka etsa diqeto tse tla o thusa ho matlafatsa setswalle sa hao le Modimo jwang?

“Etsa Diqeto Tse Tlotlisang Modimo” (Molula-Qhooa, April 15, 2011)

Ithute haholwanyane ka hore na Jehova o re eletsa jwang.

Jehova o Tataisa Batho ba Hae (9:50)

Bona hore na keng e ileng ya thusa mohlankana e mong ha a ne a lokela ho etsa qeto e boima.

Jehova o re Tshepisa Dintho Tse Molemo (5:46)

Ithute haholwanyane hore na re ka thabisa Jehova jwang le maemong ao a sa fanang ka taelo e tobileng.

“Na ka Mehla o Hloka Taelo ya Bibele?” (Molula-Qhooa, December 1, 2003)