Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 37

Bibele e Re’ng ka Mosebetsi le Chelete?

Bibele e Re’ng ka Mosebetsi le Chelete?

Na u kile oa tšoenyeha ka mosebetsi kapa chelete? Ho ka ba thata ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rona ha ka nako e tšoanang re sebetsa ka thata hore re fumane lintho tseo re li hlokang bophelong. Bibele e na le likeletso tse ka re thusang.

1. Bibele e re mosebetsi o bohlokoa hakae?

Molimo o batla hore re thabele mosebetsi oa rona. Bibele e re “ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a . . . bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moeklesia 2:​24) Jehova o sebetsa ka thata. Ha re mo etsisa ka hore le rona re sebetse ka thata, re tla mo thabisa hape re tla khotsofala.

Mosebetsi o bohlokoa empa le ka mohla ha rea lokela ho o lumella hore e be oa bohlokoa ho feta ho sebeletsa Jehova. (Johanne 6:​27) Molimo o re tšepisa hore haeba re nka e le eena oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona, o tla re fa lintho tseo re li hlokang.

2. Re lokela ho nka chelete e le bohlokoa hakae?

Le hoja Bibele e re ‘chelete ke tšireletso,’ e boetse ea re hlokomelisa hore motho a ke ke a thaba hobane feela a e-na le chelete. (Moeklesia 7:​12) Kahoo, e re khothaletsa hore re se ke ra rata chelete empa re ‘khotsofalle lintho tse teng.’ (Bala Baheberu 13:5.) Ha re khotsofalla lintho tseo re nang le tsona, re ke ke ra tšoenyeha ka lintho tseo re se nang tsona. Hape re ke ke ra etsa likoloto ho sa hlokahale. (Liproverbia 22:7) Re tla boela re qobe lintho tse kotsi tse kang ho becha le ho kena likhoebong tseo ho thoeng u tla rua kapele u sa sebetsa ka thata.

3. Re ka ba seatla se bulehileng joang ka chelete ea rona?

Jehova ke Molimo ea seatla se bulehileng, rea mo etsisa haeba re le “seatla se bulehileng” ebile re “itokiselitse ho arolelana” le batho ba bang. (1 Timothea 6:​18) Re tla be re bontša hore re seatla se bulehileng haeba re sebelisa chelete ea rona ho tšehetsa mesebetsi ea phutheho le batho ba hlokang, haholo-holo Bakreste-’moho le rona. Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke hore na ke hobane’ng ha re fana, eseng hore na re fana hakae. Ha re fana ka lipelo tsohle, re tla thaba re be re thabise Jehova.​—Bala Liketso 20:35.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Bona hore na re tla fumana melemo efe haeba re khotsofalla lintho tseo re nang le tsona ebile mosebetsi o sa tle pele bophelong ba rona.

4. Tlotlisa Jehova ka tsela eo u sebetsang ka eona

Setsoalle sa rona le Jehova se lokela ho susumetsa tsela eo re ikutloang ka eona ka mosebetsi. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke’ng e u khahlileng ka tsela eo Jason a itšoarang ka eona ha a le mosebetsing?

  • O entse’ng hore mosebetsi e se ke ea e-ba oona o tlang pele bophelong ba hae?

Bala Bakolose 3:​23, 24 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha tsela eo re ikutloang ka eona ka mosebetsi e le bohlokoa?

Mosebetsi o bohlokoa empa le ka mohla ha rea lokela ho lumella hore e be oa bohlokoa ho feta ho sebeletsa Jehova

5. Ho khotsofala ho re tsoela molemo

Batho ba bangata ba batla ho ba le chelete e ngata kamoo ba ka khonang, empa Bibele e re fa keletso e fapaneng. Bala 1 Timothea 6:​6-8 ebe le buisana ka potso ena:

  • Bibele e re khothaletsa ho etsa’ng?

Re ka thaba le haeba re futsanehile. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ke’ng e etsang hore malapa aa a thabe le hoja a futsanehile?

Ho thoe’ng haeba re e-na le chelete e ngata empa re ntse re batla e ’ngoe? Jesu o ile a etsa papiso e bontšang kotsi ea sena. Bala Luka 12:​15-​21 ebe le buisana ka potso ena:

Bala Liproverbia 10:​22 le 1 Timothea 6:​10 ebe oa li bapisa. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang:

  • U nahana hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho ba motsoalle oa Jehova kapa ke ho ba le chelete e ngata? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

  • Ho ka ba le mathata afe ha motho a lelekisa ho rua?

6. Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang

Ho ba le mathata a mosebetsi le chelete ho ka leka tumelo ea rona ho Jehova. Bapala VIDEO ho bona hore na re ka hlola teko ena joang, ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, mor’abo rona o ile a thulana le mathata afe?

  • O ile a thusoa ke’ng hore a hlole mathata a hae?

Bala Matheu 6:​25-​34 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o re tšepisa eng haeba re mo beha pele bophelong ba rona?

BATHO BA BANG BA RE: “Ke lokela ho sebetsa ka thata hore ke hlokomele lelapa la ka. Nke ke ka khona ho ea libokeng beke e ’ngoe le e ’ngoe.”

  • Ke lengolo lefe le u kholisang hore ha u beha Jehova pele bophelong ba hao u tla be u entse qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa?

KAKARETSO

Mosebetsi le chelete li bohlokoa, empa ha rea lokela hore le ka mohla re li lumelle ho re sitisa ho sebeletsa Jehova.

Re Ithutile’ng?

  • Ke’ng e ka u thusang hore mosebetsi o se ke oa ba bohlokoa ho feta ho sebeletsa Jehova?

  • Ho khotsofala ho ka u thusa joang?

  • U ka bontša joang hore u lumela tšepiso ea Jehova ea hore o tla hlokomela bahlanka ba hae?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Na Bibele e re chelete e fosahetse? Bona hore na Bibele e re’ng.

“Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na re ka sebelisa chelete ea rona joang ho thabisa Molimo.

“Bibele e Re’ng ka ho Fana?” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na ntate e mong o ile a susumetsoa ke’ng ho tlohela ho becha le ho utsoa.

“Ke ne ke Rata Mojaho oa Lipere ka Pelo Eohle ea ka” (Molula-Qhooa, November 1, 2011)