Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 38

Ananela Mpho ya Bophelo

Ananela Mpho ya Bophelo

Ho na le dintho tse ngata tse ka re thabisang bophelong. Ho ntse ho na le dintho tseo re ka di thabelang bophelong esita le ha re na le mathata. Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho ya bophelo eo Modimo a re fileng yona? Lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa leo re lokelang ho etsa jwalo ka lona ke lefe?

1. Ke hobaneng ha re lokela ho ananela bophelo?

Re lokela ho ananela bophelo hobane ke mpho eo Ntate wa rona Jehova a re fileng yona ka lerato. Ke yena “mohlodi wa bophelo” ka ha ke yena ya entseng ntho e nngwe le e nngwe. (Pesaleme ya 36:9) “O fa batho bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.” (Liketso 17:25, 28) Jehova o re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re phele. O boetse o re fa dintho tse etsang hore re thabele bophelo.​—Bala Liketso 14:17.

2. Re ka bontsha Jehova jwang hore re ananela mpho ya bophelo?

Jehova o ile a o tsotella ho tloha mohlang o neng o emolwa. Mohlanka e mong wa Jehova ya bitswang Davida o ile a rapela mme Modimo o ile a etsa hore mantswe a thapelo ya hae a tlalehwe ka Bibeleng. Thapelong eo, Davida o ile a re ho Jehova: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tswa emolwa.” (Pesaleme ya 139:16) Jehova o nka bophelo ba hao bo le bohlokwa haholo. (Bala Matheu 10:29-31.) A ka utlwa bohloko haholo haeba motho a ka ipolaya kapa a bolaya motho e mong ka boomo. a (Exoda 20:13) Jehova a ka utlwa bohloko haholo haeba re ka beha bophelo ba rona kotsing ka boomo kapa re sa tsotelle bophelo ba batho ba bang. Ha re hlokomela bophelo a rona re bile re tsotella bophelo ba batho ba bang, re a bontsha hore re ananela mpho ya bophelo.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Nahana hore na ke jwang o ka bontshang hore o ananela mpho ya bophelo.

3. Hlokomela mmele wa hao

Ntho e nngwe le e nngwe eo Bakreste ba e etsang, ba e etsetsa ho tlotlisa Jehova. Ho tshwana le ha ba fana ka mmele ya bona e le sehlabelo ho Modimo. Bala Baroma 12:1, 2 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke hobaneng ha o lokela ho itlhokomela mmeleng?

  • O ka etsang hore o dule o phetse hantle mmeleng?

4. Eba hlokolosi e le hore ho tle ho se ke ha ba le motho ya tla hlaha kotsi kapa a shwa

Bibele e re kgothaletsa ho qoba dintho tse kotsi. Bapala VIDEO e le hore o bone tse ding tsa dintho tseo o ka di etsang e le hore o dule o sireletsehile.

Bala Liproverbia 22:3 ebe le buisana ka hore na re ka etsa jwang hore rona le batho ba bang re dule re sireletsehile . . .

  • ha re le lapeng.

  • ha re le mosebetsing.

  • ha re bapala.

  • ha re kganna kapa re palame koloi.

5. Nka bophelo ba ngwana ya eso hlahe bo le bohlokwa

Thothokisong e nngwe, Davida o ile a bua ka tsela eo Jehova a thahasellang ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang ka lesea le eso ka le hlaha. Bala Pesaleme ya 139:13-17 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho ya ka Jehova, na bophelo ba motho bo qala ha a emolwa kapa ha a tswalwa?

Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele o ne o sireletsa bo mme le bana ba bona ba eso hlahe. Bala Exoda 21:22, 23 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Jehova o ne a ikutlwa jwang ka motho ya bolayang ngwana ya eso hlahe ka phoso?

  • O ne a ka ikutlwa jwang haeba motho a ne a ka bolaya ngwana ya eso tswalwe ka boomo? b

  • O ikutlwa jwang ka tsela eo Jehova a nkang bophelo ba ngwana ya eso tswalwe ka yona?

Bapala VIDEO.

Ho ka etsahala hore le mme ya nkang bophelo e le ba bohlokwa a nke ho ntsha mpa e le yona feela tharollo. Bala Esaia 41:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • mme ya utlwang a hloka ho ntsha mpa o lokela ho kopa thuso ho mang? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

BATHO BA BANG BA RE: “Motho wa mme o na le tokelo ya ho ikgethela hore na o ntsha mpa kapa tjhe hobane ke mmele wa hae.”

  • Keng e o kgodisang hore Jehova o nka bophelo ba mme le ba ngwana hae ya eso hlahe e le ba bohlokwa?

KAKARETSO

Bibele e re ruta hore re lokela ho rata, ho hlompha le ho sireletsa mpho eo Jehova a re fileng yona ya bophelo. Taba ena e akarelletsa bophelo ba rona le ba batho ba bang.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha Jehova a nka bophelo ba batho bo le bohlokwa?

  • Jehova o ikutlwa jwang ha motho a ipolaya kapa a bolaya motho e mong ka boomo?

  • Ke Hobaneng ha o ananela mpho ya bophelo?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Re ka leboha Jehova jwang ka mpho ya bophelo?

Pina ya 141—Mohlolo wa Bophelo (2:41)

Na Modimo a ka tshwarela motho wa mme ya kileng a ntsha mpa? Fumana karabo.

“Bibele e Reng ka ho Ntsha Mpa?” (Sehlooho se websaeteng)

Ho tseba hore na Jehova o nka bophelo jwang ho lokela ho ama boithabiso ba rona jwang? Fumana karabo.

“‘Dipapadi Tse Feteletseng’​—Na o Lokela ho Ipeha Kotsing ka Tsona?” (Tsoha!, October 8, 2000)

a Jehova o tsotella batho bohle ba sithabetseng. (Pesaleme ya 34:18) O utlwisisa maikutlo a batho a ka ba susumetsang hore ba batle ho ipolaya mme o batla ho thusetsa. E le ho bona hore na Modimo a ka thusa jwang, bala sehlooho se reng “Ke Batla ho Shwa, na Bibele e ka Nthusa ha ke na le Maikutlo a ho Ipolaya?” se hlahang karolong ya Batla kgaolong ena.

b Batho ba kileng ba ntsha mpa ha ba a lokela ho ikutlwa ba le molato ho feta tekano. Jehova a ka ba tshwarela. E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka taba ena, sheba sehlooho se reng “Bibele e Reng ka ho Ntsha Mpa?” se hlahang karolong ya Batla ya kgaolo ena.