Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 40

Re ka Etsang Hore Modimo a re Nke re Hlwekile?

Re ka Etsang Hore Modimo a re Nke re Hlwekile?

Nahana ka mme ya lokisetsang mora wa hae eo a mo ratang ho ya sekolong. O etsa bonnete ba hore o hlapile le hore diaparo tsa hae di makgethe ebile di hlwekile. Ha a dula a hlwekile o kgona ho phela hantle mmeleng hape ho a bonahala hore batswadi ba hae ba a mo hlokomela. Ka tsela e tshwanang, Ntate wa rona ya lerato Jehova, o batla hore re be makgethe hape re itshware hantle. Ho molemong wa rona hore re dule re hlwekile, hape ho tlisetsa Jehova thoriso.

1. Re ka etsang hore re be batho ba makgethe?

Jehova o re ho rona: “Le halalele.” (1 Petrose 1:​16) E le hore re halalele re lokela ho ba makgethe hape re itshware hantle. Re tla be re le makgethe haeba re hlapa ka mehla, re hlatswa diaparo tsa rona, re hlwekisa matlo a rona ha mmoho le dikoloi tsa rona. Re ka boela ra hlwekisa Diholo Tsa Mmuso. Ha re dula re hlwekile re isa thoriso ho Jehova.​—2 Bakorinthe 6:3, 4.

2. Re lokela ho qoba mekgwa efe e le hore re dule re hlwekile?

Bibele e re kgothaletsa hore ‘re itlhatswe ditshila tsohle tsa nama le tsa moya.’ (2 Bakorinthe 7:1) Ka hoo, re lokela ho qoba ntho e nngwe le e nngwe e ka bang kotsi mmeleng kapa dikelellong tsa rona. Re lokela ho nahana dintho tse kgahlisang Jehova. Ka hoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho qoba ho nahana dintho tse fosahetseng. (Pesaleme ya 104:34) Hape re lokela ho qoba ho bua dintho tse hlohlontshang ditsebe.​—Bala Bakolose 3:8.

Keng hape e ka etsang hore re be batho ba sa hlwekang? Ho na le dintho tse ka silafatsang mmele ya rona. Ka hoo, re qoba ho sebedisa kwae le dithethefatsi ho itlhabolla. Ha re qoba dintho tsena re tla phela hantle hape re tla be re bontsha hore re ananela mpho ya bophelo. Re lokela ho sebetsa ka thata hore re dule re hlwekile boitshwarong ka hore re qobe mekgwa e ditshila e kang ho ipholla ditho tsa botona kapa tsa botshehadi le ho shebella pornography. (Pesaleme ya 119:37; Baefese 5:5) Ho ka ba thata ho tlohela mekgwa ena, empa Jehova a ka re thusa.​—Bala Esaia 41:13.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Bona hore na ho dula re le makgethe ho ka tlisetsa Jehova thoriso jwang, le hore na re ka hlola mekgwa e ditshila jwang.

3. Ha re le makgethe re rorisa Jehova

Ha re bala ka melao eo Jehova a neng a e file setjhaba sa Iseraele, re a bona hore na o nka bohlweki e le ntho ya bohlokwa hakae. Bala Exoda 19:10 le 30:17-19 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ditemana tsee di bontsha hore Jehova o ikutlwa jwang ka bohlweki?

  • Re ka itlwaetsa ho etsang e le hore re dule re le makgethe?

Re hloka nako le boikitlaetso hore re be batho ba makgethe. Re ka kgona ho etsa jwalo ho sa tsotellehe hore na re dula hokae le hore na re na le tjhelete e kae. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Ha re etsa hore dintho tsa rona di dule di le makgethe, re etsa hore mosebetsi wa ho ruta Bibele o be le seriti jwang?

4. Kgaotsa mekgwa e ditshila

Jehova a ka re thusa ho hlola mekgwa yohle e ditshila

Haeba o a tsuba kapa o sebedisa dithethefatsi ho itlhabolla, e ka nna yaba o a tseba hore na ho thata hakae ho tlohela dintho tsena. O ka thuswa keng? Nahana hore na ntho ena eo o tlwaetseng ho e etsa e o ama jwang. Bala Matheu 22:37-39. Ka mora moo le buisane ka hore na ho tsuba kwae le ho sebedisa dithethefatsi hampe ho ka ama . . .

  • kamano ya motho le Jehova jwang?

  • kamano ya motho le lelapa la hae le batho ba bang jwang?

Rera hore na o tla etsa jwang e le hore o hlole tlwaelo e ditshila. a Bapala VIDEO.

Bala Bafilipi 4:13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re ka hlola mekgwa e mebe jwang haeba re rapela, re ithuta Bibele ebile re ya dibokeng ka mehla?

5. Lwantsha menahano le diketso tse ditshila

Bala Bakolose 3:5 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Re tseba jwang hore pornography, ho romellana melaetsa e tsosang takatso le ho ipholla ditho tsa botona kapa tsa botshehadi ho fosahetse ho Jehova?

  • Na ke ntho e utlwahalang hore ebe Jehova o batla hore re itshware hantle? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Bona hore na keng e ka o thusang ho lwantsha menahano e ditshila. Bapala VIDEO.

Jesu o ile a etsa papiso e bontshang hore re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng kapa eng e hlokahalang hore re dule re hlwekile. Bala Matheu 5:29, 30 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jesu o ne a sa bolele hore re lokela ho itematsa, empa o ne a bolela hore re lokela ho nka bohato. Motho a ka nka mohato ofe ho qoba ho nahana ka dintho tse ditshila? b

Haeba o lwanela ho kgaotsa ho nahana dintho tse ditshila, Jehova o ananela boiteko ba hao. Bala Pesaleme ya 103:13, 14 ebe le buisana ka potso ena:

  • Haeba o thatafallwa ho tlohela mokgwa o itseng o ditshila, lengolo lee le o thusa jwang hore o se ke wa tela?

O se ke wa tela

O ka nna wa re: ‘Ke hlolehile, ke hore fela ke tele.’ Nahana ka taba ena: Ha semathi se ka kgoptjwa yaba se a wa, ha ho bolele hore se hlotswe peisong kapa hore se lokela ho qala qalong. Ka tsela e tshwanang, haeba o ka etsa ntho eo o ntseng o lwanela ho e tlohela ha ho bolele hore o hlotswe. Hape ha ho bolele hore boiteko boo o seng o bo e ntse bo ile le metsi. E kgoptjwa e le maoto mane, o se ke wa tela. O ka kgona ho tlohela mekgwa e mebe ha Jehova a o thusa.

BATHO BA BANG BA RE: “Ke lekgoba la ntho ena. Nke ke ka kgona ho e tlohela.”

  • O ka balla motho ya tjhong jwalo lengolo lefe le tla mo thusa hore a bone hore ha Jehova a mo thusa a ka kgona ho kgaotsa mekgwa e mebe?

KAKARETSO

Re thabisa Jehova haeba re dula re hlwekile mmeleng, maikutlong le boitshwarong.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re dule re hlwekile?

  • Re ka etsang hore re be batho ba makgethe?

  • Re ka etsang hore re dule re hlwekile maikutlong le boitshwarong?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ke dintho dife tseo o ka di etsang hore o dule o le makgethe le haeba o se na tjhelete?

Bophelo bo Botle le Bohlweki—Ho Hlapa Matsoho (3:01)

Bona hore na o ka etsang e le hore o kgaotse ho tsuba.

“Ka moo o ka Kgaotsang ho Tsuba” (Tsoha!, May 2010)

Bona hore na monna e mong o ile a thuswa keng hore a hlole bothata ba ho shebella pornography.

“Ke ile ka Hloleha ka Makgetlo Empa Qetellong ka Atleha!” (Molula-Qhooa No. 4 2016)

a Tlasa karolo ya Batla kgaolong ena, bala sehlooho se reng “Ka moo o ka Kgaotsang ho Tsuba,” se bontshang mehato eo re lokelang ho e latela ho hlola mekgwa eo ho leng thata ho e tlohela.

b E le hore o bone hore na o ka hlola tlwaelo ya ho ipholla ditho tsa botona kapa tsa botshehadi jwang, bala sehlooho se reng “Nka Etsang ho Hlola Tlwaelo ya ho Ipholla Ditho Tsa Botona Kapa Botshehadi?” bukeng ya Dipotso Batjha Ba a Botsa​—Dikarabo Tse Sebetsang, Buka ya 1, kgaolong ya 25.