Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 41

Bibele e Re’ng ka Thobalano?

Bibele e Re’ng ka Thobalano?

Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho bua ka thobalano. Empa ha Bibele e bua ka thobalano, e bua ka eona ka tsela e hlomphehang ebile ha e pate letho. Seo e se buang se re tsoela molemo. Taba ena ea utloahala hobane Bibele e tsoa ho ’Mopi oa rona Jehova. O tseba lintho tse ka re tsoelang molemo. Jehova oa re bolella hore na re etse’ng e le hore re mo thabise le hore na ke’ng e ka re thusang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng.

1. Na Jehova o nka ho etsa thobalano ho fosahetse?

Thobalano ke mpho e tsoang ho Jehova. O batla hore e etsoe ke monna le mosali ba nyalaneng. Mpho ena e etselitsoe hore banyalani ba be le bana hape ba thabele ho bontšana lerato ho ea kamoo Molimo a ba bopileng kateng. Ke kahoo Lentsoe la Molimo le reng: “U thabe le mosali oa bocha ba hao.” (Liproverbia 5:​18, 19) Jehova o lebeletse hore banyalani ba Bakreste ba tšepahallane hobane ha ba etsa joalo, ba ke ke ba etsa bofebe.​—Bala Baheberu 13:4.

2. Bohlola ke’ng?

Bibele e re ‘lihlola li ke ke tsa rua ’Muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:​9, 10) Bangoli ba Bibele ba neng ba ngola ka Segerike, ba sebelisitse lentsoe por·neiʹa ha ba bua ka bohlola. Lentsoe lena le akarelletsa (1) mefuta ea thobalano a e etsoang ke batho ba sa nyalanang, (2) thobalano e etsoang ke batho ba bong bo tšoanang le (3) thobalano eo batho ba e etsang le liphoofolo. Ha re qoba ho etsa bohlola, re thabisa Jehova ebile rea itšireletsa.​—1 Bathesalonika 4:3.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka qoba bohlola joang le hore na u tla fumana molemo ofe haeba u lula u itšoere hantle.

3. Balehela bohlola

Monna ea tšepahalang Josefa o ile a hana ho etsa thobalano le mosali ea neng a batla ho robala le eena. Bala Genese 39:​1-12 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke’ng e ileng ea thusa Josefa hore a hane ho etsa bohlola? (Sheba temana ea 9.)

  • Na u nahana hore Josefa o ile a etsa qeto e nepahetseng? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Mehleng ee bacha ba ka etsisa Josefa joang ’me ba qoba ho etsa bohlola? Bapala VIDEO.

Jehova o batla hore kaofela ha rona re balehele bohlola. Bala 1 Bakorinthe 6:​18 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke maemo afe a ka etsang hore motho a qetelle a entse bohlola?

  • U ka balehela bohlola joang?

4. U ka qoba ho etsa ntho e fosahetseng

Ke’ng e ka etsang hore ho be thata ho qoba bohlola? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ha ntate ea hlahang videong ee a hlokomela hore menahano le liketso tsa hae li ka etsa hore qetellong a se ke a tšepahalla molekane oa hae, o ile a etsa’ng?

Ka linako tse ling, le ho Bakreste ba tšepahalang ho thata ho nahana lintho tse lokileng. Ke joang u ka qobang ho lula u nahana ka lintho tse fosahetseng? Bala Bafilipi 4:8 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Re lokela ho nahana ka lintho tse joang?

  • Ho bala Bibele le ho phathahana ka mosebetsi oa Jehova ho ka re thusa joang ho qoba teko ea ho etsa sebe?

5. Melao ea Jehova e re tsoela molemo

Jehova oa tseba hore na ke’ng e tla re tsoela molemo. Oa re bolella hore na re etse’ng e le hore re lule re itšoere hantle le hore na melemo ea ho etsa joalo ke efe. Bala Liproverbia 7:​7-27 kapa u bapale VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Mohlankana eo o ile a ipeha tekong joang? (Sheba Liproverbia 7:​8, 9.)

  • Ho ea ka Liproverbia 7:​23, 26 ho etsa bohlola ho ka ba le litla-morao tse bohloko. Haeba re lula re itšoere hantle re tla qoba mathata afe?

  • Ho itšoara hantle ho ka re thusa joang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng?

Batho ba bang ba re seo Bibele e se buang ka batho ba bong bo tšoanang ba ratanang se bontša ho hloka lerato. Empa Jehova ke Molimo ea lerato ’me o batla hore batho ba thabele bophelo ka ho sa feleng. Kahoo, e le hore re phele ka ho sa feleng, re lokela ho mamela melao ea hae. Bala 1 Bakorinthe 6:​9-11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na Molimo o re ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang ke eona feela ntho e fosahetseng?

Kaofela re lokela ho etsa liphetoho e le hore re thabise Molimo. Na ho na le molemo oo re tla o fumana ka ho etsa joalo? Bala Pesaleme ea 19:​8, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na u nahana hore melao ea Jehova ea utloahala? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Jehova o thusitse batho ba bangata hore ba phele ka melao ea hae. Le uena a ka u thusa

BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho phoso ho etsa thobalano le motho eo u sa nyalanang le eena hafeela le ratana.”

  • Uena u nahana joang?

KAKARETSO

Thobalano ke mpho eo Jehova a e fileng monna le mosali ba nyalaneng hore ba e thabele.

Re Ithutile’ng?

  • Bohlola bo akarelletsa ho etsa’ng?

  • Ke’ng e tla re thusa ho qoba ho etsa bohlola?

  • Re fumana melemo efe ha re mamela melao ea Jehova?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke hobane’ng ha Molimo a re monna le mosali ba batlang ho lula ’moho ba nyalane ka molao.

“Bibele e Re’ng ka Batho ba Lulang Hammoho Pele ba Nyalana?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobane’ng ha Bibele e re ha rea lokela ho hloea batho ba bong bo tšoanang ba ratanang le hoja ketso eo ba e etsang e fosahetse.

“Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tšoanang ba Ratana?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute kamoo melao ea Molimo e re sireletsang kateng tabeng ea thobalano.

“Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?” (Sehlooho se websaeteng)

Sehloohong se reng: “Ba ne ba Ntšoara ka Tlhompho,” hlokomela hore na ke’ng e thusitseng ntate e mong ea neng a ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba hae hore a fetole bophelo ba hae ’me a thabise Molimo.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, April 1, 2011)

a Mefuta ena e akarelletsa thobalano e etsoang ke batho ba sa nyalanang, ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali pakeng tsa batho ba sa nyalanang.