Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 41

Bibele e Reng ka Thobalano?

Bibele e Reng ka Thobalano?

Batho ba bangata ba thatafallwa ke ho bua ka thobalano. Empa ha Bibele e bua ka thobalano, e bua ka yona ka tsela e hlomphehang ebile ha e pate letho. Seo e se buang se re tswela molemo. Taba ena e a utlwahala hobane Bibele e tswa ho Mmopi wa rona Jehova. O tseba dintho tse ka re tswelang molemo. Jehova o a re bolella hore na re etseng e le hore re mo thabise le hore na ke eng e ka re thusang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng.

1. Na Jehova o nka ho etsa thobalano ho fosahetse?

Thobalano ke mpho e tswang ho Jehova. O batla hore e etswe ke monna le mosadi ba nyalaneng. Mpho ena e etseditswe hore banyalani ba be le bana hape ba thabele ho bontshana lerato ho ya ka moo Modimo a ba bopileng ka teng. Ke ka hoo Lentswe la Modimo le reng: “O thabe le mosadi wa botjha ba hao.” (Liproverbia 5:18, 19) Jehova o lebelletse hore banyalani ba Bakreste ba tshepahallane hobane ha ba etsa jwalo, ba ke ke ba etsa bofebe.​—Bala Baheberu 13:4.

2. Bohlola ke eng?

Bibele e re ‘dihlola di ke ke tsa rua Mmuso wa Modimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10) Bangodi ba Bibele ba neng ba ngola ka Segerike, ba sebedisitse lentswe por·neiʹa ha ba bua ka bohlola. Lentswe lena le akarelletsa (1) mefuta ya thobalano a e etswang ke batho ba sa nyalanang, (2) thobalano e etswang ke batho ba bong bo tshwanang le (3) thobalano eo batho ba e etsang le diphoofolo. Ha re qoba ho etsa bohlola, re thabisa Jehova ebile re a itshireletsa.​—1 Bathesalonika 4:3.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka qoba bohlola jwang le hore na o tla fumana molemo ofe haeba o dula o itshwere hantle.

3. Balehela bohlola

Monna ya tshepahalang Josefa o ile a hana ho etsa thobalano le mosadi ya neng a batla ho robala le yena. Bala Genese 39:1-12 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Keng e ileng ya thusa Josefa hore a hane ho etsa bohlola? (Sheba temana ya 9.)

  • Na o nahana hore Josefa o ile a etsa qeto e nepahetseng? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Mehleng ee batjha ba ka etsisa Josefa jwang mme ba qoba ho etsa bohlola? Bapala VIDEO.

Jehova o batla hore kaofela ha rona re balehele bohlola. Bala 1 Bakorinthe 6:18 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke maemo afe a ka etsang hore motho a qetelle a entse bohlola?

  • O ka balehela bohlola jwang?

4. O ka qoba ho etsa ntho e fosahetseng

Keng e ka etsang hore ho be thata ho qoba bohlola? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ha ntate ya hlahang videong ee a hlokomela hore menahano le diketso tsa hae di ka etsa hore qetellong a se ke a tshepahalla molekane wa hae, o ile a etsang?

Ka dinako tse ding, le ho Bakreste ba tshepahalang ho thata ho nahana dintho tse lokileng. Ke jwang o ka qobang ho dula o nahana ka dintho tse fosahetseng? Bala Bafilipi 4:8 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Re lokela ho nahana ka dintho tse jwang?

  • Ho bala Bibele le ho phathahana ka mosebetsi wa Jehova ho ka re thusa jwang ho qoba teko ya ho etsa sebe?

5. Melao ya Jehova e re tswela molemo

Jehova o a tseba hore na ke eng e tla re tswela molemo. O a re bolella hore na re etseng e le hore re dule re itshwere hantle le hore na melemo ya ho etsa jwalo ke efe. Bala Liproverbia 7:7-27 kapa o bapale VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Mohlankana eo o ile a ipeha tekong jwang? (Sheba Liproverbia 7:8, 9.)

  • Ho ya ka Liproverbia 7:23, 26 ho etsa bohlola ho ka ba le ditlamorao tse bohloko. Haeba re dula re itshwere hantle re tla qoba mathata afe?

  • Ho itshwara hantle ho ka re thusa jwang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng?

Batho ba bang ba re seo Bibele e se buang ka batho ba bong bo tshwanang ba ratanang se bontsha ho hloka lerato. Empa Jehova ke Modimo ya lerato mme o batla hore batho ba thabele bophelo ka ho sa feleng. Ka hoo, e le hore re phele ka ho sa feleng, re lokela ho mamela melao ya hae. Bala 1 Bakorinthe 6:9-11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na Modimo o re ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang ke yona feela ntho e fosahetseng?

Kaofela re lokela ho etsa diphetoho e le hore re thabise Modimo. Na ho na le molemo oo re tla o fumana ka ho etsa jwalo? Bala Pesaleme ya 19:8, 11 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na o nahana hore melao ya Jehova e a utlwahala? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Jehova o thusitse batho ba bangata hore ba phele ka melao ya hae. Le wena a ka o thusa

BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho phoso ho etsa thobalano le motho eo o sa nyalanang le yena hafeela le ratana.”

  • Wena o nahana jwang?

KAKARETSO

Thobalano ke mpho eo Jehova a e fileng monna le mosadi ba nyalaneng hore ba e thabele.

Re Ithutileng?

  • Bohlola bo akarelletsa ho etsang?

  • Ke eng e tla re thusa ho qoba ho etsa bohlola?

  • Re fumana melemo efe ha re mamela melao ya Jehova?

Seo o ka se Etsang?

BATLA

Ithute hore na ke hobaneng ha Modimo a re monna le mosadi ba batlang ho dula mmoho ba nyalane ka molao.

“Bibele e Reng ka Batho ba Dulang ha Mmoho Pele ba Nyalana?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobaneng ha Bibele e re ha re a lokela ho hloya batho ba bong bo tshwanang ba ratanang le hoja ketso eo ba e etsang e fosahetse.

“Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tshwanang ba Ratana?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute ka moo melao ya Modimo e re sireletsang ka teng tabeng ya thobalano.

“Na ho Nyanyana Ditho Tsa Botona Kapa Tsa Botshehadi ke ho Etsa Thobalano?” (Sehlooho se websaeteng)

Sehloohong se reng “Ba ne ba Ntshwara ka Tlhompho,” hlokomela hore na ke eng e thusitseng ntate e mong ya neng a ratana le batho ba bong bo tshwanang le ba hae hore a fetole bophelo ba hae mme a thabise Modimo.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, April 1, 2011)

a Mefuta ena e akarelletsa thobalano e etswang ke batho ba sa nyalanang, ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi pakeng tsa batho ba sa nyalanang.