Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 42

Bibele e Ruta’ng ka Lenyalo le Bosoha?

Bibele e Ruta’ng ka Lenyalo le Bosoha?

Litsong tse ling batho ba lumela hore motho a ke ke a thaba haeba a sa nyala kapa a sa nyaloa. Leha ho le joalo, ha se batho bohle ba lenyalong ba thabileng hape ha se batho bohle ba masoha ba sa thabang. Bibele e re lenyalo le bosoha ke limpho tse tsoang ho Jehova.

1. Melemo ea ho ba lesoha ke efe?

Bibele e re: “Ea fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa hamolemo haholo.” (Bala 1 Bakorinthe 7:​32, 33, 38.) Ke ka litsela life motho ea seng lenyalong a etsang “hamolemo haholo”? Batho ba seng lenyalong ha ba na boikarabelo ba ho hlokomela balekane. Kahoo, ba na le bolokolohi bo bongata. Ka mohlala, ba bang ba khona ho sebeletsa Jehova haholoanyane ka hore ba ee linaheng tse ling ho ea ruta batho Bibele. Ho feta moo, ba ka sebelisa nako ea bona e ngata ho matlafatsa setsoalle sa bona le Jehova.

2. Ho na le melemo efe ha lenyalo le ngolisitsoe ka molao?

Joalokaha bosoha bo na le melemo ea bona, lenyalo le lona le na le melemo ea lona. Bibele e re “ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” (Moeklesia 4:9) Taba ena ke ’nete ho Bakreste ba sebelisang likeletso tsa Bibele manyalong a bona. Batho ba nyalanang ka molao ba etsa tšepiso ea hore ba tla ratana, ba hlomphane ba be ba hlokomelane. Ha ba nyalane ka molao, ba ikutloa ba sireletsehile ho feta batho ba lulang ’moho feela ba sa nyalana. Hape le bana ba ikutloa ba sireletsehile haeba batsoali ba bona ba nyalane.

3. Jehova o nka lenyalo joang?

Ha Jehova a nyalisa batho ba pele o ile a re: ‘Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae.’ (Genese 2:​24) Jehova o batla hore monna le mosali ba ratane le hore ba lule hammoho hafeela ba ntse ba phela. O lumella hore ba ka hlalana feela ha e mong a entse bofebe. Boemong boo, Jehova o lumella molekane ea sa etsang bofebe hore a etse qeto ea hore na o tla hlala molekane oa hae kapa che. a (Matheu 19:9) Jehova ha a lumelle hore Bakreste ba nyale sethepu.​—1 Timothea 3:2.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u thabe u be u thabise Jehova, ebang u lesoha kapa u lenyalong.

4. Sebelisa mpho ea bosoha hantle

Jesu o ne a nka bosoha e le mpho. (Matheu 19:​11, 12) Bala Matheu 4:​23 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jesu o ile a sebelisa bosoha ba hae joang e le hore a sebeletse Ntate oa hae le ho thusa batho ba bang?

Bakreste ba seng lenyalong ba ka sebelisa monyetla ona joalokaha Jesu a entse. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Bakreste ba masoha ba ka sebelisa nako ea bona joang?

Na u ne u tseba?

Bibele ha e fane ka molao oa hore na batho ba lokela ho nyalana ha ba le lilemo li kae. Empa e khothalletsa hore motho a eme ho fihlela a “fetile palesa ea bocha,” e leng nako eo maikutlo a ho etsa thobalano a leng matla hoo a ka sitisang mocha hore a etse qeto e nepahetseng.​—1 Bakorinthe 7:36.

5. Khetha molekane ka bohlale

Ho khetha molekane ke e ’ngoe ea liqeto tsa bohlokoa tseo u ka li etsang. Bala Matheu 19:​4-6, 9 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha Mokreste a sa lokela ho potlakela ho kena lenyalong?

Bibele e ka u thusa hore u khethe molekane ea nepahetseng. Ntho ea bohlokoa ke hore u batle molekane ea ratang Jehova. b Bala 1 Bakorinthe 7:​39 le 2 Bakorinthe 6:​14 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho nyalana feela le Bakreste-’moho le rona?

  • Haeba u nyalana le motho ea sa rateng Jehova, u nahana hore Jehova o tla ikutloa joang?

Haeba liphoofolo tse peli tse sa tšoaneng li panoa hammoho, li tla lemala. Ka tsela e tšoanang, Mokreste ea nyalanang le motho eo e seng Paki ea Jehova o tla ba le mathata a mangata

6. Hlompha lenyalo joaloka Jehova

Baiseraele ba mehleng ea khale ba ne ba hlala basali ba bona ka mabaka a sa utloahaleng. Bala Malakia 2:​13, 14, 16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha Jehova a hloile ha batho ba hlalana ka mabaka a sa hlaheng ka Bibeleng?

Bofebe le tlhalo li utloisa bana le molekane ea se nang molato bohloko

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • U ka etsa’ng hore lenyalo la hao le atlehe haeba u nyalane le motho eo e seng Paki ea Jehova?

7. Phela ka melao ea Jehova ea lenyalo

Ho ka ’na ha hlokahala hore motho a sebetse ka thata e le hore a phele ka melao ea Jehova ea lenyalo. c Jehova o hlohonolofatsa batho ba etsang joalo. Bapala VIDEO.

Bala Baheberu 13:4 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na u nahana hore melao ea Jehova ea lenyalo ea utloahala? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Jehova o lebeletse hore Bakreste ba nyalane ka molao le ho hlalana ka molao joalokaha linaheng tse ngata mebuso e lebeletse hore batho ba etse joalo. Bala Tite 3:1 ebe le buisana ka potso ena:

  • Haeba u lenyalong, na u kholisehile hore lenyalo la hao le ngolisitsoe ka molao?

MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha re lokela ho nyalana? Bothata ke’ng ha batho ba ratanang ba lula ’moho ba sa nyalana?”

  • U tla mo araba joang?

KAKARETSO

Bosoha le lenyalo ke limpho tse tsoang ho Jehova. Batho ba ka thabela limpho tsena le ho li khotsofalla hafeela ba phela ka tsela eo Jehova a reng ba phele ka eona.

Re Ithutile’ng?

  • Motho a ka sebelisa bosoha ba hae hamolemo joang?

  • Ke hobane’ng ha Bibele e re re nyalane feela le Bakreste-’moho le rona?

  • Lebaka feela leo Bibele e reng motho a ka hlala ka lona ke lefe?

_
Seo U ka se Etsang

BATLA

Ho nyala “feela Moreneng” ho bolela’ng?

“Lipotso Tse Tsoang ho Babali” (Molula-Qhooa, July 1, 2004)

Shebella livideo tse tharo tse khutšoanyane tse ka u thusang ho etsa qeto e nepahetseng pele u ratana kapa u kena lenyalong.

Ho Itokisetsa Lenyalo (17:05)

Ithute hore na ke hobane’ng ha ntate e mong a re seo Jehova a mo fileng sona se molemo ho feta seo a se tetseng.

Ke ne ke Nahana Hore o Tla Ithuta Bibele (1:​56)

Ke lintho life tseo motho a lokelang ho nahana ka tsona pele a etsa qeto ea ho hlala kapa ho arohana le molekane oa hae?

“Hlompha ‘Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho’ ” (Molula-Qhooa, December 2018)

a Sheba Tlhaloso ea 4 e buang ka ho arohana boemong boo ho se nang molekane ea entseng bofebe.

b Litsong tse ling batsoali ke bona ba khethelang bana ba bona balekane. Boemong bo joalo, batsoali ba ratang bana ba bona ba sheba hore na motho eo o rata Jehova hakae, eseng hore na o na le chelete e ngata hakae.

c Haeba u lula le motho eo u sa nyalanang le eena, ke uena ea tla etsa qeto ea hore na oa mo tlohela kapa u nyalana le eena.