Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 43

Na Bakreste ba Lokela ho Nwa Jwala?

Na Bakreste ba Lokela ho Nwa Jwala?

Lefatsheng lohle, batho ba na le maikutlo a sa tshwaneng ka jwala. Batho ba bang ba thabela ho nwa jwala ka dinako tse ding ha ba na le metswalle ya bona. Ba bang ba kgetha hore ba se ke ba nwa ho hang, ha ba bang bona ba nwa hore ba be ba tahwe. Empa Bibele e reng ka jwala?

1. Na ke phoso ho nwa jwala?

Bibele ha e re ke phoso ho nwa jwala. Ho ena le hoo, ha e bua ka dimpho tse ngata tseo Modimo a re fileng tsona, e akarelletsa le “veine e thabisang pelo ya motho.” (Pesaleme ya 104:14, 15) Bibele e bua ka banna le basadi ba bang ba tshepahalang ba neng ba nwa jwala.​—1 Timothea 5:23.

2. Bibele e fana ka keletso efe ho batho ba kgethang ho nwa?

Jehova o hloile ho nwa haholo le botahwa. (Bagalata 5:21) Lentswe la hae le re: “O se ke wa ba hara ba nwang veine haholo.” (Liproverbia 23:20) Ka hoo haeba re batla ho nwa, ebang re bang kapa re na le batho ba bang, ha re a lokela ho nwa hoo re sa kgoneng ho nahana hantle, ho laola dintho tseo re di buang le tseo re di etsang kapa ho nwa hoo jwala bo ka re kudisang. Haeba re sa kgone ho laola tsela eo re nwang ka yona, re lokela ho ikemisetsa ho kgaotsa ho nwa ka ho felletseng.

3. Re ka bontsha jwang hore re hlompha diqeto tseo batho ba bang ba di etsang ka jwala?

Motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ya hore na o tla nwa jwala kapa tjhe. Ha re a lokela ho ahlola motho ya kgethang ho nwa jwala ka tsela e itekanetseng, hape ha re a lokela ho qobella motho ya sa batleng ho nwa hore a nwe. (Baroma 14:10) Re etsa qeto ya hore re se ke ra nwa haeba ho nwa ho ka bakela batho ba bang mathata. (Bala Baroma 14:21.) Ha re batle “se molemo ho [rona], empa se molemo ho motho e mong.”​—Bala 1 Bakorinthe 10:23, 24.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na Bibele e ka o thusa jwang ho etsa qeto ya hore na o lokela ho nwa jwala le hore na o lokela ho nwa hakae. Hape ithute hore na o ka etsang haeba o na le bothata ba ho nwa haholo.

4. Etsa qeto ya hore na o tla nwa kapa tjhe

Maikutlo a Jesu e ne e le afe ka ho nwa jwala? E le hore o fumane karabo, bala ka mohlolo wa pele oo a ileng a o etsa. Bala Johanne 2:1-11 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Mohlolo oo Jesu a o entseng o re ruta eng ka tsela eo a ikutlwang ka yona ka jwala le ka batho ba bo nwang?

  • Ha e le moo Jesu a sa re ke phoso ho nwa jwala, Mokreste o lokela ho ikutlwa jwang ha motho e mong a etsa qeto ya ho nwa?

Le ha ho le jwalo, taba ya hore Mokreste o lokolohile hore a ka nwa jwala ha e bolele hore a ka nwa neng kapa neng ha a batla. Bala Liproverbia 22:3 mme o hlokomele hore na maemong a latelang e ka ba bohlale hore o nwe kapa tjhe:

  • Haeba o tlo kganna kapa o tlo sebetsa ka motjhini o ka bang kotsi.

  • Ha o imme.

  • Ha ngaka e itse o se ke wa nwa jwala.

  • Ha o na le bothata ba ho nwa haholo.

  • Ha molao o sa o dumelle ho nwa jwala.

  • Ha o na le motho ya entseng qeto ya hore a se ke a nwa hobane a kile a ba le bothata ba ho nwa haholo.

Na jwala bo lokela ho ba teng letjhatong la hao kapa meketjaneng eo o e etsang? E le hore o bone hore na o ka thuswa keng ho etsa qeto, bapala VIDEO.

Bala Baroma 13:13 le 1 Bakorinthe 10:31, 32. Ka mora ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:

  • Ke jwang ho etsa seo o ithutang sona lengolong lee ho ka o thusang hore o etse qeto e tla thabisa Jehova?

Mokreste e mong le e mong o iketsetsa qeto ya hore na o tla nwa jwala kapa tjhe. Le haeba ka dinako tse ding a nwa jwala, a ka nna a kgetha hore ka dinako tse ding a se ke a bo nwa

5. Etsa qeto ya hore na o tla nwa hakae

Haeba o etsa qeto ya ho nwa jwala, hopola hore le hoja Jehova a sa re ke phoso ho bo nwa, o re ho fosahetse ho nwa haholo. Ke hobaneng ha a tjho jwalo? Bala Hosea 4:11, 18 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho ka etsahalang haeba motho a nwa haholo?

Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra nwa haholo? Re lokela hore re ikokobetse e le hore re tsebe dintho tseo re ka kgonang ho di etsa le tseo re ke keng ra kgona ho di etsa. Bala Liproverbia 11:2 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha ho le molemo hore re lekanyetse hore na re tla nwa jwala bo bokae?

6. O ka kgona ho kgaotsa ho nwa haholo

Ithute hore na ke eng e ileng ya thusa ntate e mong hore a kgaotse ho nwa haholo. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Videong ee, ha Dmitry a ne a nwele jwala o ne a itshwara jwang?

  • Na o ile a kgona ho tlohela ho nwa hanghang?

  • Ke eng e ileng ya mo thusa hore qetellong a kgaotse ho nwa jwala haholo?

Bala 1 Bakorinthe 6:10, 11 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Botahwa ke sebe se seholo hakae?

  • Ke eng e bontshang hore motho ya nwang haholo a ka kgona ho fetoha?

Bala Matheu 5:30 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ha Jesu a ne a re motho a kgaole letsoho la hae, o ne a bolela hore re lokela ho tela dintho tse itseng e le hore re kgahlise Jehova. O ka etsang haeba o thatafallwa ke ho tlohela ho nwa jwala haholo? a

Bala 1 Bakorinthe 15:33 ebe le buisana ka potso ena:

  • Metswalle ya hao e ka ama tsela eo o nwang ka yona jwang?

MOTHO A KA NNA A RE: “Na ke phoso ho nwa jwala?”

  • O ka mo araba jwang?

KAKARETSO

Jwala ke mpho e tswang ho Jehova, empa o hloile ho nwa haholo le botahwa.

Re Ithutileng?

  • Bibele e reng ka jwala?

  • Ke hobaneng ha ho le kotsi ho nwa haholo?

  • Re ka bontsha jwang hore re hlompha diqeto tseo ba bang ba di etsang tabeng ya ho nwa jwala?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Batjha ba ka etsa diqeto tse nepahetseng jwang tabeng ya ho nwa jwala?

Pele o Nwa, Nahana ka Ditlamorao (2:31)

Bona hore na o ka etsang e le hore o hlole bothata ba ho nwa haholo.

“Jwala o ka bo Laola Jwang?” (Molula-Qhooa, January 1, 2010)

Na Bakreste ba lokela ho otlanya dikgalase tsa veine?

“Dipotso Tse Tswang ho Babadi” (Molula-Qhooa, February 15, 2007)

Paleng ya bophelo e nang le sehlooho se reng “Ke ne ke le Tanka e Lesoba,” bona hore na ke eng e ileng ya thusa ntate e mong hore a kgaotse ho nwa haholo.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, May 1, 2012)

a Batho ba lemalletseng ho nwa jwala ba ka nna ba hloka thuso ya ditsebi hore ba bo tlohele. Dingaka tse ngata di kgothalletsa hore batho ba kileng ba ba le bothata ba ho nwa haholo, ba tlohele jwala ka ho felletseng.