Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 44

Na ke Mekete Yohle e Kgahlisang Modimo?

Na ke Mekete Yohle e Kgahlisang Modimo?

Jehova o batla hore re thabele bophelo le hore re be le mekete ka dinako tse ding. Empa na o thabiswa ke mekete yohle le matsatsi a phomolo? Tabeng ee re ka bontsha jwang hore re rata Jehova?

1. Ke hobaneng ha Jehova a sa rate mekete e meng?

O ka nna wa makala ha o ithuta hore mekete e mengata ha e a thehwa Bibeleng kapa ke ya bohetene. Ho ka etsahala hore ebe mekete e jwalo e tswa bodumeding ba bohata. E ka nna yaba e amana le ho sebedisana le bademona kapa e thehilwe tumelong ya hore moya ha o shwe. Mekete e meng e thehilwe ditumelakgweleng kapa ho dumeleng lehlohonolong. (Esaia 65:11) Jehova o lemosa bahlanka ba hae o re: “Le ikarole . . . le kgaotse ho ama ntho e sa hlwekang.”​—2 Bakorinthe 6:17. a

2. Jehova o ikutlwa jwang ka mekete e tlotlisang batho?

Jehova o re lemosa hore re se ke ra wela lerabeng la ho ‘tshepa motho wa lefatshe.’ (Bala Jeremia 17:5.) Matsatsi a mang a phomolo a tlotlisa babusi kapa masole. A mang ke a ho keteka matshwao a naha kapa boipuso. (1 Johanne 5:21) Ha e le matsatsi a mang ona, ke a ho keteka mekgatlo ya dipolotiki kapa mekgatlo e emelang sehlopha se itseng sa batho. Jehova a ka ikutlwa jwang haeba re fana ka tlotla e sa tshwanelang ho motho kapa mokgatlo o itseng, haholoholo haeba mokgatlo oo o etsa dintho tse kgahlanong le thato ya hae?

3. Ke boitshwaro bofe bo ka etsang hore mokete o se ke wa thabisa Modimo?

Bibele e nyatsa ‘ho fetella ka veine, mekete e lerata le ditlhodisano tsa ho nwa.’ (1 Petrose 4:3) Meketeng e meng batho ba etsa dintho tse tswileng tseleng le boitshwaro bo bobe. E le hore re dule re ntse re le metswalle ya Jehova, re lokela ho tsamaella hole le mekgwa e jwalo.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka thabisa Jehova jwang ka ho etsa diqeto tse nepahetseng tabeng ya mekete le matsatsi a phomolo.

4. Qoba mekete e sa hlompheng Jehova

Bala Baefese 5:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Re lokela ho nepisisa eng ha re etsa qeto ya hore na re tla keteka letsatsi la phomolo kapa tjhe?

  • Ke matsatsi afe a phomolo a tlwaelehileng sebakeng seo o dulang ho sona?

  • Na o nahana hore a thabisa Jehova?

Ka mohlala, na o kile wa ipotsa hore na Modimo o ikutlwa jwang ka ho keteka matsatsi a tswalo? Ha ho na moo Bibele e buang ka morapedi wa Jehova ya kileng a keteka letsatsi la tswalo empa e bua ka mekete e mmedi ya matsatsi a tswalo ya batho ba neng ba sa sebeletse Jehova. Bala Genese 40:20-22 le Matheu 14:6-10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Mekete ee e mmedi ya matsatsi a tswalo e tshwana ka eng?

  • Ho latela mangolo aa a mabedi, o nahana hore Jehova o ikutlwa jwang ka mekete ya matsatsi a tswalo?

Le ha ho le jwalo o ka nna wa ipotsa wa re, ‘Na ehlile Jehova o a tsotella hore na ke keteka matsatsi a tswalo kapa mekete e meng e sa dumellaneng le Bibele?’ Bala Exoda 32:1-8. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Ke hobaneng ha re lokela ho nepisisa hore na keng e amohelehang ho Jehova?

  • Re ka etsa seo jwang?

Re ka tseba jwang hore mokete o itseng ha o thabise Modimo?

  • Na o thehilwe dithutong tse sa dumellaneng le Bibele? E le hore o fumane karabo, batlisisa hore na o qadile hokae.

  • Na o tlotlisa batho, mekgatlo kapa matshwao a naha? Re tlotlisa Jehova ho feta ntho le ha e le efe ebile re dumela hore ke yena feela ya tla fedisa mathata ohle a teng lefatsheng.

  • Na ditlwaelo le dintho tse etswang moketeng oo di kgahlanong le melao ya Bibele? Re lokela ho dula re itshwere hantle.

5. Thusa batho ba bang hore ba hlomphe seo o se dumelang

Ho ka ba thata hore o emele seo o se dumelang ha batho ba bang ba o hatella hore o keteke mekete e sa thabiseng Jehova. Bontsha mamello mme o be bohlale ha o ntse o ba hlalosetsa diqeto tsa hao. E le hore o bone ka moo o ka etsang sena ka teng, bapala VIDEO.

Bala Matheu 7:12 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • O ipapisitse le temana ee, na o lokela ho bolella ba lelapa ba sa dumeleng dintho tseo o di dumelang hore ha ba a lokela ho keteka letsatsi la phomolo le itseng?

  • O ka etsang ho ba tiisetsa hore le hoja o sa keteke le bona o ntse o ba rata ebile o ba nka e le ba bohlokwa?

6. Jehova o batla hore re thabe

Jehova o batla hore re be le dinako tse monate le ba lelapa le metswalle ya rona. Bala Moeklesia 8:15 ebe le buisana ka potso ena:

  • Temana ee e bontsha jwang hore Jehova o batla hore re thabe?

Jehova o batla hore batho ba hae ba thabe le hore ba be le dinako tse monate. Bapala VIDEO mme o bone hore dikopano tsa rona tsa matjhaba di tiisa hore taba ena ke nnete.

Bala Bagalata 6:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na re lokela ho keteka matsatsi a phomolo e le hore re etsetse batho ba bang “se molemo”?

  • Na o tla thaba haholo haeba o fana o tlamehile ka lebaka la letsatsi la phomolo kapa haeba o fana hobane o batla?

  • Ka dinako tse ding Dipaki Tsa Jehova tse ngata di etsetsa bana ba tsona dintho tse ntle ebile di ba fa dimpho. Haeba o na le bana, ke dintho dife tseo o ka ba etsetsang tsona tse tla ba thabisa?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha se taba ya bohlokwa hore na letsatsi la phomolo le qadile hokae. Taba ya bohlokwa ke hore re ithabise le metswalle le ba lelapa.”

  • O ka reng ha o ba araba?

KAKARETSO

Jehova o batla hore re be le dinako tse monate le ba lelapa le metswalle ya rona. Empa o boetse o batla hore re qobe mekete e sa mo thabiseng.

Re Ithutileng?

  • Re ka ipotsa dipotso dife e le hore re bone hore na mokete o itseng o thabisa Jehova kapa tjhe?

  • Ke jwang re ka thusang ba lelapa le metswalle ya rona ho utlwisisa diqeto tseo re di entseng tabeng ya ho keteka matsatsi a phomolo?

  • O tseba jwang hore Jehova o batla hore re thabe le hore re be le dinako tse monate?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Hlokomela hore na ke matsatsi afe a phomolo ao Bakreste ba sa lokelang ho a keteka.

“Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Keteke Matsatsi a Itseng a Phomolo?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute mabaka a mane a etsang hore re dumele hore mekete ya matsatsi a tswalo ha e thabise Modimo.

“Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Keteke Matsatsi a Tswalo?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na bana ba ratang Jehova ba ka mo thabisa jwang ha ho ketekwa matsatsi a phomolo.

O Bohlokwa ho Jehova (11:35)

Ho na le Bakreste ba dimilione ba entseng qeto ya hore ba ke ke ba keteka Keresemese. Ba ikutlwa jwang ka qeto eo?

“Ba Fumane ho Hong ho Molemo le ho Feta” (Molula-Qhooa, December 1, 2012)

a Sheba Tlhaloso ya 5 e le hore o ithute hore na o ka etsang haeba o le ka hara batho ba ntseng ba keteka letsatsi la phomolo.