Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 45

Re ka Etsa’ng ho Bontša Hore ha re Kenelle Lipolotiking?

Re ka Etsa’ng ho Bontša Hore ha re Kenelle Lipolotiking?

Jesu o ile a re balateli ba hae e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:​19) Taba eo e akarelletsa ho se tšehetse lintoa le lipolotiki. Ke ’nete hore ha se kamehla ho leng bonolo hore re se ke ra kenella linthong tse joalo. Batho ba ka ’na ba re tšeha. Tabeng ee re ka bontša joang hore re tšepahalla Jehova Molimo?

1. Bakreste ba ’nete ba ikutloa joang ka mebuso ea batho?

Bakreste ba hlompha mebuso. Re etsa seo Jesu a se buileng ha a ne a re re ‘lefe Cesare lintho tsa Cesare.’ Seo se bolela hore re mamela melao ea naha, joaloka ho lefa lekhetho. (Mareka 12:​17) Bibele e ruta hore Jehova ke eena ea lumeletseng mebuso ea batho hore e buse. (Baroma 13:1) Kahoo, rea utloisisa hore mebuso ea batho ha e na bolaoli bo lekanang le ba Molimo. Rea tseba hore ke Molimo oa rona feela le ’Muso oa hae o leholimong o tla rarolla mathata a batho.

2. Re ka bontša joang hore ha re kenelle lipolotiking?

Re etsisa Jesu ka ho se kenelle lipolotiking. Ha batho ba bona Jesu a etsa mohlolo o mong, ba ile ba leka ho mo etsa morena oa bona empa ha aa ka a lumela. (Johanne 6:​15) Hobane’ng? Hamorao o ile a hlalosa lebaka a re: “ ’Muso oa ka ha se karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:​36) Kaha re barutuoa ba Jesu, re bontša ka litsela tse sa tšoaneng hore ha re tšehetse lipolotiki. Ka mohlala, ha re ee ntoeng. (Bala Mikea 4:3.) Re hlompha matšoao a naha joaloka folakha empa ha re a rapele. (1 Johanne 5:​21) Ha re hanyetse ebile ha re tšehetse moeta-pele kapa mokhatlo leha e le ofe oa lipolotiki. Re bontša ka litsela tsena le tse ling hore re tšepahalla ’Muso oa Molimo ka ho feletseng.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Nahana ka maemo a ka etsang hore ho be thata ho se be karolo ea lefatše ’me u bone hore na u ka etsa’ng maemong ao hore u thabise Jehova.

3. Bakreste ba ’nete ha ba kenelle lipolotiking

Jesu le balateli ba hae ba re behetse mohlala. Bala Baroma 13:​1, 5-7 le 1 Petrose 2:​13, 14. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha babusi?

  • Re ka bontša ka litsela life tse ling hore rea ba hlompha?

Ha ho e-na le ntoa, linaha tse ling li thusa linaha tse loantšanang le hoja li bolela hore ha ho na naha eo li e tšehetsang. Ho se kenelle lipolotiking ho bolela’ng? Bala Johanne 17:​16. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ho se kenelle lipolotiking ho bolela’ng?

Re lokela ho etsa’ng haeba babusi ba batla hore re etse lintho tse khahlanong le molao oa Molimo? Bala Liketso 5:​28, 29. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Haeba molao oa batho o le khahlanong le molao oa Molimo, re lokela ho mamela mang?

  • U nahana hore ke maemong afe moo Bakreste ba ke keng ba mamela babusi?

4. Bontša ka liketso le ka seo u se nahanang hore ha u tšehetse lipolotiki

Bala 1 Johanne 5:​21. Ka mor’a moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke hobane’ng ha Ayenge a ile a etsa qeto ea hore e ke ke ea ba setho sa mokhatlo oa lipolotiki le ea hore o tla ba sieo ha ho etsoa lintho tsa bochaba tse kang ho lumelisa folakha?

  • Na u nahana hore o entse qeto e nepahetseng?

Ke maemong afe a mang ao ho ’ona re sa lokelang ho tšehetsa lipolotiki? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Re ka qoba ho ba karolo ea lefatše joang ha re shebeletse lipapali tse lipakeng tsa linaha tse fapaneng?

  • Re ka lula re sa kenelle lipolotiking joang le haeba liqeto tsa bo-ralipolotiki li re ama ka ho toba?

  • Lintho tseo re li utloang litabeng kapa ho batho bao re tloaelaneng le bona, li ka re susumetsa joang ha ho tluoa lipolotiking?

Ke lintho life tseo Mokreste a lokelang ho li qoba e le hore a se ke a kenella lipolotiking ka lintho tseo a li nahanang le tseo a li etsang?

MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha u sa lumelise folakha kapa u sa bine pina ea sechaba?”

  • U tla mo araba joang?

KAKARETSO

Bakreste ba leka kahohle hore ba se ke ba kenella lipolotiking, ebang ke ka lintho tseo ba li nahanang, tseo ba li buang kapa tseo ba li etsang.

Re Ithutile’ng?

  • Re lokela ho ikutloa joang ka mebuso ea batho?

  • Ke hobane’ng ha re sa kenelle lipolotiking?

  • Ke lintho life tseo re sa lokelang ho li etsa e le hore re se ke ra kenella lipolotiking?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ke lintho life tseo re ka lokelang ho li tela e le hore re se ke ra kenella lipolotiking?

Jehova ha aa ka a re Tlohela (3:​14)

Malapa a ka etsa’ng ho itokisetsa maemo a ka etsang hore a kenelle lipolotiking?

Lula U sa Nke Lehlakore Maemong ’Ohle (4:​25)

Ke hobane’ng ha ho loanela naha e se eona ntho e ka tlisetsang motho tlotla e kholo ka ho fetisisa?

“Lintho Tsohle Lia Khoneha ho Molimo” (5:​19)

Nahana kamoo u ka lulang u se karolo ea lefatše kateng ha u etsa liqeto tse mabapi le mosebetsi.

“E Mong le e Mong o Tla Jara Mojaro oa Hae” (Molula-Qhooa, March 15, 2006)