Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 45

Re ka Etsang ho Bontsha Hore ha re Kenelle Dipolotiking?

Re ka Etsang ho Bontsha Hore ha re Kenelle Dipolotiking?

Jesu o ile a re balatedi ba hae e se ke ya ba “karolo ya lefatshe.” (Johanne 15:19) Taba eo e akarelletsa ho se tshehetse dintwa le dipolotiki. Ke nnete hore ha se ka mehla ho leng bonolo hore re se ke ra kenella dinthong tse jwalo. Batho ba ka nna ba re tsheha. Tabeng ee re ka bontsha jwang hore re tshepahalla Jehova Modimo?

1. Bakreste ba nnete ba ikutlwa jwang ka mebuso ya batho?

Bakreste ba hlompha mebuso. Re etsa seo Jesu a se buileng ha a ne a re re ‘lefe Cesare dintho tsa Cesare.’ Seo se bolela hore re mamela melao ya naha, jwalo ka ho lefa lekgetho. (Mareka 12:17) Bibele e ruta hore Jehova ke yena ya dumelletseng mebuso ya batho hore e buse. (Baroma 13:1) Ka hoo, re a utlwisisa hore mebuso ya batho ha e na bolaodi bo lekanang le ba Modimo. Re a tseba hore ke Modimo wa rona feela le Mmuso wa hae o lehodimong o tla rarolla mathata a batho.

2. Re ka bontsha jwang hore ha re kenelle dipolotiking?

Re etsisa Jesu ka ho se kenelle dipolotiking. Ha batho ba bona Jesu a etsa mohlolo o mong, ba ile ba leka ho mo etsa morena wa bona empa ha a ka a dumela. (Johanne 6:15) Hobaneng? Ha morao o ile a hlalosa lebaka a re, “Mmuso wa ka ha se karolo ya lefatshe lena.” (Johanne 18:36) Ka ha re barutuwa ba Jesu, re bontsha ka ditsela tse sa tshwaneng hore ha re tshehetse dipolotiki. Ka mohlala, ha re ye ntweng. (Bala Mikea 4:3.) Re hlompha matshwao a naha jwalo ka folakga empa ha re a rapele. (1 Johanne 5:21) Ha re hanyetse ebile ha re tshehetse moetapele kapa mokgatlo le ha e le ofe wa dipolotiki. Re bontsha ka ditsela tsena le tse ding hore re tshepahalla Mmuso wa Modimo ka ho felletseng.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Nahana ka maemo a ka etsang hore ho be thata ho se be karolo ya lefatshe mme o bone hore na o ka etsang maemong ao hore o thabise Jehova.

3. Bakreste ba nnete ha ba kenelle dipolotiking

Jesu le balatedi ba hae ba re behetse mohlala. Bala Baroma 13:1, 5-7 le 1 Petrose 2:13, 14. Ka mora moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Ke hobaneng ha re lokela ho hlompha babusi?

  • Re ka bontsha ka ditsela dife tse ding hore re a ba hlompha?

Ha ho na le ntwa, dinaha tse ding di thusa dinaha tse lwantshanang le hoja di bolela hore ha ho na naha eo di e tshehetsang. Ho se kenelle dipolotiking ho bolelang? Bala Johanne 17:16. Ka mora moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ho se kenelle dipolotiking ho bolelang?

Re lokela ho etsang haeba babusi ba batla hore re etse dintho tse kgahlanong le molao wa Modimo? Bala Liketso 5:28, 29. Ka mora moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Haeba molao wa batho o le kgahlanong le molao wa Modimo, re lokela ho mamela mang?

  • O nahana hore ke maemong afe moo Bakreste ba ke keng ba mamela babusi?

4. Bontsha ka diketso le ka seo o se nahanang hore ha o tshehetse dipolotiki

Bala 1 Johanne 5:21. Ka mora moo, bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke hobaneng ha Ayenge a ile a etsa qeto ya hore e ke ke ya ba setho sa mokgatlo wa dipolotiki le ya hore o tla ba siyo ha ho etswa dintho tsa botjhaba tse kang ho dumedisa folakga?

  • Na o nahana hore o entse qeto e nepahetseng?

Ke maemong afe a mang ao ho ona re sa lokelang ho tshehetsa dipolotiki? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Re ka qoba ho ba karolo ya lefatshe jwang ha re shebelletse dipapadi tse dipakeng tsa dinaha tse fapaneng?

  • Re ka dula re sa kenelle dipolotiking jwang le haeba diqeto tsa boradipolotiki di re ama ka ho toba?

  • Dintho tseo re di utlwang ditabeng kapa ho batho bao re tlwaelaneng le bona, di ka re susumetsa jwang ha ho tluwa dipolotiking?

Ke dintho dife tseo Mokreste a lokelang ho di qoba e le hore a se ke a kenella dipolotiking ka dintho tseo a di nahanang le tseo a di etsang?

MOTHO A KA NNA A RE: “Ke hobaneng ha o sa dumedise folakga kapa o sa bine pina ya setjhaba?”

  • O tla mo araba jwang?

KAKARETSO

Bakreste ba leka ka hohle hore ba se ke ba kenella dipolotiking, ebang ke ka dintho tseo ba di nahanang, tseo ba di buang kapa tseo ba di etsang.

Re Ithutileng?

  • Re lokela ho ikutlwa jwang ka mebuso ya batho?

  • Ke hobaneng ha re sa kenelle dipolotiking?

  • Ke dintho dife tseo re sa lokelang ho di etsa e le hore re se ke ra kenella dipolotiking?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ke dintho dife tseo re ka lokelang ho di tela e le hore re se ke ra kenella dipolotiking?

Jehova ha a ka a re Tlohela (3:14)

Malapa a ka etsang ho itokisetsa maemo a ka etsang hore a kenelle dipolotiking?

Dula o sa Nke Lehlakore Maemong Ohle (4:25)

Ke hobaneng ha ho lwanela naha e se yona ntho e ka tlisetsang motho tlotla e kgolo ka ho fetisisa?

“Dintho Tsohle di a Kgoneha ho Modimo” (5:19)

Nahana ka moo o ka dulang o se karolo ya lefatshe ka teng ha o etsa diqeto tse mabapi le mosebetsi.

“E Mong le e Mong o Tla Jara Mojaro wa Hae” (Molula-Qhooa, March 15, 2006)