Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 46

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela U be U Kolobetsoe?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela U be U Kolobetsoe?

U inehela ho Jehova ka ho etsa thapelo u mo tšepisa hore u tla sebeletsa eena feela le hore ho etsa thato ea hae e tla ba eona ntho e tlang pele bophelong ba hao. (Pesaleme ea 40:8) Ka mor’a moo, oa kolobetsoa. Ha u kolobetsoa u bontša batho ba bang hore u inehetse ho Molimo. Qeto ea ho inehela ho Jehova ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ke’ng e ka u susumeletsang hore u etse qeto e kholo hakaalo e bileng e tla fetola bophelo ba hao?

1. Ke’ng e susumeletsang motho hore a inehele ho Molimo?

Re inehela ho Jehova hobane re mo rata. (1 Johanne 4:​10, 19) Bibele e re fa taelo e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:​30) Re bontša hore re rata Molimo ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Joalokaha batho ba ratanang ba nyalana, le rona ha re rata Jehova re tla batla ho inehela ho eena ’me re kolobetsoe.

2. Jehova o hlohonolofatsa Lipaki tsa hae tse kolobelitsoeng joang?

Ha u kolobetsoa, u ba karolo ea lelapa la Jehova le thabileng. U tla bona lintho tse ngata tse bontšang hore na o u rata hakae ebile u tla atamela haufi le eena le ho feta. (Bala Malakia 3:​16-​18.) Jehova e tla ba Ntate oa hao ebile u tla ba karolo ea lelapa la bara le barali ba bo rona lefatšeng lohle ba mo ratang le ba u ratang. (Bala Mareka 10:​29, 30.) Empa pele u kolobetsoa ho na le lintho tseo u lokelang ho li etsa. U lokela ho ithuta ka Jehova, u mo rate u be u lumele ho Mora oa hae. Qetellong, u lokela ho inehela ho Jehova. Haeba u etsa lintho tsena u bile u kolobetsoa, u tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Lentsoe la Molimo le re: ‘Kolobetso ea le pholosa.’​—1 Petrose 3:21.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u inehele ho Jehova u be u kolobetsoe.

3. Kaofela ha rona re lokela ho ikhethela hore na re tla sebeletsa mang

Mehleng ea Baiseraele, batho ba bang ba ne ba nahana hore ba ka sebeletsa Jehova le molimo oa bohata ea bitsoang Baale. Empa Jehova o ile a romela moprofeta Elia hore a il’o lokisa monahano oo o fosahetseng. Bala 1 Marena 18:​21 ebe le buisana ka potso ena:

  • Baiseraele ba ne ba tlameha ho etsa khetho efe?

Joaloka Baiseraele, le rona re tlameha ho khetha hore na re tla sebeletsa mang. Bala Luka 16:​13 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha ho ke ke ha khoneha hore re sebeletse Jehova re be re sebeletse motho e mong kapa ntho e ’ngoe e itseng?

  • Re ka bontša Jehova joang hore re khetha ho sebeletsa eena feela?

4. Nahanisisa ka lerato leo Jehova a u ratang ka lona

Jehova o re file limpho tse ngata tsa bohlokoa. Rona re ka mo fa eng? Bapala VIDEO.

Jehova o bontšitse ka litsela life hore oa u rata? Bala Pesaleme ea 104:​14, 15 le 1 Johanne 4:​9, 10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke limpho life tse tsoang ho Jehova tseo u li ananelang ka ho fetisisa?

  • Limpho tseo li etsa hore u ikutloe joang ka eena?

Ha re fuoa mpho eo re e ratang haholo, re batla ho bontša motho ea re fileng eona hore rea e ananela. Bala Deuteronoma 16:​17 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ha u nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona, u utloa u batla ho mo fa eng?

5. Ha u inehela ho Jehova u tla fumana litlhohonolofatso tse ngata

Batho ba bangata ba lumela hore botumo, mosebetsi oo ba o ratang kapa chelete li tla ba tlisetsa thabo. Na taba eo ke ’nete? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Ke hobane’ng ha ntate ea hlahang videong ee a ile a tlohela ho bapala bolo le hoja a ne a e rata?

  • O ile a khetha hore Jehova e be eena ea tlang pele bophelong ba hae, eseng bolo. Na u nahana hore o entse qeto e nepahetseng? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Pele moapostola Pauluse e e-ba Mokreste, o ne a e-na le monyetla oa ho ba le mosebetsi oa maemo a phahameng. O ne a rutiloe molao oa Bajuda ke mosuoe ea tsebahalang. Empa o ile a tela lintho tseo e le hore e be Mokreste. Na Pauluse o ile a ikoahlaea? Bala Bafilipi 3:8 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re lintho tseo a neng a li etsa pele e e-ba Mokreste e ne e le “lithole tse ngata”?

  • O ile a fumana’ng bakeng sa tsona?

  • Na ho na le ntho eo u ka e etsang ka bophelo ba hao e ka bapisoang le ho sebeletsa Jehova?

Ha Pauluse e e-ba Mokreste, o ile a fumana lintho tse ngata ho feta tseo a li tetseng

BATHO BA BANG BA RE: “Ha se ntho e utloahalang ho nehela bophelo ba hao ho Molimo.”

  • Ke hobane’ng ha uena u nahana hore ke ntho e utloahalang hore u inehele ho Jehova?

KAKARETSO

Lerato le re susumeletsa ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha Jehova a tšoaneloa ke hore re mo rate ka lipelo tsohle tsa rona re be re sebeletse eena feela?

  • Jehova o hlohonolofatsa Lipaki tsa hae tse kolobelitsoeng joang?

  • Na u ka rata ho inehela ho Jehova?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Hlokomela hore na ke hobane’ng ha ’mè e mong oa sebini le ntate e mong oa sebapali ba ile ba khetha ho inehela ho Jehova.

Bacha Baa Botsa​—Ke Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Ka? (6:​54)

Ithute mabaka a eketsehileng a hore u inehele ho Molimo.

“Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela ho Jehova?” (Molula-Qhooa, January 15, 2010)

Videong ena, bona hore na batho ba inehetseng ho Jehova ba thabile hakaakang.

Ke Tla U Phelela (4:​30)

Bala pale ea bophelo e nang le sehlooho se reng “Ka Lilemo-lemo ke ne ke Ipotsa, ‘Ha e le Hantle re Phelela’ng?’ ” ’me u bone hore na ke’ng e ileng ea susumeletsa ’mè e mong hore a hlahlobe hore na ke’ng e tlang pele bophelong ba hae.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, November 1, 2012)