Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 48

Khetha Metsoalle Hantle

Khetha Metsoalle Hantle

Metsoalle ea rona e etsa hore re thabe ha ho le monate ’me ea re khothatsa ha ho le thata. Empa Bibele ea re lemosa hore ha se motho e mong le e mong eo e ka bang motsoalle ea hantle. Kahoo u ka khetha metsoalle e hantle joang? Nahana ka lipotso tsena.

1. Metsoalle eo u e khethang e ka u ama joang?

Hangata re qetella re e-na le mekhoa e tšoanang le ea batho bao re qetang nako le bona, ebang ke mekhoa e metle kapa e mebe. Ntho ena e ka etsahala le haeba re qeta nako e ngata re bua le bona inthaneteng. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello [e leng ba sa rateng Jehova] lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:​20) Haeba metsoalle ea hao e rata Jehova ebile e mo sebeletsa, e ka u thusa hore u lule u mo rata u be u etse liqeto tse nepahetseng. Haeba metsoalle ea hao e sa rate Jehova, e tla etsa hore le uena u se ke oa mo rata. Ha se feela Bibele e re khothaletsang ho khetha metsoalle hantle. Haeba metsoalle ea rona e le batho ba ratang Molimo, e ka re tsoela molemo ’me le rona re ka e thusa. Re tla khona ho ‘tšelisana le ho hahana.’​—1 Bathesalonika 5:11.

2. Jehova o tla ikutloa joang ka metsoalle eo u e khethang?

Jehova o khetha metsoalle hantle. “O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:​32) Jehova o tla ikutloa joang haeba re khetha batho ba sa mo rateng hore e be metsoalle ea rona? O tla utloa bohloko haholo. (Bala Jakobo 4:4.) Empa Jehova o tla thaba a be a re nke re le metsoalle ea hae haeba re qoba ho tloaelana le batho ba fosahetseng, re mo rata ebile re rata batho ba mo ratang.​—Pesaleme ea 15:​1-4.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re khethe metsoalle hantle le hore na u ka etsa’ng hore u be le metsoalle e tla u tsoela molemo.

3. Hlokomela hore u se ke oa khetha metsoalle e fosahetseng

Batho ba sa rateng Molimo le melao ea hae ke metsoalle e fosahetseng. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ke joang re ka iphumanang re tloaelana le batho ba fosahetseng re sa hlokomele?

Bala 1 Bakorinthe 15:​33 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke motho ea joang eo e ke keng ea e-ba motsoalle ea nepahetseng bakeng sa hao? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Bala Pesaleme ea 119:​63 ebe le buisana ka potso ena:

  • U lokela ho sheba eng ha u khetha motsoalle?

Apole e le ’ngoe e bolileng e ka bolisa tse ling. Ho ba le motsoalle ea fosahetseng ho ka u ama joang?

4. Batho ba sa tšoaneng le rona e ka ba metsoalle e hantle

Bibele e re bolella ka banna ba babeli ba mehleng ea Iseraele e leng Davida le Jonathane. Ba ne ba fapane haholo ka lilemo le ka maemo empa e ile ea e-ba metsoalle. Bala 1 Samuele 18:1 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khetha lithaka tsa rona kapa batho ba boemong bo tšoanang le ba rona feela hore e be metsoalle ea rona?

Bala Baroma 1:​11, 12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Metsoalle e ratang Jehova e ka khothatsana joang?

Videong ena, bona hore na ke joang mocha e mong a ileng a fumana metsoalle moo a sa lebellang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke hobane’ng ha batsoali ba Akil ba ne ba tšoenyehile ka metsoalle ea hae ea sekolong?

  • Ke’ng e entseng hore a batle ho ba motsoalle oa bana bao?

  • Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a se ke a hlola a jeoa ke bolutu?

5. U ka thusoa ke’ng hore u be le metsoalle e hantle?

Ithute hore na u ka fumana metsoalle ea sebele joang le hore na u ka etsa’ng hore le uena u be motsoalle oa sebele. Bapala VIDEO.

Bala Liproverbia 18:​24 le 27:​17 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Metsoalle ea ’nete e thusana joang?

  • Na u na le metsoalle e joalo? Haeba ha u na eona, u ka etsa’ng hore u be le eona?

Bala Bafilipi 2:4 ebe le buisana ka potso ena:

  • U lokela ho ba motsoalle oa ’nete e le hore u fumane metsoalle ea ’nete. U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa ’nete?

E le hore u be le metsoalle ea ’nete, u lokela ho ba motsoalle oa ’nete

BATHO BA BANG BA RE: “Ho molemo ho khetha mang le mang feela hore e be motsoalle oa hao ho feta ho se be le metsoalle ho hang.”

  • Uena u ka re’ng?

KAKARETSO

Haeba re khetha metsoalle hantle re tla thabisa Jehova ’me ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha e le taba ea bohlokoa ho Jehova hore na re khetha metsoalle e joang?

  • Ke batho ba joang bao u sa lokelang ho ba motsoalle oa bona?

  • Ke joang u ka bang le metsoalle e nepahetseng?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bona hore na metsoalle ea ’nete e ka re thusa joang ha ho le thata.

“Etsa Maqhama a Tiileng a Setsoalle Pele Bofelo bo Fihla” (Molula-Qhooa, November 2019)

Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u be le metsoalle ea ’nete.

“Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?” (Lipotso Bacha Baa Botsa​—Likarabo tse Sebetsang, Buka ea 1, khaolo 8)

U lokela ho tseba’ng ka ho etsa metsoalle inthaneteng?

E-ba Bohlale ha U Etsa Metsoalle Inthaneteng (4:​12)

Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke ne ke Lakatsa ho ba le Ntate,” ’me u hlokomele hore na ke’ng e entseng hore ntate e mong a khethe metsoalle e meng.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, April 1, 2012)