Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 49

Lelapa la Hao le ka Thaba Jwang?​—Karolo ya 1

Lelapa la Hao le ka Thaba Jwang?​—Karolo ya 1

Banyalani ba batjha ba na le tshepo ya hore thabo eo ba bileng le yona ka letsatsi la bona la lenyalo e tla dula e le teng. Ho ka kgoneha hore ba dule ba thabile. Bakreste bao e leng kgale ba nyalane le ba sebeditseng ka thata ho sebedisa keletso e tswang ka Bibeleng ba a tseba hore ntho eo ya kgoneha.

1. Bibele e fa banna keletso efe?

Jehova o file monna boikarabelo ba ho ba hlooho ya lelapa. (Bala Baefese 5:23.) Jehova o lebelletse hore monna a etse diqeto tse tla tswela lelapa la hae molemo. Bibele e eletsa banna hore ba ‘tswele pele ho rata basadi ba bona.’ (Baefese 5:25) Ntho ee e bolelang? Monna ya lerato o tshwara mosadi wa hae ka mosa ha ba le ka tlung le ha ba na le batho ba bang. O a mo sireletsa ebile o etsa sohle seo a ka se kgonang ho mo fa dintho tseo a di hlokang e le hore a thabe. (1 Timothea 5:8) Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore o mo thusa hore a be le kamano e ntle le Jehova. (Matheu 4:4) Ka mohlala, o bala Bibele le ho rapela le mosadi wa hae. Monna o tla dula a na le kamano e ntle le Jehova haeba a hlokomela mosadi wa hae.​—Bala 1 Petrose 3:7.

2. Bibele e fa basadi keletso efe?

Lentswe la Modimo le re mosadi “o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna wa hae.” (Baefese 5:33) A ka etsa jwalo jwang? A ka nahana ka dintho tse ntle tseo monna wa hae a di etsang le hore na o sebetsa ka thata hakae ho mo hlokomela ha mmoho le bana ba bona. A ka boela a bontsha hore o a mo hlompha ka hore a tshehetse diqeto tseo a di entseng, a bue le yena ka mosa le hore a bue hantle ka yena le haeba e se morapedi wa Jehova.

3. Banyalani ba ka etsang e le hore lenyalo la bona le tshwarelle?

Ha Bibele e bua ka banyalani e re “ba babedi e tla ba nama e le nngwe.” (Matheu 19:5) Sena se bolela hore ba lokela ho lwantsha ntho e nngwe le e nngwe e ka fokodisang lerato la bona. Ba ka etsa sena ka hore ba qete nako ba le mmoho le hore ba bolellane ntho e nngwe le e nngwe ka bolokolohi. Monna kapa mosadi ha a lokela ho dumella ntho kapa motho le ha e le ofe hore a tle pele ho molekane wa hae ntle le Jehova. Hape ha a lokela ho tlwaelana ho feta tekano le motho le ha e le ofe.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Bona hore na ke dikeletso dife tsa Bibele tse ka etsang hore lenyalo la hao le tshwarelle.

4. Banna ba lokela ho rata le ho hlokomela basadi ba bona

Bibele e re: “Banna ba tshwanela ho rata basadi ba bona jwalo ka mmele ya bona.” (Baefese 5:28, 29) Ntho ee e bolelang? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Monna a ka bontsha ka ditsela dife hore o rata le ho kgathalla mosadi wa hae?

Bala Bakolose 3:12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Monna a ka bontsha makgabane aa jwang lenyalong la hae?

5. Basadi ba lokela ho rata le ho hlompha banna ba bona

Bibele e eletsa mosadi ho hlompha monna wa hae ho sa tsotellehe hore na o sebeletsa Jehova kapa tjhe. Bala 1 Petrose 3:1, 2 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Haeba o na le molekane ya sa sebeletseng Jehova, ha ho pelaelo hore o batla hore a mo sebeletse. O nahana hore tsela e molemo ya ho mo thusa ke efe? Na ke ho dula o mo bolella hore na Bibele e reng kapa ke hore o be mosadi ya hantle, ya mosa le ya nang le tlhompho? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Banyalani ba ka etsa diqeto tse ntle ba le mmoho. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding mosadi a ka nna a se ke a dumellana le monna wa hae. A ka mo bolella maikutlo a hae ka tlhompho le ka boikokobetso empa o lokela ho hopola hore Jehova o file monna wa hae boikarabelo ba ho etsa diqeto tse nepahetseng bakeng sa lelapa. O lokela ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshehetsa qeto eo monna wa hae a e etsang. Ha a etsa jwalo o etsa hore lelapa lohle le thabe. Bala 1 Petrose 3:3-5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o ikutlwa jwang ha mosadi a bontsha hore o hlompha monna wa hae?

6. O ka hlola mathata lenyalong la hao

Ha ho na lenyalo le se nang mathata. Ka hoo banyalani ba lokela ho sebetsa mmoho hore ba a hlole. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke dintho dife tse bontshitseng hore banyalani bao ba ne ba se ba sa ratane jwalo ka pele?

  • Ke dintho dife tseo ba ileng ba di etsa ho matlafatsa lenyalo la bona?

Bala 1 Bakorinthe 10:24 le Bakolose 3:13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho mamela keletso ee ho ka matlafatsa lenyalo jwang?

Bibele e re re lokela ho hlomphana. Ho hlompha motho ho bolela ho mo tshwara ka tsela e mosa le e mo sielang seriti. Bala Baroma 12:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na monna kapa mosadi o lokela ho emela molekane wa hae hore a mo hlomphe pele? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

BATHO BA BANG BA RE: “Nna le molekane wa ka ha re sa ratana ka moo re neng re ratana ka teng pele.”

  • O ka ba bontsha jwang hore Bibele e ka ba thusa?

KAKARETSO

Banyalani ba ka thaba ha ba ratana, ba hlomphana ebile ba sebedisa dikeletso tse tswang ka Bibeleng.

Re Ithutileng?

  • Monna a ka etsang e le hore ho be le thabo lenyalong la hae?

  • Mosadi a ka etsang e le hore ho be le thabo lenyalong la hae?

  • Haeba o lenyalong, ke keletso efe ya Bibele e ka o thusang hore o matlafatse lenyalo la hao?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke dintho dife tse ka o thusang hore o be le lelapa le thabileng.

Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao (bukana)

Shebella video ya mmino e bontshang ditlhohonolofatso tsa ho sebedisa dikeletso tsa Modimo lenyalong la hao.

Lerato le Tukang (4:26)

Ithute hore na ho bolelang ho hlompha boikarabelo boo monna a nang le bona ba ho etella lelapa pele.

“Basadi, ke Hobaneng ha le Lokela ho Ikokobelletsa Bohlooho?” (Molula-Qhooa, May 15, 2010)

Banyalani ba bang ba ile ba tsosolosa lenyalo la bona jwang le hoja ba ne ba se ba hlalane?

Ka Thuso ya Jehova re Tsosolositse Lenyalo la Rona (5:14)