Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 50

Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2

Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2

Bana ke mpho e tsoang ho Jehova. O lebeletse hore batsoali ba baballe mpho ena. Jehova o fana ka keletso e ka thusang batsoali hore ba etse joalo. Keletso eo e ka boela ea thusa bana hore ba etse hore ho be le thabo ka lapeng.

1. Jehova o fa batsoali keletso efe?

Jehova o lebeletse hore batsoali ba rate bana ba bona ’me ba qete nako e ngata le bona kahohle kamoo ba ka khonang. Jehova o boetse o lebeletse hore batsoali ba sireletse bana ba bona ’me ba sebelise keletso ea Bibele ha ba ba holisa. (Liproverbia 1:8) O re ho bo-ntate: “Le tsoele pele ho holisa [bana ba lona] ka . . . kelello e laoloang ke Jehova.” (Bala Baefese 6:4.) Jehova oa thaba ha batsoali ba mamela tataiso ea hae ha ba holisa bana ’me ba sa fe batho ba bang boikarabelo ba hore ba ba holisetse bona.

2. Jehova o fa bana keletso efe?

Jehova o re ho bana: “Le mamele batsoali ba lona.” (Bala Bakolose 3:​20.) Ha bana ba hlompha ebile ba mamela batsoali ba bona, ba thabisa Jehova le batsoali ba bona. (Liproverbia 23:​22-25) Jesu o ile a beha mohlala o motle ha e ne e le ngoana. Le hoja a ne a phethahetse, o ile a hlompha le ho mamela batsoali ba hae.​—Luka 2:​51, 52.

3. U ka etsa’ng hore lelapa la hao le lule le rata Molimo?

Haeba u motsoali, ha ho pelaelo hore u batla hore bana ba hao ba rate Jehova joaloka uena. U ka etsa’ng hore u ba thuse? Bibele e re u lokela ho ba ruta mantsoe a Jehova “ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng.” (Deuteronoma 6:7) Ka mantsoe a mang, u lokela ho ba ruta ntho e le ’ngoe hangata. E ka ’na eaba u se u ntse u tseba hore ngoana u lokela ho mo bolella ntho e le ’ngoe hangata e le hore a tle a e hopole. Lengolo lena le bontša hore kamehla u lokela ho batla menyetla ea ho bua le bana ba hao ka Jehova. Ke hantle hore beke le beke lelapa le ipehele nako ea hore le ithute ka Jehova. Le haeba ha u na bana, ho ipehela nako ka thoko beke le beke hore u ithute ka Molimo ho tla u tsoela molemo.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Hlokomela lintho tse ka thusang bohle ka lapeng hore ba ikutloe ba sireletsehile ebile ba thabile.

4. Holisa bana ba hao ka lerato

Ho holisa bana ha ho bonolo. Bibele e ka thusa joang? Bala Jakobo 1:​19, 20 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Batsoali ba ka bontša lerato joang ha ba bua le bana ba bona?

  • Ke hobane’ng ha motsoali a sa lokela ho khalemela ngoana ha a halefile? a

5. Sireletsa bana ba hao

E le hore u sireletse bana ba hao, ke habohlokoa hore u bue le bona ka thobalano. Taba ena e ka ba thata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Ke hobane’ng ha ho le thata ho batsoali ba bang hore ba bue le bana ba bona ka thobalano?

  • Batsoali ba bang ba entse’ng e le hore ba bue le bana ba bona ka thobalano?

Joalokaha Bibele e profetile, lefatše lena la Satane le ntse le e-ba khopo le ho feta. Bala 2 Timothea 3:​1, 13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ba bang ba batho bao ba khopo bao ho buuoeng ka bona temaneng ea 13 ba hlekefetsa bana ka thobalano. Kahoo, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batsoali ba rute bana ba bona ka thobalano le ho ba ruta ho itšireletsa khahlanong le batho ba hlekefetsang bana?

Na u ne u tseba?

Lipaki Tsa Jehova li etsa livideo le lingoloa ho thusa batsoali ho ruta bana ka thobalano le ho ba thusa hore ba sireletse bana ba bona khahlanong le batho ba ka ba hlekefetsang. Ka mohlala, sheba:

6. Hlompha batsoali ba hao

Bana ba lokela ho bontša hore ba hlompha batsoali ba bona ka tsela eo ba buang le bona ka eona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bana ba buisane le batsoali ba bona ka tlhompho?

  • Ke joang ngoana a ka buang le batsoali ba hae ka tsela e bontšang hore oa ba hlompha?

Bala Liproverbia 1:8 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ngoana o lokela ho etsa’ng ha motsoali a mo bolella hore na a etse’ng?

7. Ithuteng ka Jehova le le lelapa

Beke le beke malapa a Lipaki Tsa Jehova a ipehela nako ea hore a ithute ka Jehova. A ithuta ka Jehova joang? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Lelapa le ka etsa’ng hore le lule le e-na le Borapeli ba Lelapa beke le beke?

  • Motsoali a ka etsa’ng hore batho bohle ba thabele Borapeli ba Lelapa ’me bo ba tsoele molemo? ​—Sheba setšoantšo se qalong ea khaolo ena.

  • Ke’ng e ka etsang hore ho be thata hore lelapa le ithute ka Jehova hammoho?

Jehova o ne a lebeletse hore malapa a Baiseraele ba mehleng ea khale a buisane ka Mangolo kamehla. Bala Deuteronoma 6:​6, 7 ebe le buisana ka potso ena:

  • U ka sebelisa keletso ee joang?

Mehlala ea lintho tseo le ka li etsang borapeling ba lelapa:

  • Lokisetsang liboka.

  • Bala pale ea Bibele eo lelapa la hao le ka e thabelang ebe le buisana ka eona.

  • Haeba u na le bana ba banyenyane, daonlouda kapa u printe e ’ngoe ea lingoloa tse bontšang lintho tseo bana ba ka li etsang tse hlahang ho jw.org.

  • Haeba bana ba hao ke bacha, buang ka se seng sa lihlooho tsa bacha tse hlahang ho jw.org.

  • Etsa tšoantšiso ea pale e ka Bibeleng le bana ba hao.

  • Shebellang video e hlahang ho jw.org ’me le buisane ka eona.

BATHO BA BANG BA RE: “Bibele e thata haholo hore bana ba ka e utloisisa.”

  • Uena u ka re’ng?

KAKARETSO

Jehova o lebeletse hore batsoali ba holise bana ba bona, ba ba rate ’me ba ba sireletse. Ka lehlakoreng le leng, o lebeletse hore bana ba hlomphe batsoali ba bona ’me ba ba mamele. Hape o batla hore malapa a ithute ka eena.

Re Ithutile’ng?

  • Batsoali ba ka holisa bana le ho ba sireletsa joang?

  • Bana ba ka bontša joang hore ba hlompha batsoali ba bona?

  • Melemo ea ho ipha nako beke le beke ea ho ithuta ka Jehova le le lelapa ke efe?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ke lithuto life tse tla thusa ngoana oa hao leha a se a holile?

“Ruta Ngoana oa Hao Lithuto Tsena Tse Tšeletseng” (Tsoha! No. 2 2019)

Ithute hore na Bibele e fana ka likeletso life tse ka thusang batho ba hlokomelang batsoali ba bona ba seng ba holile.

“Bibele e Re’ng ka ho Hlokomela Batsoali ba Seng ba Holile?” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na ke’ng e thusitseng ntate e mong ea neng a sa tsebe ho holisa bana hore a holise bana hantle.

Ke Jehova ea re Rutileng ho Holisa Bana ba Rona (5:​58)

Hlokomela hore na bo-ntate ba ka etsa’ng e le hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le bara ba bona.

“Bo-Ntate ba ka Lula ba le Haufi le Bara ba Bona Joang?” (Molula-Qhooa, November 1, 2011)

a Ka Bibeleng ho khalemela ho bolela ho ruta ngoana, ho mo tataisa le ho mo thusa hore a fetole monahano kapa boitšoaro ba hae bo fosahetseng. Ha ho bolele ho hlekefetsa bana kapa ho ba sehloho.​—Liproverbia 4:1.