Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 50

Lelapa la Hao le ka Thaba Jwang?​Karolo ya 2

Lelapa la Hao le ka Thaba Jwang?​Karolo ya 2

Bana ke mpho e tswang ho Jehova. O lebeletse hore batswadi ba baballe mpho ena. Jehova o fana ka keletso e ka thusang batswadi hore ba etse jwalo. Keletso eo e ka boela ya thusa bana hore ba etse hore ho be le thabo ka lapeng.

1. Jehova o fa batswadi keletso efe?

Jehova o lebeletse hore batswadi ba rate bana ba bona mme ba qete nako e ngata le bona ka hohle ka moo ba ka kgonang. Jehova o boetse o lebeletse hore batswadi ba sireletse bana ba bona mme ba sebedise keletso ya Bibele ha ba ba hodisa. (Liproverbia 1:8) O re ho bontate: ‘Le tswele pele ho hodisa [bana ba lona] ka . . . kelello e laolwang ke Jehova.’ (Bala Baefese 6:4.) Jehova o a thaba ha batswadi ba mamela tataiso ya hae ha ba hodisa bana mme ba sa fe batho ba bang boikarabelo ba hore ba ba hodisetse bona.

2. Jehova o fa bana keletso efe?

Jehova o re ho bana: “Le mamele batswadi ba lona.” (Bala Bakolose 3:20.) Ha bana ba hlompha ebile ba mamela batswadi ba bona, ba thabisa Jehova le batswadi ba bona. (Liproverbia 23:22-25) Jesu o ile a beha mohlala o motle ha e ne e le ngwana. Le hoja a ne a phethahetse, o ile a hlompha le ho mamela batswadi ba hae.​—Luka 2:51, 52.

3. O ka etsang hore lelapa la hao le dule le rata Modimo?

Haeba o motswadi, ha ho pelaelo hore o batla hore bana ba hao ba rate Jehova jwalo ka wena. O ka etsang hore o ba thuse? Bibele e re o lokela ho ba ruta mantswe a Jehova “ka ho phetapheta mme o bue ka ona ha o dutse ka tlung ya hao le ha o tsamaya tseleng.” (Deuteronoma 6:7) Ka mantswe a mang, o lokela ho ba ruta ntho e le nngwe hangata. E ka nna yaba o se o ntse o tseba hore ngwana o lokela ho mo bolella ntho e le nngwe hangata e le hore a tle a e hopole. Lengolo lena le bontsha hore ka mehla o lokela ho batla menyetla ya ho bua le bana ba hao ka Jehova. Ke hantle hore beke le beke lelapa le ipehele nako ya hore le ithute ka Jehova. Le haeba ha o na bana, ho ipehela nako ka thoko beke le beke hore o ithute ka Modimo ho tla o tswela molemo.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Hlokomela dintho tse ka thusang bohle ka lapeng hore ba ikutlwe ba sireletsehile ebile ba thabile.

4. Hodisa bana ba hao ka lerato

Ho hodisa bana ha ho bonolo. Bibele e ka thusa jwang? Bala Jakobo 1:19, 20 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Batswadi ba ka bontsha lerato jwang ha ba bua le bana ba bona?

  • Ke hobaneng ha motswadi a sa lokela ho kgalemela ngwana ha a halefile? a

5. Sireletsa bana ba hao

E le hore o sireletse bana ba hao, ke habohlokwa hore o bue le bona ka thobalano. Taba ena e ka ba thata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Ke hobaneng ha ho le thata ho batswadi ba bang hore ba bue le bana ba bona ka thobalano?

  • Batswadi ba bang ba entseng e le hore ba bue le bana ba bona ka thobalano?

Jwalo ka ha Bibele e profetile, lefatshe lena la Satane le ntse le ba kgopo le ho feta. Bala 2 Timothea 3:1, 13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ba bang ba batho ba kgopo bao ho buuweng ka bona temaneng ya 13 ba hlekefetsa bana ka thobalano. Ka hoo, ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore batswadi ba rute bana ba bona ka thobalano le ho ba ruta ho itshireletsa kgahlanong le batho ba hlekefetsang bana?

Na o ne o tseba?

Dipaki Tsa Jehova di etsa divideo le dingolwa ho thusa batswadi ho ruta bana ka thobalano le ho ba thusa hore ba sireletse bana ba bona kgahlanong le batho ba ka ba hlekefetsang. Ka mohlala, sheba:

6. Hlompha batswadi ba hao

Bana ba lokela ho bontsha hore ba hlompha batswadi ba bona ka tsela eo ba buang le bona ka yona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore bana ba buisane le batswadi ba bona ka tlhompho?

  • Ke jwang ngwana a ka buang le batswadi ba hae ka tsela e bontshang hore o a ba hlompha?

Bala Liproverbia 1:8 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ngwana o lokela ho etsang ha motswadi a mo bolella hore na a etseng?

7. Ithuteng ka Jehova le le lelapa

Beke le beke malapa a Dipaki Tsa Jehova a ipehela nako ya hore a ithute ka Jehova. A ithuta ka Jehova jwang? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Lelapa le ka etsang hore le dule le na le Borapedi ba Lelapa beke le beke?

  • Motswadi a ka etsang hore batho bohle ba thabele Borapedi ba Lelapa mme bo ba tswele molemo?​—Sheba setshwantsho se qalong ya kgaolo ena.

  • Keng e ka etsang hore ho be thata hore lelapa le ithute ka Jehova ha mmoho?

Jehova o ne a lebeletse hore malapa a Baiseraele ba mehleng ya kgale a buisane ka Mangolo ka mehla. Bala Deuteronoma 6:6, 7 ebe le buisana ka potso ena:

  • O ka sebedisa keletso ee jwang?

Mehlala ya dintho tseo le ka di etsang borapeding ba lelapa:

  • Lokisetsang diboka.

  • Bala pale ya Bibele eo lelapa la hao le ka e thabelang ebe le buisana ka yona.

  • Haeba o na le bana ba banyenyane, downloauda kapa o printe e nngwe ya dingolwa tse bontshang dintho tseo bana ba ka di etsang tse hlahang ho jw.org.

  • Haeba bana ba hao ke batjha, buang ka se seng sa dihlooho tsa batjha tse hlahang ho jw.org.

  • Etsa tshwantshiso ya pale e ka Bibeleng le bana ba hao.

  • Shebellang video e hlahang ho jw.org mme le buisane ka yona.

BATHO BA BANG BA RE: “Bibele e thata haholo hore bana ba ka e utlwisisa.”

  • Wena o ka reng?

KAKARETSO

Jehova o lebeletse hore batswadi ba hodise bana ba bona, ba ba rate mme ba ba sireletse. Ka lehlakoreng le leng, o lebeletse hore bana ba hlomphe batswadi ba bona mme ba ba mamele. Hape o batla hore malapa a ithute ka yena.

Re Ithutileng?

  • Batswadi ba ka hodisa bana le ho ba sireletsa jwang?

  • Bana ba ka bontsha jwang hore ba hlompha batswadi ba bona?

  • Melemo ya ho ipha nako beke le beke ya ho ithuta ka Jehova le le lelapa ke efe?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ke dithuto dife tse tla thusa ngwana wa hao le ha a se a hodile?

“Dintlha Tse 6 Tseo Bana ba Lokelang ho Ithuta Tsona” (Fadimehang! No. 2 2019)

Ithute hore na Bibele e fana ka dikeletso dife tse ka thusang batho ba hlokomelang batswadi ba bona ba seng ba hodile.

“Bibele e Reng ka ho Hlokomela Batswadi ba Seng ba Hodile?” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na keng e thusitseng ntate e mong ya neng a sa tsebe ho hodisa bana hore a hodise bana hantle.

Ke Jehova ya re Rutileng ho Hodisa Bana ba Rona (5:58)

Hlokomela hore na bontate ba ka etsang e le hore ba dule ba na le kamano e ntle le bara ba bona.

“Bontate ba ka Dula ba le Haufi le Bara ba Bona Jwang?” (Molula-Qhooa, November 1, 2011)

a Ka Bibeleng ho kgalemela ho bolela ho ruta ngwana, ho mo tataisa le ho mo thusa hore a fetole monahano kapa boitshwaro ba hae bo fosahetseng. Ha ho bolele ho hlekefetsa bana kapa ho ba sehloho.​—Liproverbia 4:1.