Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 51

Bua le Batho ba Bang ka Tsela e Tla Thabisa Jehova

Bua le Batho ba Bang ka Tsela e Tla Thabisa Jehova

Jehova o re bopelletse le mpho ea bohlokoa e leng bokhoni ba ho bua. Na oa tsotella hore na re sebelisa mpho eo joang? Ho joalo. (Bala Jakobo 1:​26.) Kahoo, ke joang lintho tseo re li buang li ka thabisang Jehova?

1. Re lokela ho sebelisa mpho ea ho bua joang?

Bibele e re ‘re ’ne re tšelisane le ho hahana.’ (1 Bathesalonika 5:​11) Na ho na le motho eo u mo tsebang ea hlokang ho khothatsoa? U ka etsa’ng ho mo khothatsa? Mo tiisetse hore oa mo khathalla. U ka mo bolella hore na ke’ng ntho eo u e ratang ka eena. Ke lengolo lefe leo u ka khothatsang motho e mong eo u mo tsebang ka lona? Ho na le mangolo a mangata ao u ka khethang ho ’ona. Hape hopola hore tsela eo u buang ka eona le eona e ka khothatsa batho ba bang haholo. Kahoo, ka linako tsohle leka ho bua le ba bang ka tsela e mosa le e bonolo.​—Liproverbia 15:1.

2. Re lokela ho qoba lipuo tsa mofuta ofe?

Bibele e re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lona.” (Bala Baefese 4:​29.) Sena se bolela hore ha re rohakane kapa ho buisa batho ba bang hampe le ka tsela e tla ba utloisa bohloko. Re boetse re lokela ho qoba ho seba le ho senya batho ba bang lebitso.​—Bala Liproverbia 16:28.

3. Ke’ng e tla re thusa ho bua le batho ba bang ka tsela e khothatsang?

Hangata lintho tseo re li buang li bontša hantle se ka pelong kapa lintho tseo re li nahanang. (Luka 6:​45) Kahoo re lokela ho itloaetsa ho nahana ka lintho tse ntle e leng lintho tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang le tse lokeloang ke thoriso. (Bafilipi 4:8) E le hore re khone ho etsa sena, re lokela ho khetha ka hloko metsoalle le lintho tseo re li mamelang le ho li shebella. (Liproverbia 13:​20) Ntho e ’ngoe e ka re thusang ke ho nahana pele re bua. Nahana ka hore na mantsoe a hao a tla ama batho ba bang joang. Bibele e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.”​—Liproverbia 12:18.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute ho bua ka tsela e tla thabisa Jehova le e tla khothatsa batho ba bang.

4. Laola tsela eo u buang ka eona

Ka linako tse ling re bua lintho ebe hamorao re ikoahlaela tsona. (Jakobo 3:2) Bala Bagalata 5:​22, 23 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Makhabaneng aa u ka rata ho rapella afe a tla u thusa hore u laole lintho tseo u li buang? Makhabane ao a tla u thusa joang?

Bala 1 Bakorinthe 15:​33 ebe le buisana ka potso ena:

  • Metsoalle ea hao le lintho tseo u li mamelang le ho li shebella li ka ama tsela eo u buang ka eona joang?

Bala Moeklesia 3:​1, 7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke neng ho ka bang bohlale hore u thole kapa u emele nako e nepahetseng e le hore u bue ntho e itseng?

5. Bua lintho tse ntle ka batho ba bang

Ke joang re ka qobang ho bua ka tsela e seng mosa kapa ho hlaba batho ba bang ka mantsoe? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke hobane’ng ha ntate eo a ne a batla ho fetola tsela eo a buang le batho ba bang ka eona?

  • O ile a e fetola joang?

Bala Moeklesia 7:​16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re lokela ho hopola’ng ha re tleloa ke monahano oa ho bua motho e mong hampe?

Bala Moeklesia 7:​21, 22 ebe le buisana ka potso ena:

  • Litemana tsee li ka u thusa joang hore u se ke oa utloa bohloko ha batho ba bang ba u bua hampe?

6. E-ba mosa ha u bua le ba lelapa

Jehova o batla hore re buisane le litho tsa lelapa ka tsela e mosa le e lerato. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ke’ng e tla u thusa hore u bue ka mosa le litho tsa lelapa?

Bala Baefese 4:​31, 32 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re lokela ho bua joang le litho tsa lelapa e le hore li ikutloe li ratoa ebile li ananeloa?

Jehova o ile a hlalosa hore na o ikutloa joang ka Mora oa hae Jesu. Bala Matheu 17:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • U ka etsisa Jehova joang ha u buisana le litho tsa lelapa?

Batla litsela tsa ho babatsa batho ba bang

BATHO BA BANG BA RE: “Ke bua ntho eo ke e batlang. Ha se taba ea ka ha batho ba bang ba sa e rate.”

  • Na u lumellana le batho bao? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

KAKARETSO

Mantsoe a na le matla a ho thusa batho kapa a ho ba utloisa bohloko. Re lokela ho nahana ka hloko hore na re bua eng, re e bua neng le hore na re e bua joang.

Re Ithutile’ng?

  • Ke joang re ka buang le batho ka tsela e tla ba thusa?

  • U lokela ho qoba ho bua lintho tse joang?

  • Ke’ng e ka re thusang hore re lule re bua ka tsela e mosa le e khothatsang batho ba bang?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ke’ng e ka re thusang ho bua ka tsela e khothatsang batho ba bang?

Bua Lipuo Tsa ba Bohlale (8:​04)

Ithute hore na u ka thusoa ke’ng ho qoba ho rohakana.

“Na Ehlile ho Rohakana ke Phoso?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na u ka etsa’ng e le hore u qobe ho bua batho ba bang hampe.

Nka Tlohela ho Seba Batho ba Bang Joang? (2:​36)

Hlokomela hore na Jehova o thusitse ntate e mong joang hore a tlohele ho rohakana.

“Ke Ile ka Qala ho Nahana ka Botebo Hore na ke Phelela’ng” (Molula-Qhooa, August 1, 2013)