Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 51

Bua le Batho ba Bang ka Tsela e Tla Thabisa Jehova

Bua le Batho ba Bang ka Tsela e Tla Thabisa Jehova

Jehova o re bopelletse le mpho ya bohlokwa e leng bokgoni ba ho bua. Na o a tsotella hore na re sebedisa mpho eo jwang? Ho jwalo. (Bala Jakobo 1:26.) Ka hoo, ke jwang dintho tseo re di buang di ka thabisang Jehova?

1. Re lokela ho sebedisa mpho ya ho bua jwang?

Bibele e re ‘re nne re tshedisane le ho hahana.’ (1 Bathesalonika 5:11) Na ho na le motho eo o mo tsebang ya hlokang ho kgothatswa? O ka etsang ho mo kgothatsa? Mo tiisetse hore o a mo kgathalla. O ka mo bolella hore na keng ntho eo o e ratang ka yena. Ke lengolo lefe leo o ka kgothatsang motho e mong eo o mo tsebang ka lona? Ho na le mangolo a mangata ao o ka kgethang ho ona. Hape hopola hore tsela eo o buang ka yona le yona e ka kgothatsa batho ba bang haholo. Ka hoo, ka dinako tsohle leka ho bua le batho ka tsela e mosa le e bonolo.​—Liproverbia 15:1.

2. Re lokela ho qoba dipuo tsa mofuta ofe?

Bibele e re: “Polelo e bodileng e se ke ya tswa melomong ya lona.” (Bala Baefese 4:29.) Sena se bolela hore ha re rohakane kapa ho buisa batho ba bang hampe le ka tsela e tla ba utlwisa bohloko. Re boetse re lokela ho qoba ho seba le ho senya batho ba bang lebitso.​—Bala Liproverbia 16:28.

3. Keng e tla re thusa ho bua le batho ba bang ka tsela e kgothatsang?

Hangata dintho tseo re di buang di bontsha hantle se ka pelong kapa dintho tseo re di nahanang. (Luka 6:45) Ka hoo re lokela ho itlwaetsa ho nahana ka dintho tse ntle e leng dintho tse lokileng, tse hlwekileng, tse ratehang le tse lokelwang ke thoriso. (Bafilipi 4:8) E le hore re kgone ho etsa sena, re lokela ho kgetha ka hloko metswalle le dintho tseo re di mamelang le ho di shebella. (Liproverbia 13:20) Ntho e nngwe e ka re thusang ke ho nahana pele re bua. Nahana ka hore na mantswe a hao a tla ama batho ba bang jwang. Bibele e re: “Ho na le ya buang a sa nahane jwalo ka ha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke phodiso.”​—Liproverbia 12:18.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute ho bua ka tsela e tla thabisa Jehova le e tla kgothatsa batho ba bang.

4. Laola tsela eo o buang ka yona

Ka dinako tse ding re bua dintho ebe ha morao re ikwahlaela tsona. (Jakobo 3:2) Bala Bagalata 5:22, 23 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Makgabaneng aa o ka rata ho rapella afe a tla o thusa hore o laole dintho tseo o di buang? Makgabane ao a tla o thusa jwang?

Bala 1 Bakorinthe 15:33 ebe le buisana ka potso ena:

  • Metswalle ya hao le dintho tseo o di mamelang le ho di shebella di ka ama tsela eo o buang ka yona jwang?

Bala Moeklesia 3:1, 7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke neng ho ka bang bohlale hore o thole kapa o emele nako e nepahetseng e le hore o bue ntho e itseng?

5. Bua dintho tse ntle ka batho ba bang

Ke jwang re ka qobang ho bua ka tsela e seng mosa kapa ho hlaba batho ba bang ka mantswe? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Videong ee, ke hobaneng ha ntate eo a ne a batla ho fetola tsela eo a buang le batho ba bang ka yona?

  • O ile a e fetola jwang?

Bala Moeklesia 7:16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re lokela ho hopolang ha re tlelwa ke monahano wa ho bua motho e mong hampe?

Bala Moeklesia 7:21, 22 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ditemana tsee di ka o thusa jwang hore o se ke wa utlwa bohloko ha batho ba bang ba o bua hampe?

6. Eba mosa ha o bua le ba lelapa

Jehova o batla hore re buisane le ditho tsa lelapa ka tsela e mosa le e lerato. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Keng e tla o thusa hore o bue ka mosa le ditho tsa lelapa?

Bala Baefese 4:31, 32 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re lokela ho bua jwang le ditho tsa lelapa e le hore di ikutlwe di ratwa ebile di ananelwa?

Jehova o ile a hlalosa hore na o ikutlwa jwang ka Mora wa hae Jesu. Bala Matheu 17:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • O ka etsisa Jehova jwang ha o buisana le ditho tsa lelapa?

Batla ditsela tsa ho babatsa batho ba bang

BATHO BA BANG BA RE: “Ke bua ntho eo ke e batlang. Ha se taba ya ka ha batho ba bang ba sa e rate.”

  • Na o dumellana le batho bao? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

KAKARETSO

Mantswe a na le matla a ho thusa batho kapa a ho ba utlwisa bohloko. Re lokela ho nahana ka hloko hore na re bua eng, re e bua neng le hore na re e bua jwang.

Re Ithutileng?

  • Ke jwang re ka buang le batho ka tsela e tla ba thusa?

  • O lokela ho qoba ho bua dintho tse jwang?

  • Keng e ka re thusang hore re dule re bua ka tsela e mosa le e kgothatsang batho ba bang?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Keng e ka re thusang ho bua ka tsela e kgothatsang batho ba bang?

Bua Dipuo Tsa ba Bohlale (8:04)

Ithute hore na o ka thuswa keng ho qoba ho rohakana.

“Na Ehlile ho Rohakana ke Phoso?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na o ka etsang e le hore o qobe ho bua batho ba bang hampe.

Nka Tlohela ho Seba Batho ba Bang Jwang? (2:36)

Hlokomela hore na Jehova o thusitse ntate e mong jwang hore a tlohele ho rohakana.

“Ke ile ka Qala ho Nahana ka Botebo Hore na ke Phelelang” (Molula-Qhooa, August 1, 2013)