Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 52

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?

Kaofela re rata ho ikhethela hore na re tla apara’ng le hore na re tla itokisa joang. Haeba re mamela lithuto tsa Bibele, re ntse re ka khona ho ikhethela hore na re tla apara’ng re be re thabise Jehova. A re boneng hore na Bibele e re’ng ka taba ena.

1. Ke lintlha life tse tsoang ka Bibeleng tse ka re thusang ha re khetha hore na re tla apara joang?

Re lokela ho apara ka tsela e “hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong,” ’me re lule re hloekile re bontše hore re “fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Timothea 2:​9, 10) Nahana ka lintlha tsena tse ’nè: (1) Moaparo oa rona e lokela ho ba o “hlophehileng hantle.” Joalokaha u bone libokeng tsa rona, batho ba Jehova ba na le litsela tse sa tšoaneng tsa ho itokisa. Empa moaparo oa rona le tsela eo re lokisang moriri ka eona, e bontša hore re hlompha Molimo eo re mo rapelang. (2) Ho apara “ka boitlhompho,” ho bolela hore tsela eo re shebahalang ka eona ha e etse hore batho ba bang ba be le maikutlo a fosahetseng ebile ha e etse hore ba shebe rona feela. (3) Re bontša “ho hlaphoheloa kelellong” ka hore re se ke ra latela feshene e ’ngoe le e ’ngoe e kenang. (4) Kamehla tsela eo re shebahalang ka eona e lokela ho bontša hore re fa “Molimo tlhompho ea borapeli,” e le hore batho ba bang ba ka bona hore re rapela Molimo oa ’nete.​—1 Bakorinthe 10:31.

2. Tsela eo re shebahalang ka eona e ka ama balumeli-’moho le rona joang?

Le hoja re e-na le bolokolohi ba ho khetha hore na re batla ho apara’ng, re lokela ho nahana hore na tsela eo re aparang ka eona e tla ama batho ba bang joang. Re leka kahohle hore ho se ke ha e-ba le motho eo re mo khopisang empa re “khahlise moahelani oa [rona] ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.”​—Bala Baroma 15:​1, 2.

3. Ke joang tsela eo re shebahalang ka eona e ka etsang hore batho ba batle ho ithuta ka Jehova?

Kamehla re leka ho apara ka tsela e loketseng maemo a fapaneng, empa ha re ea libokeng le ha re il’o buisana le batho ka Bibele, re ela hloko le ho feta hore na re shebahala joang. Ha re batle hore batho ba sitoe ho mamela molaetsa oa rona ka lebaka la tsela eo re apereng ka eona. Empa re batla hore moaparo oa rona o etse hore batho ba batle ho ithuta ka Molimo le hore o ‘khabise thuto ea Mopholosi oa rona.’​—Tite 2:10.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke joang re ka etsang bonnete ba hore tsela eo re aparang ka eona e loketse Bakreste.

Tsela eo re shebahalang ka eona e ka bontša hore na re hlompha ba boholong kapa che. Ke ’nete hore Jehova o bona se ka lipelong tsa rona, empa tsela eo re shebahalang ka eona le eona e lokela ho bontša hore rea mo hlompha

4. Ha re shebahala hantle re bontša hore re hlompha Jehova

Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re ele hloko tsela eo re shebahalang ka eona ke lefe? Bala Pesaleme ea 47:2 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ho hopola hore moaparo oa rona o ama tsela eo batho ba bang ba nkang Jehova ka eona ho lokela ho etsa hore re apare joang?

  • Na u nahana hore re lokela ho ela hloko tsela eo re aparang ka eona ha re ea libokeng le ha re ea mosebetsing oa ho ruta batho Bibele? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

5. Ke’ng e ka re thusang hore re apare re be re itokise hantle?

Bapala VIDEO.

Ebang liaparo tsa rona lia tura kapa ke tsa theko e tlaase, li lokela ho lula li hloekile ebile li loketse liketsahalo tseo re leng ho tsona. Bala 1 Bakorinthe 10:​24 le 1 Timothea 2:​9, 10. Ka mor’a moo buisanang ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho apara . . .

  • ka tsela e bohlasoa kapa e bontšang ho se tsotelle.

  • liaparo tse penyang, tse sa koaheleng ’mele hantle kapa tse etsang hore batho ba bang ba be le menahano e fosahetseng.

Le hoja Bakreste ba se tlas’a molao oo Molimo a neng a o file Moshe, molao oo o ba ruta hore na Jehova o ikutloa joang. Bala Deuteronoma 22:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba moaparo o etsang hore banna ba shebahale joaloka basali kapa basali ba shebahale joaloka banna?

Bala 1 Bakorinthe 10:​32, 33 le 1 Johanne 2:​15, 16 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko hore tsela eo re aparang ka eona e se ke ea khopisa batho ba sebakeng seo re lulang ho sona kapa batho ba bang ka phuthehong?

  • Ke mekhoa efe ea ho apara le ho itokisa e tloaelehileng sebakeng seo u lulang ho sona?

  • Na u nahana hore mekhoa e meng ha ea lokela Bakreste? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Re ntse re ka khona ho apara ka litsela tse ngata tse fapaneng empa e le tse thabisang Jehova

BATHO BA BANG BA RE: “Ke na le tokelo ea ho apara ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e batlang.”

  • Na u lumellana le bona? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

KAKARETSO

Ha re etsa liqeto tse nepahetseng tabeng ea moaparo re bontša hore re hlompha Jehova le batho ba bang.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha tsela eo re shebahalang ka eona e le ea bohlokoa ho Jehova?

  • Ke lintlha life tse hlahang ka Bibeleng tse ka re thusang hore re etse liqeto tse nepahetseng tabeng ea hore na re shebahala joang?

  • Tsela eo re shebahalang ka eona e ka etsa hore batho ba nahane joang ka bolumeli ba ’nete?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bona hore na batho ba bang ba ka nahana’ng ka uena ha ba bona moaparo oa hao.

“Ke Shebahala Joang?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho nahana ka litla-morao pele u ka etsa tattoo.

“Bibele e Re’ng ka Li-tattoo? (Sehlooho se websaeteng)

Ithute lintlha tse ling tse tsoang ka Bibeleng tse ka re thusang ha re etsa liqeto.

“Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?” (Molula-Qhooa, September 2016)

Ke’ng e ileng ea thusa ’mè e mong hore a ithute ho amohela tsela eo batho ba bang ba aparang ka eona?

“Ke ne ke Khopisoa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Eona” (Tsoha!, December 22, 2003)